Zakaria
4 Lengeloi le neng le bua le ’na la khutla ’me la ntsosa, joaloka motho ea tsosoang borokong.+ 2 Joale la re ho ’na: “U bona’ng?”+
Kahoo ka re: “Ke talimile, ’me, bona! ho na le seluloana sa lebone, kaofela ha sona ke khauta,+ ho na le sekotlolo holim ’a sona. Mabone a sona a supileng a holim ’a sona, ’ona a supileng;+ ’me mabone a leng holim ’a sona a na le liphaephe tse supileng. 3 Ho na le lifate tse peli tsa mohloaare haufi le sona,+ se seng ka lehlakoreng le letona la sekotlolo ’me se seng ka lehlakoreng le letšehali la sona.”
4 Joale ka araba lengeloi le neng le bua le ’na, ka re: “Lintho tsee li bolela’ng, moren ’a ka?”+ 5 Kahoo lengeloi le neng le bua le ’na la araba ’me la re ho ’na: “Na ka sebele ha u tsebe hore na lintho tsee li bolela’ng?”
Eaba ke re: “Che, moren ’a ka.”+
6 Tumellanong le hoo la araba ’me la re ho ’na: “Lena ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng, ‘“Eseng ka lebotho la sesole,+ kapa ka matla,+ empa ka moea oa ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho. 7 U mang, Uena thaba e khōlō?+ U tla fetoha sebaka se motsitsa ka pel’a Zorobabele.+ Ka sebele o tla hlahisa lejoe la sehlooho.+ Ho tla ba le mehoo+ e eang ho lona: “Le khahleha hakaakang! Le khahleha hakaakang!”’”+
8 Lentsoe la Jehova la boela la hlaha ho ’na, la re: 9 “Matsoho a Zorobabele a ralile motheo oa ntlo ena,+ ’me matsoho a hae a tla e phetha.+ Le tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lōna.+ 10 Etsoe ke mang ea nyelisitseng letsatsi la lintho tse nyenyane?+ Ka sebele ba tla thaba+ ’me ba bone sekitiloto letsohong la Zorobabele. Ana a supileng ke mahlo a Jehova.+ A qamaka lefatšeng lohle.”+
11 Ka araba ka re ho lona: “Lifate tsee tse peli tsa mohloaare tse leng ka lehlakoreng le letona la seluloana le tse leng ka lehlakoreng le letšehali la sona li bolela’ng?”+ 12 Joale ka araba ka lekhetlo la bobeli ’me ka re ho lona: “Masihla a makala a mabeli a lifate tsa mohloaare ke eng, ao ka lebaka la mathōpo a khauta a mabeli, a tšollang mokelikeli oa khauta?”
13 Kahoo la re ho ’na: “Na ka sebele ha u tsebe hore na lintho tsee li bolela’ng?”
Eaba ke re: “Che, moren ’a ka.”+
14 Ka lebaka leo la re: “Bana ke batlotsuoa ba babeli+ ba emeng haufi le Morena oa lefatše lohle.”+