Ezekiele
20 Joale eare ka selemo sa bosupa, ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la leshome la khoeli, banna ba tsoang ho ba hōlileng ba Iseraele ba tla hore ba tl’o botsa Jehova,+ ’me ba lula fatše ka pel’a ka.+ 2 Joale lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 3 “Mor’a motho, bua le banna ba hōlileng ba Iseraele, u re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na le tlile ho tla mpotsa?+ ‘Ka ’na ea phelang, le ke ke la mpotsa,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”’
4 “Na u tla ba ahlola? Na u tla ba ahlola, Uena mor’a motho?+ Ba tsebise lintho tse manyala tsa baholo-holo ba bona.+ 5 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Letsatsing la ha ke khetha Iseraele,+ ke ile ka boela ka phahamisa letsoho+ ka ho etsa kano ho peō ea ntlo ea Jakobo+ ’me ka itsebahatsa ho bona naheng ea Egepeta.+ E, ka phahamisa letsoho ka ho etsa kano ho bona, ka re, ‘Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’+ 6 Letsatsing leo ka phahamisa letsoho+ ka ho etsa kano ho bona hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta ke ba ise naheng eo ke ileng ka e hloela bakeng sa bona, e phallang lebese le mahe a linotši.+ E ne e le mokhabiso oa linaha tsohle.+ 7 Ka tsoela pele ho re ho bona, ‘E mong le e mong oa lōna a lahle lintho tse nyonyehang tsa mahlo a hae,+ ’me le se ke la itšilafatsa ka litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’+
8 “‘“Ba qala ho mphetohela,+ ’me ha baa ka ba lumela ho ’mamela. Ka bomong ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tsa mahlo a bona, ’me ha baa ka ba tlohela litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim ’a bona har’a naha ea Egepeta.+ 9 Ka qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka e le hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba tseo ba neng ba le har’a tsona,+ kahobane ke ne ke itsebahalitse ho bona ka pel’a mahlo a tsona ha ke ba ntša naheng ea Egepeta.+ 10 Kahoo ka ba ntša naheng ea Egepeta ’me ka ba tlisa lefeelleng.+
11 “‘“Ka ba fa litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng;+ ka ba tsebisa liqeto tsa ka tsa boahloli,+ e le hore motho ea tsoelang pele ho li phetha a ka tsoela pele a phela ka tsona.+ 12 Ka boela ka ba fa lisabatha tsa ka,+ hore e be pontšo pakeng tsa ka le bona,+ e le hore ba tsebe hore ke ’na Jehova ea ba halaletsang.
13 “‘“Empa bona, ba ntlo ea Iseraele, ba ile ba mphetohela lefeelleng.+ Ha baa ka ba tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli,+ tseo, haeba motho a ka tsoela pele ho li phetha, a tla boela a tsoele pele a phela ka tsona.+ Ba silafalitse lisabatha tsa ka haholo,+ hoo ke ileng ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona lefeelleng, e le hore ke ba felise.+ 14 Empa ke nkile bohato ka lebaka la lebitso la ka hore le se ke la hlompholloa ka pel’a mahlo a lichaba, tseo ke ba tlositseng ka pel’a mahlo a tsona.+ 15 Le ’na ke phahamisitse letsoho la ka ka ho etsa kano ho bona lefeelleng,+ hore nke ke ka ba tlisa naheng eo ke ba fileng eona, e phallang lebese le mahe a linotši,+ (ke mokhabiso oa linaha tsohle,)+ 16 ka lebaka la hore ba lahlile liqeto tsa ka tsa boahloli; ’me mabapi le litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng, ha baa ka ba tsamaea ho tsona, ba silafalitse lisabatha tsa ka, hobane lipelo tsa bona li ne li latela litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+
