Lillo Tsa Jeremia
Lillo Tsa Jeremia
א [ʼAleph]
1 Motse o neng o tletse batho o lutse o ’notši+ hakaakang!+
O neng o e-na le baahi ba bangata har’a lichaba+ o tšoana le mohlolohali hakaakang!+
Oo e neng e le khosatsana har’a liprofinse o fetohile o etsang mosebetsi o qobelloang hakaakang!+
ב [Behth]
2 O lla haholo bosiu,+ ’me meokho ea oona e marameng a oona.+
Ha ho ea o tšelisang har’a bohle ba o ratang.+
Metsoalle ea oona kaofela e sebetsane le oona ka bolotsana.+ E fetohile lira tsa oona.+
ג [Gimel]
3 Bajuda ba ile kholehong ka lebaka la mahloreho+ le ka lebaka la bongata ba bohlanka.+
Ba ile ba lokela ho lula har’a lichaba.+ Ha baa ka ba fumana sebaka sa phomolo.
Bohle ba neng ba ba hlorisa ba ba fihletse har’a maemo a bakang mahlomola.+
ד [Daleth]
4 Litsela tsa Sione lia siama, hobane ha ho ba tlang moketeng.+
Liheke tsohle tsa eona ke lesupi;+ baprista ba eona baa feheloa.+
Baroetsana ba eona ba saretsoe, ’me e na le bohloko.+
ה [Heʼ]
5 Bahanyetsi ba eona ba fetohile lihlooho.+ Lira tsa eona ha li tsotelle.+
Hobane Jehova o e tliselitse mesarelo ka lebaka la litlōlo tsa eona tse ngata,+
Bana ba eona ba tsamaile e le baholehuoa ka pel’a mohanyetsi.+
ו [Waw]
6 ’Me ho morali oa Sione ho tsoa botle bohle ba hae.+
Likhosana tsa hae li tšoana le likhama tse tona tse sa fumanang lekhulo;+
’Me li ntse li tsamaea li se na matla ka pel’a ea li lelekisang.+
ז [Zayin]
7 Jerusalema e hopotse matsatsing a mahloreho a eona le a batho ba eona ba hlokang mahae
Lintho tsohle tsa eona tse lakatsehang tse bileng teng ho tloha matsatsing a khale.+
Ha batho ba eona ba oela letsohong la mohanyetsi ’me e se na mothusi,+
Bahanyetsi ba ile ba e bona. Ba tšeha ho oa ha eona.+
ח [Chehth]
8 Jerusalema e entse sebe se totobetseng.+ Ke ka lebaka leo e fetohileng ntho e nyonyehang.+
Bohle ba neng ba e hlompha ba ile ba e tšoara joaloka ntho e sa reng letho,+ kaha ba bone bofeela ba eona.+
E boetse ea feheloa+ ’me ea furalla.
ט [Tehth]
9 Ho se hloeke ha eona ho liaparong tsa eona.+ Ha ea ka ea hopola bokamoso ba eona,+
’Me e theohela tlaase ka mokhoa o makatsang. Ha e na motšelisi.+
י [Yohdh]
10 Mohanyetsi o otlolletse letsoho linthong tsohle tsa eona tse lakatsehang.+
Etsoe e bone lichaba tse keneng ka sehalalelong sa eona,+
Tseo u li laetseng hore li se ke tsa kena ka phuthehong ea hao.
כ [Kaph]
11 Batho bohle ba hae baa feheloa; ba batla bohobe.+
Ba fane ka lintho tsa bona tse lakatsehang bakeng sa se jeoang, e le hore ba khatholle moea.+
Bona, Jehova, ’me u talime, etsoe ke fetohile ea joaloka mosali eo e seng oa bohlokoa.+
ל [Lamedh]
12 Na hase letho ho lōna bohle ba fetang tseleng? Talimang ’me le bone.+
Na ho na le bohloko leha e le bofe bo tšoanang le bohloko ba ka boo ke otliloeng ka bona haboima,+
Boo ka bona Jehova a bakileng mahloreho letsatsing la bohale ba hae bo tukang?+
מ [Mem]
13 A le phahameng o ile a romela mollo masapong a ka,+ ’me o kokobetsa le leng le le leng.
O alile letlooa bakeng sa maoto a ka.+ O nkhutliselitse morao.
O nkentse mosali ea lahliloeng. Letsatsi lohle kea kula.+
נ [Nun]
14 O lutse a falimehetse litlōlo tsa ka.+ Li lohellane letsohong la hae.
Li hlahile molaleng oa ka.+ Matla a ka a khopiloe.
Jehova o nehelane ka ’na matsohong a bao ke sa khoneng ho ba tsohela matla.+
ס [Samekh]
15 Bohle ba ka ba matla Jehova o ba qheletse thōko ho tsoa ka hare ho ’na.+
O mpitselitse pokano, e le hore a robe bahlankana ba ka likoto.+
Jehova o hataketse sehatelo sa veine+ sa morali oa Juda oa moroetsana.+
ע [ʽAyin]
16 Ke llela lintho tsena joaloka mosali.+ Leihlo la ka, leihlo la ka le rotha metsi.+
Etsoe motšelisi o hōle le ’na, e mong ea tla khatholla moea oa ka.
פ [Peʼ]
17 Sione e otlolotse matsoho a eona.+ Ha e na motšelisi.+
Jehova o fane ka taelo malebana le Jakobo ho bohle ba e pota-potileng ka hohle e le bahanyetsi ba eona.+
Jerusalema e fetohile ntho e nyonyehang ka har’a bona.+
צ [Tsadheh]
18 Jehova o lokile,+ etsoe ke fetohetse molomo oa hae.+
Mamelang, joale, lōna lichaba tsohle, ’me le bone bohloko ba ka.
Baroetsana ba ka le bahlankana ba ka ba ile kholehong.+
ק [Qohph]
19 Ke ipilelitse ho ba nthatang haholo.+ Ba nqhekeletse.
Baprista ba ka le banna-baholo ba ka ba shoetse motseng,+
Ha ba ntse ba lokela ho ipatlela se jeoang e le hore ba ka khatholla meea ea bona.+
ר [Rehsh]
20 Bona, Jehova, etsoe ke mahlomoleng. Mala a ka a lubehile.+
Pelo ea ka e ferekane ka hare ho ’na,+ kaha ke bile lerabele ka ho feletseng.+
Ka ntle sabole e bakile ho amohuoa bana.+ Ka har’a ntlo ho tšoana le lefu.+
ש [Shin]
21 Batho ba utloile kamoo ke feheloang joaloka mosali.+ Ha ke na motšelisi.+
Lira tsohle tsa ka li utloile ka tlokotsi ea ka.+ Li thabile, hobane u ho entse.+
Ka sebele u tla tlisa letsatsi leo u le phatlalalitseng,+ e le hore li ka ba joaloka ’na.+
ת [Taw]