Numere
31 Joale Jehova a bua le Moshe, a re: 2 “Iphetetse+ ho Bamidiane+ bakeng sa bara ba Iseraele. Ka mor’a moo u tla nkeloa ho batho ba heno.”+
3 Kahoo Moshe a bua le sechaba, a re: “Hlomellang banna har’a lōna bakeng sa lebotho, hore ba futuhele Midiane ho phethisa phetetso ea Jehova ho Midiane.+ 4 Le tla romela lebothong ba sekete molokong o mong le o mong oa meloko eohle ea Iseraele.” 5 Ka lebaka leo ho likete+ tsa Iseraele ho ile ha abeloa ba sekete molokong ka mong, ba likete tse leshome le metso e ’meli ba hlometseng bakeng sa lebotho.+
6 Joale Moshe a ba romela, ba sekete molokong ka mong, ho ea lebothong, bona le Finease+ mora oa moprista Eleazare ho ea lebothong, ’me lisebelisoa tse halalelang le literompeta+ tsa ho etsa mohoo li ne li le letsohong la hae. 7 Ba loantša Midiane, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, ’me ba bolaea e mong le e mong e motona.+ 8 Ba bolaea marena a Midiane hammoho le ba bang ba bolailoeng, e leng, Evi le Rekeme le Zure le Hure le Reba, marena a mahlano a Midiane;+ ’me ba bolaea Balame+ mora oa Beore ka sabole. 9 Empa bara ba Iseraele ba isa basali ba Midiane le bana ba bona ba banyenyane kholehong;+ ’me ba tlatlapa liphoofolo tsohle tsa bona tse ruuoang le mehlape eohle ea bona le sohle seo ba iphelisang ka sona. 10 Metse eohle ea bona eo ba neng ba ahile ho eona le liahelo tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako ba li chesa ka mollo.+ 11 Ba qala ho nka thepa eohle e hapuoeng+ le khapo eohle e leng batho le liphoofolo tse ruuoang. 12 Ba tlisa ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho phutheho eohle ea bara ba Iseraele baholehuoa le khapo le thepa e hapuoeng, liahelong, lithoteng tse lehoatata tsa Moabe,+ tse pel’a Jordane Jeriko.
13 Joale Moshe le moprista Eleazare le marenana ’ohle a phutheho ba tsoa ho ea ba khahlanyetsa ka ntle ho liahelo. 14 Moshe a halefela banna ba behiloeng ba mabotho a hlaselang,+ balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo ba neng ba tsoa phutuhong ea sesole. 15 Kahoo Moshe a re ho bona: “Na le bolokile e mong le e mong e motšehali a phela?+ 16 Bonang! Ke bona bao, ka polelo ea Balame, ba ileng ba hlohlelletsa bara ba Iseraele hore ba se ke ba tšepahala+ ho Jehova tabeng ea Peore,+ hoo lefu la seoa le ileng la tlela phutheho ea Jehova.+ 17 Joale bolaeang e mong le e mong e motona har’a bana ba banyenyane, ’me le bolaee mosali e mong le e mong ea kopanetseng liphate le monna ka ho robala le e motona.+ 18 Le ipolokele bana bohle ba banyenyane ba phela har’a basali ba sa tsebang ketso ea ho robala le e motona.+ 19 Ha e le lōna, hlomang liahelo ka ntle ho liahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ea bolaileng moea+ le e mong le e mong ea amileng ea bolailoeng,+ le itlhoekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lōna le baholehuoa ba lōna. 20 Seaparo se seng le se seng le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea letlalo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e entsoeng ka boea ba pōli le ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea lehong le lokela hore le itlhoekisetse tsona ho li tlosa sebe.”+
21 Joale moprista Eleazare a re ho banna ba lebotho ba neng ba ile ntoeng: “Ena ke taelo e hlomamisitsoeng ea molao oo Jehova a o laetseng Moshe, 22 ‘Ke feela khauta le silevera, koporo, tšepe, le thini le loto, 23 ntho e ’ngoe le e ’ngoe e chesitsoeng ka mollo,+ tseo le lokelang ho li fetisa mollong, ’me li tla hloeka. Li lokela ho hloekisoa feela ka metsi a tlhoekiso.+ Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e sa chesoang ka mollo le lokela ho e fetisa metsing.+ 24 Le hlatsoe liaparo tsa lōna ka letsatsi la bosupa ’me le hloeke, ka mor’a moo le ka kena liahelong.’”+
