Zakaria
10 “Etsang likōpo tsa lōna ho Jehova bakeng sa pula+ nakong ea pula ea selemo,+ ho Jehova ea etsang maru a sefefo,+ le ea fanang ka pula ea litloebelele ho bona,+ ea fanang ka limela ho e mong le e mong tšimong.+ 2 Etsoe literafime+ li buile se sa tloaelehang; ’me linohe li bone lipono tsa bohata,+ ’me li tsoela pele ho bua litoro tsa lefeela, ’me li leka ho tšelisa ka ho se nang thuso.+ Ke ka lebaka leo ka sebele ba tlang ho tloha joaloka mohlape;+ ba tla hlora, hobane ha ho molisa.+
3 “Bohale ba ka bo tuketse balisa,+ ’me ke tla ahlola litaba+ khahlanong le baeta-pele ba joaloka lipōli;+ etsoe Jehova oa mabotho o lebisitse tlhokomelo ea hae mohlapeng oa hae,+ ba ntlo ea Juda, ’me o ba entse joaloka pere+ ea hae e hlomphehang ntoeng. 4 Ho eena ho tsoa monna oa bohlokoa,+ ho eena ho tsoa ’musi ea tšehetsang,+ ho eena ho tsoa seqha sa ntoa;+ ho eena ho tsoa e mong le e mong ea fanang ka mosebetsi,+ bohle hammoho. 5 Ba tla ba joaloka banna ba matla+ ba hatakelang seretseng sa literata ntoeng.+ Ba tla kenella ntoeng, kaha Jehova o na le bona;+ ’me bapalami ba lipere ba tla hlajoa ke lihlong.+ 6 Ke tla etsa hore ba ntlo ea Juda e be ba phahameng, ’me ke tla pholosa ba ntlo ea Josefa.+ Ke tla ba fa bolulo, etsoe ke tla ba bontša mohau;+ ’me ba tla ba joaloka bao ke neng ke sa ba lahla;+ etsoe ke ’na Jehova Molimo oa bona, ’me ke tla ba araba.+ 7 Ba Efraime ba tla ba joaloka monna ea matla,+ ’me lipelo tsa bona li tla thaba joalokaha eka li thabisoa ke veine.+ Bara ba bona ba tla bona ’me ka sebele ba thabe;+ lipelo tsa bona li tla thabela Jehova.+
8 “‘Ke tla ba letsetsa mololi+ ’me ke ba phuthe; etsoe ka sebele ke tla ba lopolla,+ ’me ba tla ngatafala, feela joaloka ba ngatafetseng.+ 9 Ke tla ba hasanya joaloka peō har’a lichaba,+ ’me libakeng tse hōle ba tla nkhopola;+ ’me ba tla hlaphoheloa hammoho le bara ba bona ’me ba khutle.+ 10 Ke tla ba khutlisa naheng ea Egepeta;+ ’me ke tla ba phutha Assyria;+ ’me ke tla ba tlisa naheng ea Gileade+ le ea Lebanone, ’me ho ke ke ha fumanoa sebaka bakeng sa bona.+ 11 O tla feta ho pholletsa le leoatle ka mahlomola;+ ’me leoatleng o tla otla maqhubu,+ ’me boliba bohle ba Nile bo tla psha.+ Boikakaso ba Assyria bo tla theoloa,+ ’me lere la borena+ la Egepeta le tla tloha.+ 12 Ke tla etsa hore e be ba phahameng ka Jehova,+ ’me ba tla tsamaea ka lebitso la hae,’+ ho bolela Jehova.”