17 “‘“Leihlo la ka la qala ho ba utloela bohloko ho mphemisa hore ke se ke ka ba felisa,+ ’me ha kea ka ka ba felisa lefeelleng. 18 Ka re ho bara ba bona lefeelleng,+ ‘Le se ke la tsamaea melaong ea tsamaiso ea baholo-holo ba lōna,+ ’me le se ke la boloka likahlolo tsa bona,+ le se ke la itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 19 Ke ’na Jehova Molimo oa lōna.+ Tsamaeang litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng,+ ’me le boloke liqeto tsa ka tsa boahloli+ le li phethe.+ 20 Le halaletse lisabatha tsa ka,+ ’me e be pontšo pakeng tsa ka le lōna, hore le tsebe hore ke ’na Jehova Molimo oa lōna.’+
21 “‘“Bara ba qala ho mphetohela.+ Ha baa ka ba tsamaea litaelong tsa ka tse hlomamisitsoeng, ha baa ka ba boloka liqeto tsa ka tsa boahloli ka ho li phetha, tseo, haeba motho a ka tsoela pele ho li phetha, a tla boela a phele ka tsona.+ Ba silafalitse lisabatha tsa ka.+ Kahoo ke ile ka tšepisa ho tšollela khalefo ea ka holim ’a bona, e le hore ke phethe bohale ba ka holim ’a bona lefeelleng.+ 22 Ka khutlisa letsoho+ eaba ke qala ho nka bohato ka lebaka la lebitso la ka, hore le se ke la silafatsoa ka pel’a mahlo a lichaba, tseo ke ba ntšitseng ka pel’a mahlo a tsona.+ 23 Hape, ke ile ka phahamisa letsoho ka ka kano ho bona lefeelleng,+ ho ba hasanya har’a lichaba le ho ba qhalakanya har’a linaha,+ 24 ka lebaka la hore ha baa ka ba phetha liqeto tsa ka tsa boahloli+ ’me ba lahlile litaelo tsa ka tse hlomamisitsoeng+ ebile ba silafalitse lisabatha tsa ka,+ mahlo a bona a latetse litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa baholo-holo ba bona.+ 25 Ka boela ka ba tlohela hore ba be le melao ea tsamaiso e neng e se metle le liqeto tsa boahloli tseo ba neng ba ke ke ba tsoela pele ba phela ka tsona.+ 26 Ka ba tlohela hore ba silafatsoe ke limpho tsa bona ha ba fetisa ngoana e mong le e mong ea bulang pōpelo mollong,+ e le hore ke ba etse ba lahliloeng, e le hore ba ka tseba hore ke ’na Jehova.”’+
27 “Ka hona bua le ba ntlo ea Iseraele, Uena mor’a motho, ’me u re ho bona,+ ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Empa leha ho le joalo tabeng ena, baholo-holo ba lōna ba ’nyefotse, ka ho se tšepahale ho ’na.+ 28 Ka ba tlisa naheng+ eo ke ileng ka phahamisa letsoho la ka ka ho etsa kano hore ke tla ba fa eona.+ Ha ba bona leralla le leng le le leng le phahameng+ le sefate se seng le se seng se makala, joale ba qala ho etsa mahlabelo a bona+ moo le ho fana ka nyehelo ea bona e halefisang moo, le ho hlahisa menko ea bona e khathollang+ moo le ho tšolla linyehelo tsa bona tsa lino moo.+ 29 Kahoo ka re ho bona, ‘Sebaka se phahameng seo le tlang ho sona se bolela’ng, hoo lebitso la sona e leng Sebaka se Phahameng ho fihlela letsatsing lee?’”’+
30 “Ka hona e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Na le itšilafatsa tseleng ea baholo-holo ba lōna,+ ’me le latela lintho tsa bona tse nyonyehang ka likamano tse litšila?+ 31 Ha le phahamisa limpho tsa lōna ka ho fetisa bara ba lōna mollong,+ na lea itšilafatsa bakeng sa litšoantšo tsohle tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang ho fihlela kajeno?+ Ka nako e tšoanang na le tla mpotsa, Lōna ba ntlo ea Iseraele?”’+
“‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘Le ke ke la mpotsa.+ 32 Se hlahang meeeng ea lōna+ ka sebele se ke ke sa etsahala,+ ha le re: “A re tšoaneng le lichaba, re tšoaneng le malapa a linaha tsena,+ ka ho sebeletsa patsi le lejoe.”’”+