25 Jehova a re ho Moshe: 26 “Bala se hapuoeng, baholehuoa ba moloko oa batho hammoho le liphoofolo tse ruuoang, uena le moprista Eleazare le lihlooho tsa bo-ntate ba phutheho. 27 U arole khapo habeli pakeng tsa ba kopanelang ntoeng ba ileng ba tsoa ka phutuho le ba bang kaofela ba phutheho.+28 Ho banna ba ntoa ba ileng ba tsoa ka phutuho u nke moea o le mong ho e makholo a mahlano, ho moloko oa batho le ho mohlape oa liphoofolo tse khōlō le ho liesele le ho mohlape oa likhutšoane, e le lekhetho+ la Jehova. 29 Le lokela ho le nka halofong ea bona ’me le le fe moprista Eleazare e le monehelo oa Jehova.+ 30 Halofong ea bara ba Iseraele u lokela ho nka a le mong ho ba mashome a mahlano, molokong oa batho, mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō, lieseleng le mohlapeng oa likhutšoane, phoofolong e ruuoang ea mofuta o mong le o mong, ’me u li fe Balevi,+ bahlokomeli ba mosebetsi oa tabernakele ea Jehova.”+
31 Moshe le moprista Eleazare ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe. 32 Khapo eo, thepa e ’ngoe kaofela e tlatlapuoeng eo batho ba bileng phutuhong ba neng ba e nkile e le thepa e tlatlapuoeng, ea e-ba mohlape oa likhutšoane tse likete tse makholo a tšeletseng le mashome a supileng a metso e mehlano, 33 le mohlape oa liphoofolo tse khōlō tse likete tse mashome a supileng a metso e ’meli, 34 le liesele tse likete tse mashome a tšeletseng a motso o mong. 35 Ha e le meea+ ea batho ho basali ba sa tsebang ketso ea ho robala le e motona,+ meea eo eohle e ne e le likete tse mashome a mararo a metso e ’meli. 36 Halofo eo e neng e le kabelo ea ba tsoileng ka phutuho ha e baloa ea e-ba mohlape oa likhutšoane tse likete tse makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makholo a mahlano. 37 Lekhetho+ la Jehova mohlapeng oa likhutšoane ea e-ba makholo a tšeletseng le mashome a supileng a metso e mehlano. 38 Mohlapeng oa liphoofolo tse khōlō ho ne ho e-na le likete tse mashome a mararo a metso e tšeletseng, ’me lekhetho la oona bakeng sa Jehova e ne e le mashome a supileng a metso e ’meli. 39 Liesele li ne li le likete tse mashome a mararo le makholo a mahlano, ’me lekhetho la tsona bakeng sa Jehova e ne e le mashome a tšeletseng a motso o mong. 40 Meea ea batho e ne e le likete tse leshome le metso e tšeletseng, ’me lekhetho la eona bakeng sa Jehova e ne e le meea e mashome a mararo a metso e ’meli. 41 Joale Moshe a fana ka lekhetho e le monehelo oa Jehova ho moprista Eleazare,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+
42 Halofong ea bara ba Iseraele, eo Moshe a e arotseng ho seo e leng sa banna ba loanneng: 43 Joale halofo ea phutheho e tlohang mohlapeng oa likhutšoane ea e-ba likete tse makholo a mararo le mashome a mararo a metso e supileng le makholo a mahlano, 44 ’me mohlape oa liphoofolo tse khōlō, ea e-ba likete tse mashome a mararo a metso e tšeletseng, 45 liesele, ea e-ba likete tse mashome a mararo le makholo a mahlano, 46 ’me meea ea batho, ea e-ba likete tse leshome le metso e tšeletseng. 47 Joale halofong ea bara ba Iseraele Moshe a nka a le mong ea lokelang ho nkoa ho ba mashome a mahlano, molokong oa batho le liphoofolong tse ruuoang, ’me a li fa Balevi,+ bahlokomeli ba mosebetsi+ oa tabernakele ea Jehova, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
48 Banna ba behiloeng bao e neng e le karolo ea ba likete ba lebotho,+ balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo,+ ba atamela Moshe, 49 ba re ho Moshe: “Bahlanka ba hao ba balile banna ba ntoa ba taolong ea rōna ’me ha ho le ea mong eo ho tlalehiloeng hore ha a eo ho rōna.+ 50 Kahoo a re hlahiseng e mong le e mong seo a se fumaneng e le nyehelo+ ea Jehova, lintho tsa khauta, liketane tsa maqaqailana, le lipetja, masale+ a tiiso a roaloang menoaneng, masale, le mekhabiso+ ea basali, e le ho koahela libe tsa meea ea rōna ka pel’a Jehova.”
51 Ka lebaka leo Moshe le moprista Eleazare ba amohela khauta ho bona,+ mabenyane ’ohle. 52 Khauta eohle ea monehelo oo ba o nehetseng ho Jehova ea e-ba lishekele tse likete tse leshome le metso e tšeletseng le makholo a supileng le mashome a mahlano, e tsoa ho balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo. 53 E mong le e mong ho banna ba lebotho o ne a inketse se tlatlapuoeng.+ 54 Kahoo Moshe le moprista Eleazare ba amohela khauta ho balaoli ba ba likete le ba ba makholo ’me ba e tlisa tenteng ea pokano e le sehopotso+ ho bara ba Iseraele ka pel’a Jehova.