Jeremia
52 Tsedekia+ o ne a le lilemo li mashome a mabeli a motso o mong ha a qala ho busa,+ ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse leshome le motso o mong.+ Lebitso la ’m ’ae e ne e le Hamutale+ morali oa Jeremia oa Libna.+ 2 A tsoela pele ho etsa se sebe mahlong a Jehova,+ ho ea ka sohle seo Jojakime+ a neng a se entse. 3 Etsoe ka lebaka la bohale ba Jehova hoo ho ile ha etsahala Jerusalema le Juda, ho fihlela a ba tlositse ka pel’a sefahleho sa hae.+ Tsedekia a fetohela morena oa Babylona.+ 4 Qetellong ka selemo sa borobong e le morena,+ ka khoeli ea leshome, ka letsatsi la leshome la khoeli, Nebukadrezare morena oa Babylona eena le lebotho lohle la hae la sesole, a futuhela Jerusalema,+ eaba ba qala ho hloma liahelo khahlanong le eona le ho haha lerako le e thibellang ho pota-pota ka hohle.+ 5 Kahoo motse oa thibelloa ho fihlela ka selemo sa leshome le motso o mong sa Morena Tsedekia.+
6 Ka khoeli ea bone, ka letsatsi la borobong la khoeli,+ ha e-ba le tlala e khōlō motseng, ’me ho ne ho se na bohobe bakeng sa batho ba naha eo.+ 7 Qetellong motse oa thuhuoa;+ ha e le banna bohle ba ntoa, ba qala ho baleha+ ’me ba tloha motseng bosiu ka tsela ea heke e pakeng tsa lerako le habeli le haufi le serapa sa morena,+ ha Bakalde ba ntse ba pota-potile motse ka hohle; ’me ba ’na ba tsamaea ka tsela ea Araba.+ 8 Lebotho la sesole la Bakalde la qala ho lelekisa morena,+ eaba le fihlela Tsedekia+ lithoteng tsa lehoatata tsa Jeriko; ’me lebotho lohle la hae la sesole le ne le hasane ho tloha lehlakoreng la hae.+ 9 Joale ba tšoara morena ’me ba mo tlisa ho morena oa Babylona+ Ribla+ naheng ea Hamathe,+ e le hore a ka phatlalatsa liqeto tsa boahloli holim ’a hae.+ 10 Morena oa Babylona a bolaea bara ba Tsedekia ka pel’a mahlo a hae,+ hape likhosana tsohle tsa Juda a li bolaela Ribla.+ 11 A foufatsa mahlo a Tsedekia,+ ka mor’a moo morena oa Babylona a mo tlama ka litlamo tsa koporo a mo tlisa Babylona+ ’me a mo beha ka tlung ea botlamuoa ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
12 Ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la leshome la khoeli, ke hore, ka selemo sa leshome le metso e robong sa Morena Nebukadrezare,+ morena oa Babylona, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli, ea neng a eme ka pel’a morena oa Babylona, a tla Jerusalema. 13 A chesa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena le matlo ’ohle a Jerusalema;+ ’me ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e khōlō a e chesa ka mollo.+ 14 Mabotho ’ohle a sesole a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako ’ohle a Jerusalema ka hohle.+
15 Ba bang ba batho ba tlaase sechabeng le batho ba bang kaofela ba neng ba siiloe motseng+ le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho morena oa Babylona le basebetsi ba bang kaofela ba hloahloa Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba isa kholehong.+ 16 Ba bang ba batho ba tlaase ba naha Nebuzaradane mookameli oa balebeli a ba siea e le balemi ba morara le basebetsi ba qobelloang.+
