Levitike
7 “‘Ona ke molao oa nyehelo ea molato:+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 2 Sebakeng+ seo kamehla ba hlabelang nyehelo ea secheso ho sona ba tla hlabela nyehelo ea molato teng, ’me e mong o tla fafatsa+ mali+ a eona ho potoloha aletare. 3 Ha e le mafura+ ’ohle a eona, o tla hlahisa ho tsoa ho ’ona mohatla o mafura le mafura a koahelang mala, 4 le liphio tse peli le mafura a holim ’a tsona a tšoanang le a holim ’a sehlana. Ha e le karolo e leketlileng sebeteng, o tla e tlosa hammoho le liphio.+ 5 Moprista a etse hore li kubelle aletareng e le nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova.+ Ke nyehelo ea molato. 6 E mong le e mong e motona har’a baprista o tla e ja.+ E tla jelloa sebakeng se halalelang. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 7 Joaloka nyehelo ea sebe, le nyehelo ea molato e joalo. Ho na le molao o le mong bakeng sa tsona.+ Moprista ea koahelang libe ka eona, e tla ba ea hae.
8 “‘Ha e le moprista ea hlahisang nyehelo ea secheso ea motho leha e le ofe, letlalo+ la nyehelo ea secheso eo a e hlahisitseng e tla ba la hae.
9 “‘Nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea lijo-thollo e ka apehoang ka ontong+ le e ’ngoe le e ’ngoe e etsetsoang ka har’a pitsa+ e tšelang mafura a mangata le holim ’a pane+ ke ea moprista ea e hlahisang. E tla ba ea hae.+ 10 Empa nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe e kolobisitsoeng ka oli+ kapa e omileng+ e tla ba ea bara bohle ba Arone, e mong ka ho lekana le e mong.
11 “‘Joale ona ke molao oa sehlabelo se kopanetsoeng+ seo mang kapa mang a tla se hlahisa ho Jehova: 12 Haeba a se hlahisa e le pontšo ea liteboho,+ joale a hlahise hammoho le sehlabelo sa liteboho mahobe a sa lomosoang a lesoba hare a kolobisitsoeng ka oli le liphaphatha tse sa lomosoang tse tlotsitsoeng ka oli+ le phofo e thumisehileng e tsoakiloeng hantle e le mahobe a lesoba hare a kolobisitsoeng ka oli. 13 Hammoho le mahobe a lesoba hare a lomositsoeng+ o tla hlahisa nyehelo ea hae le sehlabelo sa liteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsoeng. 14 Ho eona a hlahise e le ’ngoe nyehelong ka ’ngoe e le karolo e halalelang ho Jehova;+ ha e le moprista ea fafatsang mali a mahlabelo a kopanetsoeng, e tla ba ea hae.+ 15 Nama ea sehlabelo sa liteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsoeng e lokela ho jeoa letsatsing leo a etsang nyehelo ka lona. A se ke a boloka leha e le efe ea eona ho fihlela hoseng.+
16 “‘Haeba sehlabelo sa nyehelo ea hae e le nyehelo ea boitlamo+ kapa ea boithaopo,+ se lokela ho jeoa letsatsing leo a hlahisang sehlabelo sa hae ka lona, ’me letsatsing le hlahlamang se salang ho sona le sona se ka jeoa. 17 Empa nama e setseng ea sehlabelo e lokela ho chesoa ka mollo+ ka letsatsi la boraro. 18 Leha ho le joalo, haeba nama leha e le efe ea sehlabelo sa hae se kopanetsoeng e ka jeoa letsatsing la boraro, ea e hlahisang a ke ke a amoheleha.+ E ke ke ea kenngoa tlalehong ea hae.+ E tla ba ntho e silafetseng, ’me moea o jang e ’ngoe ea eona o tla arabella phoso+ ea oona. 19 Nama e ka amang ntho leha e le efe e sa hloekang+ e se ke ea jeoa. E lokela ho chesoa ka mollo. Ha e le nama, e mong le e mong ea hloekileng a ka ja nama eo.
