Jeremia
33 Lentsoe la Jehova la hlaha ho Jeremia ka lekhetlo la bobeli, ha a sa ntse a koaletsoe Lebaleng la Balebeli,+ la re: 2 “Sena ke seo Jehova Moetsi+ oa lefatše a se boletseng, Jehova ’Mōpi+ oa lona ea le tiisitseng ka thata,+ eo lebitso la hae e leng Jehova,+ 3 ‘Hoeletsang ho ’na, ke tla le araba+ ’me ke le bolelle hang-hang lintho tse khōlō le tse ke keng tsa utloisisoa tseo le sa kang la li tseba.’”+
4 “Etsoe sena ke seo Jehova Molimo oa Iseraele a se boletseng malebana le matlo a motse ona le malebana le matlo a marena a Juda a helelitsoeng ka lebaka la limmōtōmōtō tse thibellang le ka lebaka la sabole;+ 5 malebana le ba tlil’o loantša Bakalde le ho tlatsa libaka ka litopo tsa batho bao ke ba bolaileng ka bohale ba ka le ka khalefo ea ka,+ ka lebaka la bohle bao bobe ba bona ke bo patetseng sefahleho sa ka motseng ona,+ 6 ‘Bona! kea o folisa ’me ke o fa bophelo bo botle;+ ke tla ba phekola ’me ke ba senolele khotso e ngata le ’nete.+ 7 Ke tla khutlisa baholehuoa ba Juda le baholehuoa ba Iseraele,+ ke tla ba haha joaloka qalong.+ 8 Ke tla ba hloekisa liphosong tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona,+ ke tla tšoarela liphoso tsohle tsa bona tseo ba ntšitetsoeng ka tsona le tseo ba nketselitseng tlōlo ka tsona.+ 9 Ka sebele ho ’na o tla fetoha lebitso la thabo e khaphatsehang,+ thoriso le botle ho lichaba tsohle tsa lefatše tse tla utloa ka molemo oohle oo ke ba fang oona.+ Ka sebele li tla tšoha+ li ferekane+ ka lebaka la molemo oohle le ka lebaka la khotso eohle eo ke o fang eona.’”+
10 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Sebakeng sena seo le tla re ke lesupi le se nang motho le phoofolo e ruuoang, metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse entsoeng lesupi+ le se nang motho le le se nang moahi le le se nang phoofolo e ruuoang, ho sa ntse ho tla utloahala+ 11 molumo oa thabo e khaphatsehang le molumo oa nyakallo,+ lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, lentsoe la ba reng: “Rokang Jehova oa mabotho, etsoe Jehova o molemo;+ kaha mosa oa hae o lerato+ o teng ho isa nakong e sa lekanyetsoang!”’
“‘Ba tla tlisa nyehelo ea liteboho ka tlung ea Jehova,+ etsoe ke tla khutlisa baholehuoa ba naha feela joaloka qalong,’+ ho boletse Jehova.”
12 “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Sebakeng sena se lesupi le se nang motho esita le phoofolo e ruuoang+ le metseng eohle ea sona ho sa ntse ho tla ba le lekhulo la balisa ba bothisang mohlape.’+
13 “‘Metseng ea sebaka se lithaba, metseng ea mabalane+ le metseng ea boroa+ le naheng ea Benjamine+ le libakeng tse potolohileng Jerusalema+ le metseng ea Juda+ mehlape e sa ntse e tla feta tlas’a matsoho a ea balang,’+ ho boletse Jehova.”
14 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’+ ho bolela Jehova, ‘’me ka sebele ke tla phetha lentsoe le molemo leo ke le buileng,+ malebana le ntlo ea Iseraele+ le malebana le ntlo ea Juda. 15 Matsatsing ao le ka nako eo ke tla melisetsa Davida lehlōmela le lokileng,+ ka sebele le tla phethisa toka le ho loka naheng.+ 16 Matsatsing ao Juda e tla pholosoa+ ’me Jerusalema e tla lula e sireletsehile.+ E tla bitsoa sena, Jehova ke ho Loka ha Rōna.’”+
17 “Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Tabeng ea Davida ha ho motho ea tla tlosoa hore a se ke a lula teroneng ea ntlo ea Iseraele.+ 18 Tabeng ea baprista, Balevi, ha ho motho ea tla tlosoa ka pel’a ka hore a se ke a nyehela nyehelo e feletseng ea secheso le ho etsa hore ho kubelle nyehelo ea lijo-thollo le ho etsa sehlabelo kamehla.’”+
19 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho Jeremia, la re: 20 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Haeba le ka tlōla selekane sa ka sa motšehare le selekane sa ka sa bosiu, esita le hore bosiu le motšehare li se ke tsa e-ba teng ka nako ea tsona,+ 21 ka ho tšoanang le selekane sa ka le mohlanka oa ka Davida+ se ka tlōloa hoo a ke keng a ba le mora ea busang e le morena teroneng ea hae;+ ka ho tšoanang le Balevi, baprista, basebeletsi ba ka.+ 22 Feela joalokaha makhotla a maholimo a ke ke a baloa, kapa lehlabathe la leoatle la lekanngoa,+ ke tla atisa joalo peō ea mohlanka oa ka Davida le Balevi ba ntšebeletsang.’”+
23 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho Jeremia, la re: 24 “Na ha ua bona seo ba sechaba see ba se buileng, ha ba re, ‘Malapa a mabeli ao Jehova a a khethileng,+ na o tla a lahla’? Ba ntse ba hlompholla sechaba sa ka,+ e le hore se se ke sa tsoela pele e le sechaba ka pel’a bona.
25 “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Haeba e ne e se hore ke lokiselitse selekane sa ka sa bosiu le motšehare,+ litaelo tse hlomamisitsoeng tsa leholimo le lefatše,+ 26 ka ho tšoanang ke ne ke tla lahla esita le peō ea Jakobo le ea mohlanka oa ka Davida,+ e le hore ke se ke ka nka peōng ea hae babusi ba peō ea Abrahama, Isaka le Jakobo. Etsoe ke tla bokella baholehuoa+ ba bona ’me ke tla ba hauhela.’”+