Ezekiele
31 Ka selemo sa leshome le motso o mong, ka khoeli ea boraro, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 2 “Mor’a motho, e-re ho Faro morena oa Egepeta le ho bongata ba hae,+
“‘U tšoana le mang ka boholo ba hao? 3 Bona! Moassyria, kedare ea Lebanone,+ e makala a matle,+ e makhasi a teteaneng a fanang ka moriti, le e telele,+ hoo ntlha ea eona e ka holimo-limo e neng e le har’a maru.+ 4 Ke metsi a entseng hore e be khōlō;+ boliba bo entse hore e be telele. Bo ne bo ea ka hohle sebakeng sa eona sa ho lema; ’me bo ne bo ntšetsa likotopo tsa bona lifateng tsohle tsa tšimo. 5 Ke ka lebaka leo e ileng ea e-ba telele ho feta lifate tse ling tsohle tsa naha.+
“‘Makala a eona a ile a ’na a ata, ’me makala a eona a ’na a tsoela pele ho lelefala ka lebaka la metsi a mangata a melatsoaneng ea eona.+ 6 Libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo tsa etsa lihlaha tsa tsona makaleng a eona,+ ’me libata tsohle tsa naha tsa tsoalla ka tlas’a makala a eona,+ ’me lichaba tse nang le baahi ba bangata li ne li lula ho eona. 7 Ea e-ba ntle boholong ba eona,+ boleleleng ba makhasi a eona, etsoe metso ea eona e ne e le metsing a mangata. 8 Likedare tse ling li ne li sa tšoane le eona serapeng sa Molimo.+ Ha e le lifate tsa junipere, li ne li sa tšoane le makala a eona. Lifate tsa poleini li ne li sa tšoane le eona ka makala. Ha ho sefate se seng serapeng sa Molimo se neng se tšoana le eona ka botle.+ 9 Ke e entse e le ntle ka makhasi a mangata,+ ’me lifate tse ling tsohle tsa Edene tse neng li le serapeng sa Molimo oa ’nete tsa ’na tsa e honohela.’+
10 “Ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka lebaka la hore e ile ea e-ba telele, hoo e ileng ea beha ntlha ea eona ka holimo-limo har’a maru+ ’me pelo ea eona ea phahama ka lebaka la bophahamo ba eona,+ 11 le eona ke tla nehelana ka eona matsohong a mohatelli oa lichaba.+ Ruri o tla nka bohato khahlanong le eona. Ke tla e leleka ho ea ka bokhopo ba eona.+ 12 Basele, bahatelli ba lichaba, ba tla e rema, batho ba tla e tlohela lithabeng; makhasi a eona a tla oela liphuleng tsohle, ’me makala a eona a tla robeha har’a likotopo tsohle tsa lefatše.+ Lichaba tsohle tsa lefatše li tla theoha li tlohe moriting oa eona li e tlohele.+ 13 Libōpuoa tsohle tse fofang tsa maholimo li tla lula kutung ea eona e oeleng, ’me ka sebele libata tsohle tsa naha li tla ba holim ’a makala a eona;+ 14 e le hore ho se ke ha e-ba leha se le seng sa lifate tse nosetsoang se ka bang selelele, kapa sa beha ntlha ea sona e ka holimo-limo ea sefate har’a maru, le hore ho se ke ha e-ba leha se le seng se noang metsi se ka emang khahlanong le tsona bophahamong ba tsona, etsoe ka sebele kaofela ha tsona li tla neheloa lefu,+ naheng e tlaase,+ ka har’a bara ba moloko oa batho, ho ba theohelang ka sekoting.’
15 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Letsatsing la ho theohela ha eona Sheole ka sebele ke tla baka ho siama.+ Ke tla koahela boliba ka lebaka la eona, hore ke thibele melapo ea bona le hore metsi a mangata a thijoe; ke tla fifatsa Lebanone ka lebaka la eona, ’me lifate tsa naha li tla omella kaofela ka lebaka la eona. 16 Ha ho utloahala molumo oa ho oa ha eona ka sebele ke tla etsa hore lichaba li sisinyehe ha ke e theolela Sheole hammoho le ba theohelang ka sekoting,+ ’me naheng e tlaase lifate tsohle tsa Edene,+ tse khethehileng le tse ntlehali tsa Lebanone, tsohle tse noang metsi, li tla tšelisoa.+ 17 Li theohetse Sheole le eona,+ ho ba bolailoeng ka sabole, le bao joaloka peō ea hae ba lutseng moriting oa eona har’a lichaba.’+
18 “‘U tšoana le mang ka khanya+ le ka boholo har’a lifate tsa Edene?+ Empa ka sebele u tla theoleloa tlaase le lifate tsa Edene naheng e tlaase.+ U tla robala har’a ba sa bollang ba bolailoeng ka sabole. Enoa ke Faro le bongata bohle ba hae,’ ho bolela ’Musi Morena Jehova.”