Hosea
9 “Le se ke la thaba, Lōna Baiseraele.+ Le se ke la itšoara joaloka ba thabileng joaloka lichaba.+ Etsoe le tlohile ho Molimo oa lōna ka bohlola.+ Le ratile limpho tsa tefo liotlong tsohle tsa lijo-thollo.+ 2 Seotlo le sehatelo ha li ba fepe,+ le veine e monate ea soabisa ho bona.+ 3 Ba ke ke ba tsoela pele ba lula naheng ea Jehova,+ ’me Baefraime ba tla khutlela Egepeta,+ ’me ba tla ja se sa hloekang Assyria.+ 4 Ba ke ke ba tsoela pele ho qhatsetsa Jehova veine.+ Mahlabelo a bona a ke ke a mo khahlisa;+ a joaloka bohobe ba linakong tsa ho siama ha bona;+ bohle ba bo jang ba tla itšilafatsa. Etsoe bohobe ba bona ke ba meea ea bona; bo ke ke ba tla ka tlung ea Jehova.+ 5 Le tla etsa’ng letsatsing la pokano le letsatsing la mokete oa Jehova?+ 6 Etsoe, bonang! ba tla lokela ho ea ka lebaka la tlatlapo.+ Egepeta e tla ba phutha;+ Memfise+ e tla ba pata. Ha e le lintho tsa bona tse lakatsehang tsa silevera, li tla ruuoa ke bobatsi;+ lihlahla tse meutloa li tla ba litenteng tsa bona.+
7 “Matsatsi a ho eloa hloko a tla tla;+ matsatsi a tefo e loketseng a tla tla.+ Ba Iseraele ba tla ho tseba.+ Moprofeta e tla ba leoatla,+ monna oa lipolelo tse bululetsoeng o tla hlanya ka lebaka la bongata ba phoso ea hao,+ esita le bongata ba lehloeo.”
8 Molebeli+ oa Efraime o ne a e-na le Molimo+ oa ka. Ha e le moprofeta,+ ho na le sefi sa ea tšoasang linonyana litseleng+ tsohle tsa hae; ho na le lehloeo ka tlung ea Molimo oa hae. 9 Ba tebetse tlaase ha ba tlisa pheliso,+ joaloka matsatsing a Gibea.+ O tla hopola phoso+ ea bona; o tla ela hloko libe tsa bona.
10 “Ke fumane Baiseraele joaloka morara lefeelleng.+ Ke bone baholo-holo ba lōna joaloka feiga e butsoang pele tšimolohong ea eona sefateng sa feiga.+ Ba ile ho Baale oa Peore,+ ’me ba qalile ho inehela nthong e hlabisang lihlong,+ ’me ba ile ba nyonyeha joaloka ntho eo ba e ratang.+ 11 Ha e le Baefraime, khanya ea bona e fofa joaloka sebōpuoa se fofang,+ hoo ho se nang pelehi, ho se nang le mpa e imileng ’me ho se nang kemolo.+ 12 Etsoe le hoja ba hōlisa bara ba bona, ke tla boela ke ba amohe bana hoo ho ke keng ha e-ba le monna;+ hobane—ho boetse ho malimabe bona ha ke ba furalla!+ 13 Efraime, eo ke mo boneng joaloka Tyre a lemiloe lekhulong,+ esita le Efraime o reretsoe ho ntšetsa bara ba hae esita le ho ’molai.”+
14 Jehova, ba fe seo u lokelang ho ba fa sona.+ Ba fe pōpelo e senyeheloang+ le matsoele a omellang.
15 “Bobe bohle ba bona bo ne bo le Gilgale,+ kaha moo ke ile ka lokela ho ba hloea.+ Ke tla ba leleka ka tlung ea ka ka lebaka la bobe ba mesebetsi ea bona.+ Nke ke ka tsoela pele ho ba rata.+ Likhosana tsohle tsa bona li iketsa tse manganga.+ 16 Baefraime ba tla lihuoa.+ Motso oa bona o tla omella.+ Ho ke ke ha e-ba le litholoana tseo ba li hlahisang.+ Hape, haeba ba tsoala, ke tla bolaea esita le lintho tse lakatsehang tsa limpa tsa bona.”+
17 Molimo+ oa ka o tla ba lahla, etsoe ha baa ka ba mo mamela,+ ’me ba tla fetoha babalehi har’a lichaba.+