Levitike
8 Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Nka Arone hammoho le bara ba hae+ le liaparo+ le oli+ e tlotsang le poho ea nyehelo ea sebe+ le lipheleu tse peli le baskete ea mahobe a sa lomosoang,+ 3 ’me u etse hore phutheho eohle e phuthehele+ monyako oa tente ea pokano.”+
4 Joale Moshe a etsa feela joalokaha Jehova a ne a mo laetse, ’me phutheho ea phuthehela monyako+ oa tente ea pokano. 5 Joale Moshe a re ho phutheho: “Ena ke ntho eo Jehova a laetseng hore e etsoe.”+ 6 Kahoo Moshe a atametsa Arone le bara ba hae ’me a ba hlatsoa+ ka metsi.+ 7 Ka mor’a moo a mo apesa seaparo se selelele sa ka holimo+ ’me a mo tlama ka leqhama+ eaba o mo apesa seaparo+ se se nang matsoho ’me o mo apesa efoda+ eaba o mo tlama ka senyepa+ sa efoda ’me o e tlamella ho eena ka thata. 8 Ka mor’a moo a mo apesa kotla ea sefuba+ ’me a kenya Urime le Thumime+ ka har’a kotla ea sefuba. 9 Joale a mo roesa tuku+ hloohong ’me karolong e ka pele ea tuku a beha lekapa le benyang la khauta, pontšo e halalelang ea boinehelo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
10 Joale Moshe a nka oli e tlotsang ’me a tlotsa tabernakele+ le sohle se ho eona ’me a li halaletsa. 11 Ka mor’a moo a e fafatsa ka makhetlo a supileng aletareng+ eaba o tlotsa aletare le lisebelisoa tsohle tsa eona le beisine le seluloana sa eona e le hore a li halaletse. 12 Qetellong a tšela Arone hloohong ka oli e tlotsang eaba oa mo tlotsa e le hore a mo halaletse.+
13 Joale Moshe a atametsa+ bara ba Arone eaba o ba apesa liaparo tse telele tsa ka holimo ’me o ba tlama ka maqhama+ eaba o ba thatela ka se roaloang hloohong,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
14 Joale a khanna poho+ ea nyehelo ea sebe ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho holim ’a hlooho+ ea poho ea nyehelo ea sebe. 15 Moshe a e hlaba+ ’me a nka mali+ eaba o a tlotsa ka monoana manakeng a aletare ho e potoloha ’me o hloekisa aletare sebeng, empa mali a mang kaofela a a tšela karolong e ka tlaase ea aletare, hore a e halaletse e le hore a tle a koahele libe+ holim ’a eona. 16 Ka mor’a moo a nka mafura ’ohle a holim ’a mala, le karolo e leketlileng sebeteng le liphio tse peli le mafura a tsona eaba Moshe o etsa hore li kubelle aletareng.+ 17 A chesa ka mollo poho le letlalo la eona le nama ea eona le bolokoe ba eona ka ntle ho liahelo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
18 Joale a atametsa pheleu ea nyehelo ea secheso, ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho holim ’a hlooho ea pheleu.+ 19 Ka mor’a moo Moshe a e hlaba eaba o fafatsa mali ho potoloha aletare.+ 20 A khabela pheleu likotoana,+ ’me Moshe a etsa hore hlooho le likotoana le mohlehlo li kubelle. 21 A hlatsoa mala le litlhakoana ka metsi, joale Moshe a etsa hore pheleu kaofela e kubelle aletareng.+ E ne e le nyehelo ea secheso bakeng sa monko o khathollang.+ E ne e le nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
22 Joale a atametsa pheleu ea bobeli, pheleu ea tlhomamiso,+ ’me Arone le bara ba hae ba beha matsoho holim ’a hlooho ea pheleu. 23 Ka mor’a moo Moshe a e hlaba eaba o nka mali a eona ’me o a tlotsa ntlheng ea tsebe e tona ea Arone le monoaneng o motona oa letsoho la hae le letona le monoaneng o motona oa leoto la hae le letona.+ 24 Ka mor’a moo Moshe a atametsa bara ba Arone eaba o tlotsa lintlha tsa litsebe tsa bona tse tona le menoana e metona ea matsoho a bona a matona le menoana e metona ea maoto a bona a matona ka mali; empa Moshe a fafatsa mali a mang kaofela ho potoloha aletare.+
25 Joale a nka mafura le mohatla o mafura le mafura ’ohle a holim ’a mala,+ le karolo e leketlileng sebeteng le liphio tse peli le mafura a tsona le leoto le letona.+ 26 Ka har’a baskete ea mahobe a sa lomosoang e ka pel’a Jehova a nka bohobe bo le bong bo sa lomosoang bo lesoba hare+ le bohobe bo le bong bo lesoba hare ba bohobe+ bo nang le oli le sephaphatha se le seng.+ Joale a li beha holim ’a likarolo tse mafura le leoto le letona. 27 Ka mor’a moo kaofela ha tsona a li beha holim ’a liatla tsa Arone le liatla tsa bara ba hae eaba o qala ho li tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ 28 Joale Moshe a li nka liatleng tsa bona eaba o etsa hore li kubelle aletareng holim ’a nyehelo ea secheso.+ E ne e le sehlabelo sa tlhomamiso+ bakeng sa monko o khathollang.+ E ne e le nyehelo e entsoeng ka mollo ea Jehova.+
29 Moshe a nka sefuba+ ’me a se tsokela koana le koana e le nyehelo e tsokoang ka pel’a Jehova.+ E bile kabelo+ ea Moshe e tsoang pheleung ea tlhomamiso, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
30 Ka mor’a moo Moshe a nka oli+ e ’ngoe e tlotsang le mali a mang a holim ’a aletare eaba o li fafatsa holim ’a Arone le liaparong tsa hae le holim ’a bara ba hae le liaparong tsa bara ba hae. Kahoo a halaletsa+ Arone le liaparo tsa hae le bara ba hae le liaparo tsa bara+ ba hae ba nang le eena.
31 Joale Moshe a re ho Arone le bara ba hae: “Phehang+ nama monyako oa tente ea pokano, ’me le tla e jella+ teng le bohobe bo ka basketeng ea tlhomamiso, feela joalokaha ke filoe taelo, e reng, ‘Arone le bara ba hae ba tla e ja.’ 32 Nama le bohobe bo setseng le tla li chesa ka mollo.+ 33 Le se ke la tloha monyako oa tente ea pokano ka matsatsi a supileng,+ ho fihlela letsatsing la ho phethahala ha matsatsi a tlhomamiso ea lōna, hobane ho tla nka matsatsi a supileng ho tlatsa matsoho a lōna matla.+ 34 Feela joalokaha ho entsoe letsatsing lena, Jehova o laetse hore ho etsoe e le hore ho koaheloe libe tsa lōna.+ 35 Le tla lula monyako oa tente ea pokano bosiu le motšehare ka matsatsi a supileng,+ ’me le boloke tebelo e tlamang ea Jehova,+ hore le se ke la shoa; etsoe ke laetsoe joalo.”
36 Arone le bara ba hae ba etsa lintho tsohle tseo Jehova a neng a li laetse ka Moshe.