Jeremia
30 Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova, le re: 2 “Sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng, ‘Ingolle mantsoe ’ohle ao ke tla u bolella ’ona bukeng.+ 3 Etsoe, “bona! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “’me ke tla bokella baholehuoa ba sechaba sa ka, Iseraele le Juda,”+ ho boletse Jehova, “’me ke tla ba khutlisetsa naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona, ’me ka sebele ba tla e rua hape.”’”+
4 Ana ke mantsoe ao Jehova a a boleletseng Iseraele le Juda. 5 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Re utloile molumo oa ho thothomela, tšabo,+ ’me ha ho na khotso. 6 Ka kōpo, botsang, ’me le bone hore na motho e motona oa beleha. Ke hobane’ng ha ke bone monna e mong le e mong ea shahlileng a itšoere thekeng joaloka mosali ea belehang,+ ’me lifahleho tsohle li pulufetse?+ 7 Oho! Etsoe letsatsi leo ke le leholo,+ hoo ho seng le joaloka lona,+ ’me ke nako ea mahlomola bakeng sa Jakobo.+ Empa o tla pholosoa ho ’ona.”
8 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla roba joko ea motho molaleng oa hao, ’me ke khaole marapo a hao likoto tse peli,+ ’me basele ha ba sa tla hlola ba mo hanyapetsa joaloka mohlanka. 9 Ka sebele ba tla sebeletsa Jehova Molimo oa bona le morena oa bona Davida,+ eo ke tla ba hlahisetsa eena.”+
10 “Ha e le uena, u se ke ua tšaba, Uena mohlanka oa ka Jakobo,” ho bolela Jehova, “’me u se ke ua tšoha, Uena Iseraele.+ Etsoe bona! ke u pholosa u le hōle le bana ba hao naheng ea kholeho ea bona.+ Ka sebele Jakobo o tla khutla ’me a se ke a khathatsoa ’me a lule ka boiketlo, ’me ha ho na ea tla baka ho thothomela.”+
11 “Etsoe ke na le uena,” ho bolela Jehova, “ho u pholosa;+ empa ke tla felisa lichaba tsohle tseo ke u hasanyelitseng ho tsona.+ Leha ho le joalo, ha e le uena nke ke ka u felisa.+ Ke tla lokela ho u khalemela ka tekanyo e loketseng, kaha ho hang nke ke ka u tlohela u sa fuoe kotlo.”+
12 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng: “Ha ho na pheko bakeng sa ho sithabela ha hao.+ Leqeba la hao ke le sa foleng.+ 13 Ha ho na ea kōpang ka tieo nyeoeng ea hao, bakeng sa seso sa hao.+ Ha ho na mokhoa oa ho folisa, le phekolo, bakeng sa hao.+ 14 Bohle ba u ratang haholo ke bona ba u lebetseng.+ Hase uena eo ba ntseng ba mo batla. Etsoe ke u otlile ka chapo ea sera,+ ka chapo ea ea sehlōhō,+ ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata;+ libe tsa hao li ngatafetse.+ 15 Ke hobane’ng ha u hoeletsa ka lebaka la ho sithabela ha hao?+ Bohloko ba hao ke bo sa phekoleheng ka lebaka la liphoso tsa hao tse ngata; libe tsa hao li ngatafetse.+ Ke u entse lintho tsena. 16 Ka hona bohle ba u harolang ba tla haroloa;+ ha e le bahanyetsi bohle ba hao, kaofela ba tla ea kholehong.+ Ka sebele ba u nkelang thepa ka mahahapa ba tla nkeloa thepa ka mahahapa, ’me bohle ba u tlatlapang ke tla nehelana ka bona hore e be se tlatlapuoeng.”+
17 “Etsoe ke tla u folisa, ’me ke tla u phekola maqebeng a hao,”+ ho bolela Jehova. “Etsoe ba u bitsitse mosali ea lelekiloeng:+ ‘Ke Sione, eo ho se nang ea e batlang.’”+
18 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke bokella baholehuoa ba litente tsa Jakobo,+ ’me ke tla hauhela litabernakele tsa eona. Motse o tla tsosolosoa holim ’a tutulu ea oona;+ ’me tora ea bolulo e tla lula setšeng sa eona se loketseng.+ 19 Ho bona ho tla tsoa liteboho, le molumo oa ba tšehang.+ Ke tla ba atisa, ’me ba ke ke ba fokola;+ ke tla etsa hore palo ea bona e be e ngata, ’me e ke ke ea e-ba bao e seng ba bohlokoa.+ 20 Bara ba hae ba tla ba joaloka linakong tsa pele, ’me phutheho ea hae e tla tiisoa ka thata ka pel’a ka.+ Ke tla lebisa tlhokomelo ea ka ho bahatelli bohle ba hae.+ 21 Ka sebele ea hlomphehang oa hae o tla tsoa ho eena,+ ’me ’musi oa hae o tla tloha ho eena;+ ke tla etsa hore a atamele, ’me o tla nkatamela.”+
“Etsoe joale ke mang enoa ea faneng ka pelo ea hae e le tiiso hore a nkatamele?”+ ho bolela Jehova. 22 “Ka sebele le tla ba sechaba sa ka,+ ’me ke tla ba Molimo oa lōna.”+
23 Bonang! Sefefo sa Jehova, khalefo, e tsoile, sefefo se matla se fielang se lebile pele.+ Se tla feta ka potlako ka holim ’a lihlooho tsa ba khopo.+ 24 Bohale bo tukang ba Jehova bo ke ke ba khutla ho fihlela a phethisitse le ho fihlela a phethahalitse likhopolo tsa pelo ea hae.+ Karolong e qetellang ea matsatsi le tla nahana ka hona.+