Matheu
15 Joale Bafarisi le bangoli ba tsoang Jerusalema ba tla ho Jesu,+ ba re: 2 “Ke hobane’ng ha barutuoa ba hao ba tlōla neano ea banna ba linakong tsa pele? Ka mohlala, ha ba hlatsoe matsoho a bona ha ba le mothating oa ho ja lijo.”+
3 Ha a araba a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le lōna le tlōla taelo ea Molimo ka lebaka la neano+ ea lōna? 4 Ka mohlala, Molimo o ile a re, ‘Hlompha ntat’ao le ’m ’ao’;+ ’me, ‘Ea hlapaolang ntat’ae kapa ’m ’ae phello ea hae e be lefu.’+ 5 Empa le re, ‘Mang kapa mang ea reng ho ntat’ae kapa ’m ’ae: “Eng kapa eng eo ke nang le eona eo u ka fumanang molemo ka eona ho ’na ke mpho e nehetsoeng ho Molimo,” 6 a se ke a hlompha ntat’ae ho hang.’+ Kahoo le entse lentsoe la Molimo lefeela ka lebaka la neano+ ea lōna. 7 Lōna baikaketsi,+ Esaia+ o ile a profeta ka ho loketseng ka lōna, ha a re, 8 ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa leha ho le joalo lipelo tsa sona li suthetse hōle le ’na.+ 9 Ke ha lefeela hore ebe se ntse se nthapela, hobane se ruta litaelo tsa batho e le lithuto.’”+ 10 Eaba o bitsetsa bongata haufi ’me o re ho bona: “Mamelang ’me le utloisise:+ 11 Se kenang molomong oa motho hase sona se mo silafatsang; empa motho o silafatsoa ke se tsoang molomong oa hae.”+
12 Joale barutuoa ba tla ’me ba re ho eena: “Na ua tseba hore Bafarisi ba ile ba khoptjoa ha ba utloa seo u se buileng?”+ 13 Ha a araba a re: “Semela se seng le se seng seo Ntate oa ka oa leholimo a sa kang a se lema se tla fotholoa.+ 14 Ba tloheleng. Ke batataisi ba foufetseng. Joale, haeba sefofu se tataisa sefofu, ka bobeli li tla oela ka sekoting.”+ 15 Ha Petrose a arabela a re ho eena: “Re hlakisetse papiso ena.”+ 16 Eaba o re: “Na le lōna le ntse le hloka kutloisiso?+ 17 Na ha le hlokomele hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e kenang molomong e fetela ka maleng ’me e ntšetsoa ka sekoting se koahetsoeng sa likhoere-khoere? 18 Leha ho le joalo, lintho tse tsoang molomong li tsoa pelong, ’me lintho tseo li silafatsa motho.+ 19 Ka mohlala, pelong ho tsoa menahano e khopo,+ lipolao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.+ 20 Tsena ke lintho tse silafatsang motho; empa ho ja lijo ka matsoho a sa hlatsuoang ha ho silafatse motho.”+
21 Ha Jesu a tloha moo, joale a ea kena likarolong tsa Tyre le Sidone.+ 22 ’Me, bonang! mosali e mong oa Mofoenisia+ oa libakeng tseo a tsoa ’me a hoeletsa haholo, a re: “Nkhauhele,+ Morena, Mora oa Davida. Morali oa ka o kenoe ke modemona hampe.” 23 Empa ha aa ka a bua lentsoe ho mo araba. Kahoo barutuoa ba hae ba tla ’me ba qala ho mo kōpa: “E-re a tsamaee; hobane o ntse a hoeletsa ka mor’a rōna.” 24 Ha a araba a re: “Ha kea romeloa ho bafe kapa bafe haese ho linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele.”+ 25 Ha mosali eo a tla a qala ho mo inamela, a re: “Morena, nthuse!”+ 26 Ha a araba a re: “Ha hoa nepahala ho nka bohobe ba bana le ho bo akhella lintjanyana.” 27 A re: “E, Morena; empa ha e le hantle lintjanyana li ja makumane a oang litafoleng tsa beng ba tsona.”+ 28 Joale Jesu a re ha a mo araba: “Mosali, tumelo ea hao e khōlō; ho ke ho etsahale ho uena joalokaha u lakatsa.” Morali oa hae a fola ho tloha ka hora eo ho ea pele.+
29 Ha a haola naha ho tloha moo, ka mor’a moo Jesu a tla haufi le leoatle la Galilea,+ ’me, ka mor’a ho nyolohela thabeng,+ a lula moo. 30 Joale bongata bo boholo ba mo atamela, bo e-na le batho ba holofetseng, ba qhoalileng, lifofu, limumu, le ba bangata ba leng ka litsela tse ling, ’me ba ba akhela maotong a hae, ’me a ba phekola;+ 31 hoo bongata bo ileng ba makala ha bo bona limumu li bua le ba holofetseng ba tsamaea le lifofu li bona, ’me ba tlotlisa Molimo oa Iseraele.+
32 Empa Jesu a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena ’me a re:+ “Ke hauhela+ bongata bona, hobane e se e le matsatsi a mararo bo lutse le ’na ’me ha bo na letho leo bo le jang; ’me ha ke batle hore bo tsamaee bo lapile. Ho ka etsahala hore bo felloe ke matla tseleng.” 33 Leha ho le joalo, barutuoa ba re ho eena: “Ke hokae sebakeng see se thōko moo re tlang ho fumana mahobe a lekaneng ho khotsofatsa bongata bo boholo hakaale?”+ 34 Eaba Jesu o re ho bona: “Le na le mahobe a makae?” Ba re: “A supileng, le litlhapi tse nyenyane tse seng kae.” 35 Kahoo, ka mor’a ho laela bongata hore bo otle ka lehlakore fatše, 36 a nka mahobe ao a supileng le litlhapi ’me, ka mor’a ho leboha, a li qhetsola ’me a qala ho abela barutuoa, barutuoa bona ba li abela bongata.+ 37 Bohle ba ja ’me ba khora, eaba ba nka libaskete tsa mofaho tse supileng tse tletseng tsa lingoathoana tse setseng.+ 38 Empa leha ho le joalo ba jang e ne e le banna ba likete tse ’nè, ntle ho basali le bana ba banyenyane. 39 Qetellong, ka mor’a hore a re bongata bo tsamaee, a kena ka sekepeng ’me a kena libakeng tsa Magadane.+