Ezekiele
22 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Ha e le uena, mor’a motho, na u tla ahlola,+ na u tla ahlola motse o molato oa mali+ ’me ka sebele u etse hore o tsebe lintho tsohle tsa oona tse manyala?+ 3 U tla re, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Uena motse o tšollang mali+ ka har’a oona ho fihlela nako ea oona e fihla,+ le o entseng litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang ka har’a oona e le hore o silafale,+ 4 ka mali a hao ao u a tšolotseng u fetohile ea molato,+ ’me ka litšoantšo tsa hao tse rapeloang tse nyonyehang tseo u li entseng u fetohile ea silafetseng.+ U atametsa matsatsi a hao, ’me u tla fihla lilemong tsa hao. Ke ka lebaka leo ke tla u etsa ntho e nyelisehang lichabeng le sesomo linaheng tsohle.+ 5 Linaha tse haufi le tse hōle le uena li tla u soma, Uena ea lebitso le sa hloekang, ea atetsoeng ke pherekano.+ 6 Bona! Marenana+ a Iseraele a ho uena, e mong le e mong o nehetse letsoho la hae ka morero oa ho tšolla mali.+ 7 Ba ile ba eisa ntate le ’mè ba leng ho uena.+ Ba etselitse mojaki ea leng ka hare ho uena bolotsana.+ Ba tšoere moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali ea leng ho uena hampe.”’”+
8 “‘U nyelisitse libaka tsa ka tse halalelang, ’me u silafalitse lisabatha tsa ka.+ 9 Baetselletsi ba totobetseng ba ho uena, ka morero oa ho tšolla mali;+ ’me ba jele lithabeng ho uena.+ Ba entse boitšoaro bo hlephileng ka hare ho uena.+ 10 Ba apotse bofeela ba ntate ho uena;+ ba tlotlolotse mosali ea sa hloekang ke ho ilela ha hae khoeli ea leng ho uena.+ 11 Monna o entse ntho e manyala le mosali oa motsoalle oa hae,+ ’me monna o silafalitse ngoetsi ea hae ka boitšoaro bo hlephileng;+ monna o tlotlolotse khaitseli ea hae, morali oa ntat’ae ho uena.+ 12 Ba nkile tjotjo ho uena ka morero oa ho tšolla mali.+ U nkile phaello+ le tsoala,+ ’me ka mabifi u ntse u fumana phaello+ ho metsoalle ea hao ka bolotsana,+ u ntebetse,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.
13 “‘Bona! Ke opile liatla+ ka lebaka la phaello ea ho hloka toka eo u e entseng,+ le ka lebaka la liketso tsa hao tsa tšollo ea mali tse bileng teng ka hare ho uena.+ 14 Na pelo ea hao e tla ’ne e mamelle+ kapa na matsoho a hao a tla ba matla matsatsing ao ke tla u nkela bohato ka ’ona?+ ’Na, Jehova, ke boletse ’me ke tla nka bohato.+ 15 Ke tla u hasanya har’a lichaba ke u qhalakanyetse har’a linaha,+ ’me ke tla timetsa ho se hloeke ha hao ho uena.+ 16 Ka sebele u tla silafatsoa ka hare ho uena ka pel’a mahlo a lichaba, ’me u tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.’”+
17 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho ’na, la re: 18 “Mor’a motho, ho ’na ba ntlo ea Iseraele ba joaloka manya a okolehang.+ Kaofela ha bona ke koporo le thini le tšepe le loto ka har’a sebōpi. Ba fetohile manya a mangata a okolehang, a silevera.+
19 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore kaofela ha lōna le joaloka manya a mangata a okolehang,+ ka hona ke tla le bokella ka har’a Jerusalema.+ 20 Joalokaha ho bokelloa silevera le koporo le tšepe+ le loto le thini ka har’a sebōpi, e le hore e ka butsoeloa+ ka mollo ho etsa hore e qhibilihe,+ kahoo ke tla ba bokella bohaleng ba ka le khalefong ea ka, ’me ke tla butsoela ke etse hore le qhibilihe. 21 Ke tla le bokella hammoho ke le butsoele ka mollo oa khalefo ea ka,+ ’me le tla qhibilihisoa ka har’a eona.+ 22 Joalokaha ho qhibilihisoa silevera ka har’a sebōpi, kahoo le tla qhibilihisoa ka har’a eona; ’me le tla lokela ho tseba hore ’na, Jehova, ke tšolletse khalefo ea ka holim ’a lōna.’”+
23 Lentsoe la Jehova la boela la tla ho ’na, la re: 24 “Mor’a motho, e-re ho eona, ‘U naha e sa hloekisoang, e sa neloang ke pula letsatsing la nyatso.+ 25 Baprofeta ba eona ba rera bolotsana ka har’a eona,+ joaloka tau e purumang, e rusollang phofu.+ Ba timetsa moea.+ Ba tsoela pele ho nka letlotlo le lintho tsa bohlokoa.+ Ba atisitse bahlolohali ka har’a eona.+ 26 Baprista ba eona ba sentse molao oa ka,+ ba ntse ba tsoela pele ho silafatsa libaka tsa ka tse halalelang.+ Ha baa khetholla+ pakeng tsa ntho e halalelang le e tloaelehileng,+ ha baa tsebahatsa letho pakeng tsa ntho e sa hloekang le e hloekileng,+ ba patetse lisabatha tsa ka mahlo,+ ’me ke hlompholotsoe har’a bona.+ 27 Likhosana tsa eona ka har’a eona li joaloka liphiri tse rusollang phofu ka ho tšolla mali,+ li timetsa meea ka morero oa ho etsa phaello ea ho hloka toka.+ 28 Baprofeta ba eona ba li litse ka sesoeufatsi,+ ba bona ntho eo e seng ea sebele+ ’me ba ba nohela leshano,+ ba re: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng,” le hoja Jehova a sa bua. 29 Sechaba se ntšetsa pele morero oa bolotsana ka ho nka ka mahahapa+ ’me se rusolotse ka tlatlapo,+ se tšoere ea hlorileng le mofutsana hampe,+ ’me se etselitse mojaki bolotsana ho se na toka.’+
30 “‘Ka tsoela pele ho batla har’a bona monna ea tla lokisa lerako la majoe+ le ho ema lekhalong+ ka pel’a ka bakeng sa naha, e le hore ke se ke ka e timetsa;+ ’me ha ho eo ke mo fumaneng. 31 Kahoo ke tla tšollela nyatso+ ea ka holim ’a bona. Ke tla ba felisa ka mollo oa khalefo ea ka.+ Ke tla tlisa tsela ea bona lihloohong tsa bona,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”