Hosea
12 “Baefraime ba iphepa ka moea+ ’me ba lelekisa moea oa bochabela letsatsi lohle.+ Ba atisa leshano le ho tlatlapa.+ Ba hlaba selekane le Assyria,+ ’me oli e tlisoa Egepeta.
2 “Jehova o na le nyeoe le Juda,+ esita le ho ahlola litaba khahlanong le Jakobo ho ea ka litsela tsa hae;+ o tla mo buseletsa ho ea ka mesebetsi ea hae.+ 3 Ka mpeng o ile a tšoara mor’abo ka serethe,+ ’me ka matla a hae a maholo a tsekisana le Molimo.+ 4 A ’na a tsekisana le lengeloi ’me qetellong a hlōla.+ A lla, e le hore a ka ikōpela mohau.”+
A mo fumana Bethele,+ ’me A qala ho bua le rōna moo.+ 5 Jehova Molimo oa mabotho,+ Jehova ke sehopotso sa hae.+
6 “Ha e le uena, u lokela ho khutlela ho Molimo oa hao,+ u boloke mosa o lerato+ le toka;+ ’me u ke u tšepe Molimo oa hao kamehla.+ 7 Ha e le rakhoebo, likala tsa thetso li letsohong la hae;+ o ratile ho etsa bolotsana.+ 8 Efraime o ntse a re, ‘Ka sebele, ke ruile;+ ke iphumanetse lintho tsa bohlokoa.+ Mabapi le ho sehla hohle ha ka, ba tla fumana ho se phoso eo e leng sebe ho ’na.’+
9 “Empa ke ’na Jehova Molimo oa hao ho tloha naheng ea Egepeta.+ Leha ho le joalo ke tla etsa hore u lule litenteng joaloka matsatsing a nako e behiloeng. 10 Ke ile ka bua le baprofeta,+ ’me ke atisitse lipono, ’me ke ’nile ka etsa litšoantšo ka matsoho a baprofeta.+
11 “Ho etsahetse se sa tloaelehang,+ le leshano+ Gileade. Ba entse esita le mahlabelo a lipoho Gilgale.+ Ho feta moo, lialetare tsa bona li joaloka liqubu tsa majoe litseleng tsa mehoma tsa naha e sabaletseng.+ 12 Jakobo o ile a qala ho balehela naheng ea Syria,+ ’me Iseraele+ a ’na a sebeletsa ho fumana mosali,+ ’me a lebela linku+ bakeng sa ho fumana mosali. 13 Jehova a ntša Iseraele Egepeta ka moprofeta,+ ’me a lebeloa ke moprofeta.+ 14 Efraime o bakile khopiso bohlokong,+ ’me liketso tsa hae tsa tšollo ea mali o li siea holim ’a hae,+ ’me Mong’a hae e Moholo o tla buseletsa nyeliso ea hae.”+