Obadia
Obadia
1 Pono ea Obadia:
Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng mabapi le Edomo:+ “Ho na le tlaleho eo re e utloileng ho Jehova, ’me ho na le moromuoa ea rometsoeng har’a lichaba, ‘Emang, ’me re mo tsoheleng matla ntoeng.’”+
2 “Bona! Ke u entse hore u be monyenyane har’a lichaba.+ U nyeliseha haholo.+ 3 Ho iketelletsa pele ha pelo ea hao ke hona ho u thetsitseng,+ uena ea lulang tšireletsong ea lefika,+ bophahamong boo a lulang ho bona, a re ka pelong ea hae, ‘Ke mang ea tla ntheolela fatše?’ 4 Haeba u ka etsa hore boemo ba hao e be bo phahameng joaloka ntsu, kapa haeba sehlaha sa hao se ne se ka behoa har’a linaleli, ke ne ke tla u theola moo,”+ ho bolela Jehova.
5 “Haeba e ne e le masholu a neng a kene ho uena, haeba batlatlapi ba ne ba kene bosiu, u ka be u khutsisitsoe ho isa tekanyong efe?+ Na ba ne ba ke ke ba utsoa haholo kamoo ba batlang kateng? Kapa haeba e ne e le ba khang morara ba neng ba kene ho uena, na ba ne ba ke ke ba siea se seng se khoahlapisitsoeng?+ 6 Ba Esau ba batlisisitsoe ho isa tekanyong e kaakang!+ Matlotlo a hae a patiloeng a batlisisitsoe hakaakang! 7 Ba u rometse ho ea fihla moeling. Banna ba leng selekaneng le uena ba u thetsitse+ bohle. Banna ba leng khotsong le uena ba u hlōtse.+ Ba jang lijo le uena ba tla beha letlooa ka tlas’a hao joaloka eo ho se nang temoho+ ho eena. 8 Na ho ke ke ha e-ba joalo letsatsing leo?” ho bolela Jehova.
“Ka sebele ke tla timetsa ba bohlale ho tsoa Edomo,+ le temoho ho tsoa sebakeng se lithaba sa Esau. 9 Banna ba hao ba matla ba tla tšoha,+ Uena Temane,+ ka lebaka la hore e mong le e mong o tla felisoa+ sebakeng se lithaba sa Esau, ka lebaka la polao.+ 10 Ka lebaka la pefo ho mor’eno Jakobo,+ lihlong li tla u koahela,+ ’me u tla lokela ho felisoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ 11 Letsatsing leo ka lona u neng u eme ka thōko, letsatsing leo ka lona basele ba ileng ba isa lebotho la hae la sesole kholehong+ le ha basele ba totobetseng ba kena hekeng+ ea hae ’me ba lahla lotho+ bakeng sa Jerusalema, le uena u ne u le joaloka e mong oa bona.
12 “Ha ua tšoanela ho shebella pono letsatsing la mor’eno,+ letsatsing la tsietsi ea hae; ha ua tšoanela ho thabela bara ba Juda letsatsing la ho timela ha bona;+ ’me ha ua tšoanela ho ba le molomo o moholo letsatsing la mahlomola a bona. 13 Ha ua tšoanela ho kena hekeng ea batho ba ka letsatsing la koluoa ea bona.+ Ha ua tšoanela ho talima tlokotsi ea hae letsatsing la koluoa ea hae; ’me ha ua tšoanela ho otlollela letsoho leruong la hae letsatsing la koluoa ea hae.+ 14 Ha ua tšoanela ho ema moo litsela li arohanang, e le ho felisa baphonyohi+ ba hae; ’me ha ua tšoanela ho nehelana ka baphonyohi ba hae letsatsing la mahlomola.+ 15 Etsoe letsatsi la Jehova khahlanong le lichaba tsohle le haufi.+ Tsela eo u entseng ka eona, ho tla etsoa ka eona ho uena.+ Mofuta oa tšoaro ea hao o tla khutlela hloohong+ ea hao. 16 Etsoe tsela eo le noeleng ka eona holim ’a thaba ea ka e halalelang, lichaba tsohle li tla ’ne li noe ka eona kamehla.+ Ka sebele li tla noa le ho koenya ’me li be joalokaha eka ha ho mohla li kileng tsa e-ba teng.
17 “Thabeng ea Sione ke moo ba phonyohang ba tla ba teng,+ e tla ba ntho e halalelang;+ ’me ntlo ea Jakobo e tla rua lintho tseo ba tla li rua.+ 18 Ntlo ea Jakobo e tla ba mollo,+ ntlo ea Josefa e be lelakabe, ’me ntlo ea Esau e be joaloka litlhaka;+ ba tla ba chesa ’me ba timetse. Ho ke ke ha e-ba le mophonyohi ntlong ea Esau;+ etsoe Jehova o boletse. 19 Ba tla rua Negebe, esita le sebaka se lithaba sa Esau,+ le sa Shefela, esita le sa Bafilista.+ Ba tla rua naha ea Efraime+ le naha ea Samaria;+ ’me Benjamine o tla rua Gileade.+ 20 Ha e le baholehuoa ba ’mōtomōto+ ona, se neng se ruiloe ke Bakanana+ e tla ba sa bara ba Iseraele ho ea fihla Sarepta.+ Baholehuoa ba Jerusalema, ba neng ba le Sefarade, ba tla rua metse ea Negebe.+
21 “Ka sebele bapholosi+ ba tla nyolohela Thabeng ea Sione,+ e le ho ahlola sebaka se lithaba sa Esau;+ ’me borena e tla ba ba Jehova.”+