20 “‘Moea o jang nama ea sehlabelo se kopanetsoeng, sa Jehova, ha o ntse o sa hloeka, moea oo o felisoe sechabeng+ sa habo oona. 21 Haeba moea o ama ntho leha e le efe e sa hloekang, ho se hloeke ha motho+ kapa phoofolo+ e sa hloekang kapa ntho leha e le efe e nyonyehang e sa hloekang,+ ’me ha e le hantle o ja e ’ngoe ea nama ea sehlabelo se kopanetsoeng, sa Jehova, moea oo o felisoe sechabeng sa habo oona.’”
22 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 23 “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Le se ke la ja mafura+ leha e le afe a poho kapa a pheleu e nyenyane kapa a pōli. 24 Joale mafura a ntho e seng e shoele le mafura a phoofolo e rusolotsoeng+ a ka sebelisetsoa ntho leha e le efe e ka nahanoang, empa ho hang le se ke la a ja. 25 Etsoe mang kapa mang ea jang mafura a phoofolo eo a e hlahisang e le nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova, moea o jang o felisoe+ sechabeng sa habo oona.
26 “‘Le se ke la ja mali+ leha e le afe libakeng leha e le life tseo le lulang ho tsona, ebang ke a nonyana kapa a phoofolo. 27 Moea leha e le ofe o jang mali leha e le afe, moea oo o felisoe+ sechabeng sa habo oona.’”
28 Jehova a tsoela pele ho bua le Moshe, a re: 29 “Bua le bara ba Iseraele, u re, ‘Ea hlahisang sehlabelo sa hae se kopanetsoeng ho Jehova o tla tlisa nyehelo ea hae ho Jehova e tsoa sehlabelong sa hae se kopanetsoeng.+ 30 Matsoho a hae a tla tlisa mafura+ a holim ’a sefuba e le linyehelo tsa Jehova tse entsoeng ka mollo. O tla a tlisa hammoho le sefuba hore a li tsokele koana le koana e le nyehelo+ e tsokoang ka pel’a Jehova. 31 Moprista a etse hore mafura a kubelle+ holim ’a aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le sa bara ba hae.+
32 “‘Le tla fa moprista leoto le letona e le karolo+ e halalelang e tsoang mahlabelong a lōna a kopanetsoeng. 33 E mong oa bara ba Arone ea hlahisang mali a mahlabelo a kopanetsoeng le mafura, leoto le letona e tla ba kabelo ea hae.+ 34 Etsoe mahlabelong a kopanetsoeng a bara ba Iseraele ke nka sefuba sa nyehelo+ e tsokoang le leoto la karolo e halalelang, ’me ke tla li fa moprista Arone le bara ba hae, e le molao oa tsamaiso ho isa nakong e sa lekanyetsoang, ho bara ba Iseraele.
35 “‘Ena e ne e le karolo ea boprista ea Arone le karolo ea boprista ea bara ba hae linyehelong tsa Jehova tse entsoeng ka mollo, letsatsing leo a ba hlahisitseng+ ka lona ho sebetsa e le baprista ho Jehova, 36 feela joalokaha Jehova a laetse hore ba e fuoe letsatsing leo a ba tlotsang+ ka lona har’a bara ba Iseraele. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa meloko ea bona.’”+
37 Ona ke molao mabapi le nyehelo ea secheso,+ nyehelo ea lijo-thollo+ le nyehelo ea sebe+ le nyehelo ea molato+ le sehlabelo sa tlhomamiso+ le sehlabelo se kopanetsoeng,+ 38 feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe Thabeng ea Sinai+ letsatsing leo a laetseng bara ba Iseraele ka lona hore ba hlahise linyehelo tsa bona ho Jehova lefeelleng la Sinai.+