Hosea
2 “E-reng ho barab’abo lōna, ‘Sechaba sa ka!’+ le ho baralib’abo lōna, ‘Uena mosali ea bontšitsoeng mohau!’+ 2 Ntšetsang pele nyeoe le ’m ’a lōna;+ ntšetsang pele nyeoe, etsoe hase mosali oa ka+ ’me ha ke monna oa hae.+ O lokela ho tlosa bohlola ba hae ka pel’a hae le liketso tsa hae tsa ho feba pakeng tsa matsoele a hae,+ 3 e le hore ke se ke ka mo hlobolisa+ ’me ka mo beha joaloka letsatsing la ho tsoaloa ha hae,+ eaba ke mo beha joaloka lefeella+ ’me ke mo beha joaloka naha e se nang metsi+ eaba ke mo bolaea ka lenyora.+ 4 Nke ke ka bontša mohau ho bara ba hae,+ etsoe ke bara ba bohlola.+ 5 Etsoe ’m ’a bona o entse bohlola.+ Ea neng a ba imile o itšoere ka mokhoa o hlabisang lihlong,+ etsoe o itse, ‘Ke batla ho sala morao ba nthatang ka takatso e matla,+ ba mphang bohobe ba ka le metsi a ka, boea ba ka le line ea ka, oli ea ka le seno sa ka.’+
6 “Ka hona bona! ke etsetsa tsela ea hao lekhoakhoa la meutloa; ’me ke tla haha lerako la majoe khahlanong le eena,+ hoo a ke keng a fumana litsela tsa hae.+ 7 O tla lelekisa ba mo ratang ka takatso e matla, empa a ke ke a ba fihlela;+ ’me o tla ba batla, empa a ke ke a ba fumana. O tla lokela ho re, ‘Ke batla ho ea le ho khutlela ho monna oa ka,+ oa pele,+ etsoe ho bile molemo ho ’na ka nako eo ho feta hona joale.’+ 8 Empa ha aa ka a hlokomela+ hore ke ’na ea neng a mo file lijo-thollo+ le veine e monate le oli, le hore ke ne ke entse hore silevera e mo atele, le khauta, eo ba ileng ba e sebelisetsa Baale.+
9 “‘Ka hona ke tla khutla ’me ka sebele ke nke lijo-thollo tsa ka ka nako ea tsona le veine ea ka e monate ka nako ea eona,+ ’me ke tla hloibila boea ba ka le line ea ka bakeng sa ho koahela bofeela ba hae.+ 10 Joale ke tla apola litho tsa hae tse sephiring mahlong a ba mo ratang ka takatso e matla,+ ’me ho ke ke ha e-ba le monna ea tla mo hloibila letsohong la ka.+ 11 Ka sebele ke tla felisa thabo eohle ea hae e khaphatsehang,+ mokete oa hae,+ khoeli ea hae e thoasitseng+ le sabatha ea hae le nako e ’ngoe le e ’ngoe ea hae ea mokete. 12 Ke tla senya sefate sa hae sa morara+ le sefate sa hae sa feiga,+ seo a itseng ka sona: “Ke mpho ho ’na, eo ke e filoeng ke ba nthatang ka takatso e matla”; ’me ke tla li beha e le moru,+ ’me ka sebele sebata sa naha se tla li timetsa. 13 Ke tla ahlola litaba+ khahlanong le eena bakeng sa matsatsi a litšoantšo tsa Baale+ tseo a ’nileng a li etsetsa mosi oa sehlabelo,+ ha a ntse a ikhabisa ka lesale la hae le ka mokhabiso+ oa hae ’me a ntse a sala morao ba mo ratang ka takatso e matla,+ ’me ’na o ile a ntebala,’+ ho bolela Jehova.
14 “‘Ka hona bonang! kea mo susumetsa, ’me ke tla etsa hore a ee lefeelleng,+ ’me ke tla bua le pelo ea hae.+ 15 Ke tla mo fa lirapa tsa hae tsa morara ho tloha nakong eo ho ea pele,+ le khohlo ea Akore+ e le monyako oa tšepo; ka sebele o tla araba moo joaloka matsatsing a bocha ba hae+ le joaloka letsatsing la ho nyoloha ha hae naheng ea Egepeta.+ 16 Letsatsing leo,’ ho bolela Jehova, ‘u tla mpitsa monna oa Ka, ’me u ke ke ua hlola u mpitsa mong’a Ka.’+
17 “‘Ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tsa Baale molomong+ oa hae, ’me ha li sa tla hlola li hopoloa ka mabitso+ a tsona. 18 Ka sebele ke tla hlaba selekane letsatsing leo bakeng sa bona mabapi le sebata sa naha+ le sebōpuoa se fofang sa maholimo le sehahabi sa lefatše, ’me ke tla felisa seqha le sabole le ntoa naheng,+ ’me ke tla ba robatsa ka tšireletseho.+ 19 Ke tla u lebeletsa ka nako e sa lekanyetsoang,+ ’me ke tla u lebeletsa ka ho loka le ka toka le ka mosa o lerato le ka mohau.+ 20 Ke tla u lebeletsa ka botšepehi; ’me ka sebele u tla tseba Jehova.’+
21 “‘Ka letsatsi leo ke tla araba,’ ho bolela Jehova, ‘ke tla araba maholimo, ’me a tla araba lefatše;+ 22 lefatše le tla araba lijo-thollo+ le veine e monate le oli; ’me tsona li tla araba Jezriele [‘Molimo o tla jala peō’].+ 23 Ka sebele ke tla mo jala joaloka peō bakeng sa ka lefatšeng,+ ’me ke tla bontša mohau ho ea sa kang a bontšoa mohau,+ ’me ke tla re ho bao e seng sechaba sa ka: “Le sechaba sa ka”;+ ’me ba tla re: “U Molimo oa ka.”’”+