Ezekiele
21 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, lebisa sefahleho sa hao nģ’a Jerusalema u rothisetse+ mantsoe libakeng tse halalelang,+ ’me u profete khahlanong le naha ea Iseraele.+ 3 U tla re ho naha ea Iseraele, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Bona! ke khahlanong le uena,+ ’me ke tla ntša sabole ea ka selateng sa eona+ ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena.+ 4 E le hore ke felise ea lokileng le ea khopo ho uena, ka hona sabole ea ka e tla tsoa selateng sa eona khahlanong le nama eohle ho tloha boroa ho ea leboea.+ 5 Nama eohle e tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke ntšitse sabole ea ka selateng sa eona.+ Ha e sa tla hlola e khutlela teng.”’+
6 “Ha e le uena, mor’a motho, u feheloe ka letheka le thothomelang.+ U feheloe habohloko ka pel’a mahlo a bona.+ 7 Etlare ha ba re ho uena, ‘U feheloa ka lebaka lefe?’+ u tla re, ‘Ka lebaka la tlaleho.’+ Etsoe ka sebele e tla tla,+ ’me pelo e ’ngoe le e ’ngoe e tla nyahama+ le matsoho ’ohle a tepelle le moea o mong le o mong o nyahame ’me mangole ’ohle a tla rotha metsi.+ ‘Bona! Ka sebele e tla tla+ ’me e etsahale,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”
8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 9 “Mor’a motho, profeta, u re, ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng: “E-re, ‘Sabole, sabole!+ E leolitsoe,+ ’me e bentšitsoe. 10 E leolitsoe ka morero oa ho hlophisa polao; e bentšitsoe ka morero oa hore e phatsime.’”’”+
“Kapa na re tla thaba?”+
“‘Na e lahla lere la borena+ la mora oa ka,+ joalokaha e etsa ka sefate se seng le se seng?+
11 “‘Motho o nehelana ka eona hore e bentšoe, e le hore a e tšoare ka letsoho. Eona—sabole e leolitsoe, ’me eona—e bentšitsoe, e le hore ho nehelanoe ka eona letsohong la ’molai.+
12 “‘Hoeletsa ’me u bokolle,+ Uena mor’a motho, etsoe e tlile khahlanong le sechaba sa ka;+ e khahlanong le marenana ’ohle a Iseraele.+ Ba lahletsoeng saboleng ba fetohile batho ba ka.+ Ka hona otla serope.+ 13 Etsoe tlhahlobo e entsoe,+ ’me ho thoe’ng ka eona haeba le lahla lere la borena?+ Le ke ke la tsoela pele le le teng,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
14 “Uena mor’a motho—profeta, u ope liatla,+ ’me ‘Sabole!’ e lokela ho phetoa ka makhetlo a mararo.+ Ke sabole ea ba bolailoeng. Ke sabole ea ea bolailoeng e moholo, e ba teelang hare.+ 15 E le hore pelo e qhibilihe+ le hore bohle ba lihiloeng lihekeng tsohle tsa bona ba ate,+ ke tla bolaea ka sabole. Jo! e etselitsoe ho phatsima, e bentšitsoe hore e bolaee!+ 16 Iponahatse u le bohale;+ e-ea ka ho le letona! Ema sebakeng sa hao; e-ea ka ho le letšehali! Kae kapa kae moo sefahleho sa hao se lebileng teng! 17 Ke tla boela ke ope liatla,+ ke tla kokobetsa+ khalefo ea ka.+ ’Na, Jehova, ke boletse.”
18 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 19 “Ha e le uena, mor’a motho, u ipehele litsela tse peli hore sabole ea morena oa Babylona e kene.+ Li lokela ho tsoa naheng e le ’ngoe, ’me letšoao le supang tsela le lokela ho betloa;+ le lokela ho betloa qalong ea tsela e kenang motseng. 20 U lokela ho beha tsela bakeng sa hore sabole e kene khahlanong le Raba+ ea bara ba Ammone, ’me e ’ngoe e kene khahlanong le Juda, khahlanong le Jerusalema e etselitsoeng qhobosheane.+ 21 Etsoe morena oa Babylona o eme mateanong a litsela, qalong ea litsela tse peli, e le hore a retelehele bonoheng.+ O sisintse metsu. O botsitse ka ho sebelisa literafime;+ o talimile ka har’a sebete. 22 Bonohe ba hae bakeng sa Jerusalema bo bile ka letsohong la hae le letona, ho beha likofuto tsa ho heletsa lerako,+ ho ahlamisa molomo bakeng sa ho bolaea, ho hlaba mokhosi,+ ho beha likofuto tsa ho heletsa lerako lihekeng, ho qhobela ’mōtōmōtō o thibellang, ho haha lerako le thibellang.+ 23 Ho bona ke ho kang bonohe ba bohata mahlong a bona+—ba ba hlapanyelitseng ka likano;+ ’me o hopola phoso,+ e le hore ba ka tšoaroa.+
24 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la ho etsa hore phoso ea lōna e hopoloe ka ho senoloa ha litlōlo tsa lōna, e le hore libe tsa lōna li ka bonoa ho ea ka mesebetsi eohle ea lōna, ka lebaka la ho hopoloa ha lōna+ le tla tšoaroa ka letsoho.’+
25 “Ha e le uena, ea ntšitsoeng maqeba a bolaeang, morenana ea khopo+ oa Iseraele,+ eo letsatsi la hae le fihlileng ka nako ea phoso ea ho qetela,+ 26 sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Rōla tuku, u rōle moqhaka.+ Hona ho ke ke ha tšoana.+ Phahamisa se tlaase,+ se phahameng u se theolele tlaase.+ 27 Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye.+ Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao,+ ’me ke tla mo fa eona.’+
28 “Ha e le uena, mor’a motho, profeta, u re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng malebana le bara ba Ammone le malebana le nyeliso e tsoang ho bona.’ U tla re, ‘Sabole, sabole e tsomutsoeng bakeng sa polao, e bentšitsoeng ho etsa hore e timetse, e le hore e phatsime,+ 29 ka lebaka la ho u bonela ntho eo e seng ea sebele, ka lebaka la ho u nohela leshano,+ e le hore ba u behe melaleng ea ba bolailoeng, batho ba khopo bao letsatsi la bona le fihlileng ka nako ea phoso ea ho qetela.+ 30 E khutlisetse selateng sa eona. Ke tla u ahlolela sebakeng seo u ileng ua bōptjoa ho sona, naheng eo u tsoaletsoeng ho eona.+ 31 Ke tla tšollela nyatso ea ka holim ’a hao. Ke tla u butsoela ka mollo oa khalefo ea ka,+ ke tla nehelana ka uena matsohong a batho ba sa nahaneng, litsebi tsa mesebetsi ea matsoho ea tšenyo.+ 32 U tla fetoha libeso bakeng sa mollo.+ Mali a hao a tla ba har’a naha. U ke ke ua hopoloa, etsoe ’na, Jehova, ke boletse.’”+