Zakaria
6 Joale ka boela ka phahamisa mahlo ’me ka talima; ’me, bonang! ho ne ho e-na le likoloi tse ’nè tse tsoang pakeng tsa lithaba tse peli, ’me lithaba tseo e ne e le lithaba tsa koporo. 2 Koloing ea pele ho ne ho e-na le lipere tse khubelu;+ ’me koloing ea bobeli, ho e-na le lipere tse ntšo.+ 3 Koloing ea boraro ho ne ho e-na le lipere tse tšoeu;+ ’me koloing ea bone, ho e-na le lipere tse thobosha, tse mebala-bala.+
4 Ka araba lengeloi le neng le bua le ’na ka re: “Ke ling tsee, moren ’a ka?”+
5 Kahoo lengeloi la araba ’me la re ho ’na: “Ke meea e mene+ ea leholimo e tsoang+ ka mor’a hore e eme ka pel’a Morena+ oa lefatše lohle.+ 6 Ha e le eo lipere tse ntšo li leng ho eona, li ea naheng ea leboea;+ ha e le tse tšoeu, li tla ea ka mor’a leoatle; ha e le tse thobosha, li tla ea naheng ea boroa.+ 7 Ha e le tse mebala-bala,+ li tla tsoa ’me li ’ne li batle moo li ka eang teng, e le hore li ka tsamaea hohle lefatšeng.”+ Joale la re: “E-eang, le tsamaee hohle lefatšeng.” Tsa qala ho tsamaea hohle lefatšeng.
8 La nkhoeletsa la bua le ’na, la re: “Bona, ba eang naheng ea leboea ke ba entseng hore moea+ oa Jehova o lule naheng ea leboea.”+
9 Lentsoe la Jehova la hlaha ho ’na, la re: 10 “Ho ke ho nkoe ho itseng ho batho ba holehiloeng,+ esita le ho Heldai le ho Tobija le ho Jedaia; ’me u tla tla letsatsing leo, ’me u tla kena ka tlung ea Josiase mora oa Sofonia+ le bana ba tlileng ho tsoa Babylona. 11 U tla nka silevera le khauta ’me u etse moqhaka o moholo+ ’me u o roese moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake. 12 U tla re ho eena,
“‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke enoa monna+ eo lebitso la hae e leng Lehlōmela.+ O tla hlōmela sebakeng sa hae, ’me ka sebele o tla haha tempele ea Jehova.+ 13 O tla haha tempele ea Jehova, ’me o tla jara ho hlompheha;+ ’me o tla lula fatše le ho busa a le holim ’a terone ea hae, ’me e tla ba moprista holim ’a terone ea hae,+ ’me morero oa khotso+ o tla ba pakeng tsa bona ka bobeli. 14 Moqhaka o moholo e tla ba oa Heleme le oa Tobija le oa Jedaia+ le oa Hene mora oa Sofonia e le sehopotso+ ka tempeleng ea Jehova. 15 Ba leng hōle ba tla tla ’me ba hahe ka tempeleng ea Jehova.”+ Le tla lokela ho tseba hore Jehova oa mabotho o nthometse ho lōna.+ Ho tla etsahala—haeba ruri le tla mamela lentsoe la Jehova Molimo oa lōna.’”+