33 “‘Ka ’na ea phelang,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke tla busa ke le morena oa lōna+ ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng+ le ka khalefo e tšolohang. 34 Ke tla le tlisa ho tsoa lichabeng, ke le phuthe ho tsoa linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona ka letsoho le matla le ka letsoho le otlolohileng le ka khalefo e tšolohang.+ 35 Ke tla le tlisa lefeelleng la lichaba+ ’me ke kene kahlolong le lōna moo lifahleho li talimane.+
36 “‘Feela joalokaha ke ile ka kena kahlolong le baholo-holo ba lōna lefeelleng la naha ea Egepeta,+ ka ho tšoanang ke tla ipeha kahlolong le lōna,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova. 37 ‘Ke tla le fetisa tlas’a molamu+ ’me ke le tlise tlamong ea selekane.+ 38 Ke tla ntša bafetoheli ho lōna le ba ntšiteloang,+ etsoe ke tla ba ntša naheng eo ba lulang ho eona ka bojaki, empa ba ke ke ba tla naheng ea Iseraele;+ ’me le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’+
39 “Lōna ba ntlo ea Iseraele, sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘E-eang le sebeletse e mong le e mong litšoantšo tsa hae tse rapeloang tse nyonyehang.+ Ka mor’a moo haeba le sa ’mamele, joale ha le sa tla hlola le hlompholla lebitso la ka le halalelang ka limpho tsa lōna le ka litšoantšo tsa lōna tse rapeloang tse nyonyehang.’+
40 “‘Etsoe thabeng ea ka e halalelang, thabeng e phahameng ea Iseraele,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova, ‘ke moo bona, bohle ba ntlo ea Iseraele kaofela ha bona, ba tla ntšebeletsa teng, naheng.+ Ke tla khahlisoa ke bona moo, ’me ke tla batla menehelo ea lōna moo le litholoana tsa pele tsa linyehelo tsa lōna linthong tsohle tsa lōna tse halalelang.+ 41 Ka lebaka la monko o khathollang ke tla khahlisoa ke lōna,+ ha ke le ntša lichabeng ’me ke le phutha ho tsoa linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona,+ ’me ke tla halaletsoa ka lōna ka pel’a mahlo a lichaba.’+
42 “‘Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ ha ke le tlisa naheng ea Iseraele,+ naheng eo ke ileng ka phahamisa letsoho ka kano hore ke tla e fa baholo-holo ba lōna. 43 Ka sebele le tla hopola litsela tsa lōna+ le mesebetsi eohle ea lōna eo le itšilafalitseng ka eona,+ ’me le tla nyonya lifahleho tsa lōna ka lebaka la lintho tsohle tse mpe tseo le li entseng.+ 44 Le tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke le nkela bohato ka lebaka la lebitso la ka,+ eseng ho ea ka litsela tsa lōna tse mpe kapa ho ea ka mesebetsi ea lōna e bolileng,+ Lōna ba ntlo ea Iseraele,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
45 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 46 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao+ ka nģ’a sebaka se ka boroa u rothisetse+ mantsoe ka boroa, ’me u profetele moru oa naha e ka boroa. 47 U tla re ho moru o ka boroa, ‘Utloa lentsoe la Jehova. Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bona! ke hotetsa mollo khahlanong le uena,+ ’me ho uena o tla chesa sefate se seng le se seng se ntseng se le mongobo le sefate se seng le se seng se omeletseng.+ Lelakabe le tukang le ke ke la tima,+ ’me le tla tlabola lifahleho tsohle ho tloha boroa ho ea leboea.+ 48 Nama eohle e tla bona hore ’na, Jehova, ke o hotelitse, hoo o ke keng oa tima.”’”+
49 Ka re: “Oho, ’Musi Morena Jehova! Ba re mabapi le ’na, ‘Na ha a qape lipolelo tsa maele?’”+