17 Litšiea+ tsa koporo tsa ntlo ea Jehova le likariki+ le leoatle+ la koporo tse neng li le ka tlung ea Jehova Bakalde ba li roba likoto ’me ba qala ho isa koporo eohle ea tsona Babylona.+ 18 Ba nka maleke le likharafu+ le litima-lebone+ le likotlolo+ le linoelo le lisebelisoa tsohle tsa koporo tseo ba neng ba sebeletsa ka tsona.+ 19 Libeisine+ le lipane tsa mollo le likotlolo+ le maleke le liluloana tsa lebone+ le linoelo le likotlolo tsa khauta ea sebele,+ le tseo e neng e le tsa silevera ea sebele,+ mookameli oa balebeli a li nka.+ 20 Le litšiea tse peli,+ leoatle le le leng,+ le lipoho+ tse leshome le metso e ’meli tsa koporo tse neng li le tlas’a leoatle, likariki, tseo Morena Solomone a neng a li etselitse ntlo ea Jehova.+ Ha hoa ka ha lekanngoa boima ba koporo ea tsona—lintho tsena tsohle.+
21 Ha e le litšiea, tšiea ka ’ngoe e ne e le bophahamo ba litsoe tse leshome le metso e robeli,+ ’me khoele ea litsoe tse leshome le metso e ’meli e ne e li potoloha;+ botenya ba eona e le botenya ba menoana e mene, e le sekoti. 22 Hlooho e holim ’a eona e ne e le ea koporo,+ bophahamo ba hlooho e ’ngoe e ne e le litsoe tse hlano;+ ha e le letanta le likharenate tse holim ’a hlooho, ho pota-pota ka hohle,+ kaofela e ne e le koporo; ’me tšiea ea bobeli e ne e e-na le lintho tse tšoanang le tsena, le likharenate.+ 23 Likharenate li ne li le mashome a robong a metso e tšeletseng, ka mahlakoreng, likharenate tsohle li ne li le lekholo holim ’a letanta ho potoloha.+
24 Ho feta moo, mookameli oa balebeli a nka moprista ea ka sehloohong Seraia+ le Sofonia+ moprista oa bobeli le balebeli ba bararo ba monyako,+ 25 ’me motseng a nka molaoli a le mong oa lekhotla eo e neng e le molaoli oa banna ba ntoa, le banna ba supileng ho ba kenang ho morena,+ ba ileng ba fumanoa motseng, le mongoli oa molaoli oa lebotho, ea khobokanyang batho ba naha, le banna ba mashome a tšeletseng ba batho ba naha, ba neng ba fumanoa har’a motse.+ 26 Kahoo Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a nka bana ’me a ba isa ho morena oa Babylona Ribla.+ 27 Morena oa Babylona a ba otla+ eaba o ba bolaela Ribla+ naheng ea Hamathe.+ Kahoo Juda ea ea kholehong ho tloha naheng ea eona.+
28 Bana ke batho bao Nebukadrezare a ba isitseng kholehong: ka selemo sa bosupa, Bajuda ba likete tse tharo le mashome a mabeli a metso e meraro.+
29 Ka selemo sa leshome le metso e robeli sa Nebukadrezare,+ ho tloha Jerusalema ho ne ho e-na le meea e makholo a robeli le mashome a mararo a metso e ’meli.
30 Ka selemo sa mashome a mabeli a metso e meraro sa Nebukadrezare, Nebuzaradane mookameli oa balebeli a isa Bajuda kholehong, meea e makholo a supileng le mashome a mane a metso e mehlano.+
Meea eohle e ne e le likete tse ’nè le makholo a tšeletseng.
31 Qetellong ka selemo sa mashome a mararo a metso e supileng sa ho isoa kholehong ha Jojakine+ morena oa Juda, ka khoeli ea leshome le metso e ’meli, ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mehlano la khoeli, Evile-merodake morena oa Babylona, ka selemo sa ha e e-ba morena, a phahamisa hlooho+ ea Jojakine morena oa Juda ’me a mo ntša ka tlung ea chankana. 32 A qala ho bua lintho tse molemo le eena ’me a phahamisa terone ea hae ho feta literone tsa marena a mang a neng a e-na le eena Babylona.+ 33 A mo hlobolisa liaparo tsa hae tsa chankana,+ a ja bohobe+ ka pel’a hae kamehla ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.+ 34 Ha e le kabelo ea hae, o ne a fuoa kabelo ea kamehla e tsoang ho morena oa Babylona, e loketseng letsatsi le leng le le leng, ho fihlela letsatsing la lefu la hae,+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae.