Amose
9 Ka bona Jehova a eme holim ’a aletare,+ a re: “Otla hlooho ea tšiea, e le hore menyako e tle e reketle. U ba khaole lihlooho, kaofela ha bona.+ Karolo ea ho qetela ea bona ke tla e bolaea ka sabole. Ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla khona ho baleha, ’me ha ho le ea mong oa bona ea balehang ea tla phonyoha.+ 2 Haeba ba cheka ho kena tlaase Sheole, letsoho la ka le tla ba ntša moo;+ haeba ba nyolohela maholimong, ke tla ba theola moo.+ 3 Haeba ba ipata ka holim ’a Karmele, ke tla ba batlisisa moo ’me ka sebele ke tla ba nka.+ Haeba ba ipatela mahlo a ka fatše leoatleng,+ ke tla laela noha tlaase moo, ’me e tla ba loma. 4 Haeba ba ea kholehong ka pel’a lira tsa bona, ke tla laela sabole moo, ’me e tla ba bolaea;+ ke tla beha mahlo a ka holim ’a bona bakeng sa bobe, eseng bakeng sa molemo.+ 5 ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, ke eena Ea amang naha, e le hore e qhibilihe;+ baahi bohle ba ho eona ba tla lokela ho siama;+ ka sebele e tla nyoloha joaloka Nile, kaofela ha eona, ’me e kokobele joaloka Nile ea Egepeta.+
6 “‘Ea hahang litepisi tsa hae maholimong,+ le mohaho oa hae holim ’a lefatše leo a le thehileng;+ ea bitsang metsi a leoatle,+ e le hore a ka a tšollela holim ’a lefatše+—lebitso la hae ke Jehova.’+
7 “‘Na ha le joaloka bara ba Bakushe ho ’na, Lōna bara ba Iseraele?’ ho bolela Jehova. ‘Na ha kea ka ka ntša Iseraele naheng ea Egepeta,+ le Bafilista+ Kreta, le Syria Kire?’+
8 “‘Bonang! Mahlo a ’Musi Morena Jehova a holim ’a ’muso o nang le sebe,+ ’me ka sebele o tla o felisa holim ’a lefatše.+ Leha ho le joalo, nke ke ka felisa ntlo ea Jakobo,’+ ho bolela Jehova. 9 ‘Etsoe, bonang! kea laela, ’me ke tla tsokotsa ntlo ea Iseraele har’a lichaba+ tsohle, feela joalokaha motho a tsokotsa sefe, hoo leha e le lejoana le lechitja le sa oeleng fatše. 10 Ba tla shoa ka sabole—baetsalibe bohle ba batho ba ka,+ ba reng: “Tlokotsi e ke ke ea atamela kapa ea fihla ho rōna.”’+
11 “‘Letsatsing leo ke tla emisa+ lephephe+ la Davida le oeleng,+ ’me ka sebele ke tla lokisa makhalo a bona. Ke tla tsosa lithako tsa lona, ’me ka sebele ke tla le haha joaloka matsatsing a khale,+ 12 e le hore ba ka rua se siiloeng Edomo,+ le lichaba tsohle tseo lebitso la ka le bitsoang ho tsona,’+ ho bolela Jehova, ea etsang sena.
13 “‘Bonang! Matsatsi aa tla,’ ho bolela Jehova, ‘’me molemi o tla fihlela mokotuli,+ ’me ea hatakelang morara, a fihlele mojali oa peō;+ ’me lithaba li tla rotha veine e monate,+ ’me maralla ’ohle a tla qhibiliha.+ 14 Ke tla khutlisa baholehuoa ba batho ba ka ba Iseraele,+ ’me ba tla haha metse e entsoeng lesupi le ho lula ho eona,+ ’me ba leme lirapa tsa morara le ho noa veine ea tsona, ’me ba etse lirapa le ho ja litholoana tsa tsona.’+
15 “‘Ka sebele ke tla ba hloma naheng ea bona, ’me ha ba sa tla hlola ba fotholoa lefatšeng la bona leo ke ba fileng lona,’+ ho boletse Jehova Molimo oa lōna.”