Daniele
12 “Nakong eo Mikaele+ o tla raoha, khosana e khōlō+ e emeng+ molemong oa bara ba sechaba sa heno.+ Ka sebele ho tla ba le nako ea mahlomola eo e joaloka eona e e-s’o ka e etsoa hore e be teng ho tloha ha ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo.+ Nakong eo sechaba sa heno se tla phonyoha,+ e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.+ 2 Ho tla ba le ba bangata ho ba robetseng lerōleng la lefatše ba tla tsoha,+ bana ba tsohele bophelong bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang+ ’me bao ba tsohele linyelisong le ho nyonyeheng ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.+
3 “Ba nang le temohisiso ba tla khanya joaloka ho khanya ha sepakapaka;+ ’me ba tlisang ba bangata ho lokeng,+ ba tla khanya joaloka linaleli ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.
4 “Ha e le uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka,+ ho fihlela nakong ea bofelo.+ Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”+
5 ’Na Daniele, ka talima, ’me, bonang! ho ne ho e-na le ba bang ba babeli ba emeng,+ e mong a le mona lebōpong la molapo ’me e mong a le mane lebōpong la molapo.+ 6 Joale e mong a re ho monna ea apereng line,+ ea neng a le ka holim ’a metsi a molapo: “E tla ba halelele hakae ho isa bofelong ba lintho tsee tse hlollang?”+ 7 Ka qala ho utloa monna ea apereng line, ea neng a le ka holim ’a metsi a molapo, ha a phahamisetsa letsoho la hae le letona le letsoho la hae le letšehali maholimong ’me a hlapanya+ ka Ea phelang ka nako e sa lekanyetsoang:+ “E tla ba ka nako e behiloeng, linako tse behiloeng le halofo.+ Hang ha ho phethiloe ho robakanngoa ha matla a sechaba se halalelang,+ lintho tsena tsohle li tla fela.”
8 Joale ha e le ’na, ke ile ka utloa, empa ha kea ka ka utloisisa;+ hoo ke ileng ka re: “Moren ’a ka, karolo e qetellang ea lintho tsee e tla ba eng?”+
9 A tsoela pele ho re: “Tsamaea, Daniele, hobane mantsoe ao a entsoe sephiri ’me a tiisitsoe ho fihlela nakong ea bofelo.+ 10 Ba bangata ba tla itlhoekisa+ le ho itšoeufatsa+ ’me ba tla tšekoa.+ Ka sebele ba khopo ba tla etsa bokhopo,+ ’me ho hang ha ho ba khopo ba tla utloisisa;+ empa ba nang le temohisiso ba tla utloisisa.+
11 “Ho tloha nakong eo ka eona ho tlositsoeng+ tšobotsi ea kamehla+ ’me ho behiloe ntho e nyonyehang+ e etsang lesupi, ho tla ba le matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a robong.
12 “Ho thaba+ ea lulang a lebeletse le ea fihlang matsatsing a sekete le makholo a mararo le mashome a mararo a metso e mehlano!
13 “Ha e le uena, e-ea bofelong;+ ’me u tla phomola,+ empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.”+