Zakaria
Zakaria
1 Ka khoeli ea borobeli selemong sa bobeli sa Dariuse+ lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Zakaria+ mora oa Berekia mora oa Ido,+ la re: 2 “Jehova o ile a halefela bo-ntat’a lōna—haholo.+
3 “U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “‘Khutlelang ho ’na,’+ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘’me ke tla khutlela ho lōna,’+ ho boletse Jehova oa mabotho.”’
4 “‘Le se ke la tšoana le bo-ntat’a lōna+ bao baprofeta ba pele ba ileng ba ba bitsa,+ ba re: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Ka kōpo, khutlang litseleng tsa lōna tse mpe le mesebetsing ea lōna e mebe.’”’+
“‘Empa ha baa ka ba mamela, ’me ha baa ka ba nkela hloko,’+ ho bolela Jehova.
5 “‘Ha e le bo-ntat’a lōna, ba hokae?+ Ha e le baprofeta,+ na ba ile ba tsoela pele ho phela ho isa nakong e sa lekanyetsoang? 6 Leha ho le joalo, mabapi le mantsoe a ka le melao ea ka ea tsamaiso eo ke e laetseng bahlanka ba ka, baprofeta,+ na ha aa fella ka bobe ho bo-ntat’a lōna?’+ Kahoo ba ile ba khutla ’me ba re: ‘Ho ea ka seo Jehova oa mabotho a neng a hopotse ho se etsa ho rōna,+ ho ea ka litsela tsa rōna le ho ea ka mesebetsi ea rōna, ke kamoo a re entseng kateng.’”+
7 Ka letsatsi la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ea leshome le motso o mong, ke hore, khoeli ea Shebate, selemong sa bobeli sa Dariuse,+ lentsoe la Jehova la hlaha ho moprofeta Zakaria+ mora oa Berekia mora oa Ido,+ la re: 8 “Ke ile ka talima bosiu, ’me, bonang! monna+ ea palameng pere e khubelu,+ o ne a eme a sa sisinyehe har’a lifate tsa myrte + tse neng li le sebakeng se tebileng; ’me ka mor’a hae ho ne ho e-na le lipere tse khubelu, tse bofubelu bo khanyang, le tse tšoeu.”+
9 Kahoo ka re: “Ke bo-mang baa, moren ’a ka?”+
Eaba lengeloi le neng le bua le ’na le re+ ho ’na: “Ke tla u bontša hore na bana ke bo-mang.”
10 Joale monna ea neng a eme a sa sisinyehe har’a lifate tsa myrte a araba ’me a re: “Bana ke bao Jehova a ba rometseng ho tsamaea hohle lefatšeng.”+ 11 Eaba ba araba lengeloi la Jehova le neng le eme har’a lifate tsa myrte le ho re: “Re tsamaile hohle lefatšeng,+ ’me, bona! lefatše lohle le lutse le khutsitse le se na khathatso.”+
12 Kahoo lengeloi la Jehova la araba ’me la re: “Jehova oa mabotho, ke halelele hakae u ke keng ua bontša mohau ho Jerusalema le ho metse ea Juda,+ eo u e nyatsitseng lilemong tsena tse mashome a supileng?”+
13 Jehova a araba lengeloi le neng le bua le ’na, ka mantsoe a molemo, mantsoe a tšelisang;+ 14 ’me lengeloi le neng le bua le ’na la tsoela pele ho re ho ’na: “Hoeletsa, u re, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke ’nile ka boulella Jerusalema le Sione ka poulelo e khōlō.+ 15 Ka khalefo e khōlō ke halefetse lichaba tse lutseng ka boiketlo;+ hobane ke ile ka halefa ho isa tekanyong e nyenyane feela,+ empa ba ile ba thusa mabapi le tlokotsi.”’+
16 “Ka hona sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘“Ka sebele ke tla khutlela Jerusalema ka mehauhelo.+ Ntlo ea ka e tla hahuoa teng,”+ ho bolela Jehova oa mabotho, “’me khoele ea ho lekanya e tla otlolloa holim ’a Jerusalema.”’+
17 “Hoeletsang ka ho eketsehileng, le re: ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Metse ea ka e sa tla khaphatseha ka molemo;+ ka sebele Jehova o sa tla ikutloa a soabile ka lebaka la Sione+ ’me o sa tla khetha Jerusalema.”’”+
18 Ka phahamisa mahlo ’me ka talima; bonang! ho ne ho e-na le linaka tse ’nè.+ 19 Kahoo ka re ho lengeloi le neng le bua le ’na: “Ke ling tsee?” Lona la re ho ’na: “Ke linaka tse ileng tsa qhalakanya Juda,+ Iseraele+ le Jerusalema.”+
20 Ho feta moo, Jehova a mpontša litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tse ’nè. 21 Eaba ke re: “Tsee li tlil’o etsa’ng?”
A tsoela pele ho re: “Ke linaka+ tse ileng tsa qhalakanya Juda ho isa tekanyong ea hore ho hang ho se ke ha e-ba le ea mong ea phahamisang hlooho; ’me tsena tse ling li tla etsa hore li thothomele, li lahlele fatše linaka tsa lichaba tse phahamisang lenaka khahlanong le naha ea Juda, bakeng sa ho e qhalakanya.”+