Matheu
20 “Etsoe ’muso oa maholimo o joaloka motho, mong’a ntlo, ea ileng a tsoa hoseng haholo ho ea hira basebetsi bakeng sa serapa sa hae sa morara.+ 2 Ha a lumellane le basebetsi ka denari bakeng sa letsatsi,+ a ba romela serapeng sa hae sa morara. 3 Ha a tsoa hape hoo e ka bang ka hora ea boraro,+ a bona ba bang ba eme ba hloka mosebetsi ’marakeng;+ 4 le ho bao a re, ‘Le lōna, e-eang serapeng sa morara, ’me ke tla le fa eng kapa eng e loketseng.’ 5 Kahoo ba ea. A boela a tsoa hoo e ka bang ka hora ea botšelela+ le ka hora ea borobong+ ’me a etsa ka ho tšoanang. 6 Qetellong, hoo e ka bang ka hora ea leshome le motso o mong a tsoa ’me a fumana ba bang ba eme, ’me a re ho bona, ‘Ke hobane’ng haesale le ema moo letsatsi lohle le hloka mosebetsi?’ 7 Ba re ho eena, ‘Hobane ha ho ea re hirileng.’ A re ho bona, ‘Le lōna e-eang serapeng sa morara.’+
8 “Ha e e-ba shoalane,+ mong’a serapa sa morara a re ho monna oa hae ea ikarabellang, ‘Bitsa basebetsi ’me u ba lefe meputso ea bona,+ ho qala ka oa ho qetela ho isa ho oa pele.’ 9 Ha banna ba hora ea leshome le motso o mong ba tla, e mong le e mong a amohela denari. 10 Kahoo, ha ba pele ba tla, ba nahana hore ba ne ba tla amohela ho eketsehileng; empa le bona ba amohela tefo ka tekanyo ea denari. 11 Ha ba e amohela ba qala ho korotlela mong’a ntlo+ 12 ’me ba re, ‘Bana ba ho qetela ba entse mosebetsi oa hora e le ’ngoe; ho ntse ho le joalo u ba lekantse le rōna ba jereng moroalo oa letsatsi lena le mocheso o bataolang!’ 13 Empa ha a araba e mong oa bona a re, ‘Monn ’a heso, ha ke u fosetse. U ile ua lumellana le ’na ka denari, na ha ho joalo?+ 14 Nka sa hao ’me u tsamaee. Ke batla ho fa enoa oa ho qetela ho tšoanang le hoo ke u fileng hona.+ 15 Na ha ho lumelloe ke molao hore ke etse seo ke se batlang ka lintho tsa ka? Kapa na leihlo la hao le khopo+ hobane ke le molemo?’+ 16 Ka tsela ena ba ho qetela e tla ba ba pele, ’me ba pele e be ba ho qetela.”+
17 Joale ha a le haufi le ho nyolohela Jerusalema, Jesu a nkela barutuoa ba leshome le metso e ’meli+ boinotšing ’me a re ho bona ha ba le tseleng: 18 “Bonang! Re nyolohela Jerusalema, ’me ho tla nehelanoa ka Mor’a motho ho baprista ba ka sehloohong le bangoli, ba tla mo ahlolela lefu,+ 19 ’me ba tla nehelana ka eena ho batho ba lichaba hore ba mo fetole litšeho le ho mo shapa le ho mo khokhothela thupeng,+ ’me o tla tsosoa ka letsatsi la boraro.”+
20 Joale ’mè oa bara ba Zebedea+ a mo atamela a e-na le bara ba hae, a mo inamela le ho kōpa ho hong ho eena.+ 21 Jesu a re ho eena: “U batla’ng?” A re ho eena: “Laela hore bara bana ba ka ba babeli ba lule, e mong ka letsohong la hao le letona ’me e mong ka ho le letšehali, ’musong oa hao.”+ 22 Ha Jesu a araba a re: “Ha le tsebe seo le se kōpang. Na le ka noa senoelo+ seo ke leng haufi le ho se noa?” Ba re ho eena: “Re ka se noa.” 23 A re ho bona: “Ka sebele le tla noa senoelo+ sa ka, empa ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona le ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona, empa ke ha ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.”+
24 Ha ba bang ba leshome ba utloa ka sena, ba halefela bara bana ba babeli ba motho.+ 25 Empa Jesu, ha a ba bitsetsa ho eena, a re: “Lea tseba hore babusi ba lichaba ba rena ka thata holim ’a tsona le banna ba baholo ba sebelisa bolaoli holim ’a tsona.+ 26 Ha hoa lokela ho ba ka tsela ena har’a lōna;+ empa mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna,+ 27 ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e tla ba lekhoba la lōna.+ 28 Feela joalokaha Mor’a motho a sa ka a tlela ho sebeletsoa, empa ho sebeletsa+ le ho fana ka moea oa hae hore e be thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”+
29 Eare ha ba tsoa Jeriko+ bongata bo boholo ba mo latela. 30 ’Me, bonang! banna ba babeli ba foufetseng ba lutseng ka thōko ho tsela, ha ba utloa hore Jesu o feta moo, ba hoeletsa, ba re: “Morena, re hauhele, Mora oa Davida!”+ 31 Empa bongata ba ba bolella ka thata-thata hore ba khutse; leha ho le joalo ba hoeletsa haholo, ba re: “Morena, re hauhele, Mora oa Davida!”+ 32 Kahoo Jesu a ema, a ba bitsa ’me a re: “Le batla hore ke le etsetse’ng?” 33 Ba re ho eena: “Morena, mahlo a rōna a ke a bulehe.”+ 34 A susumelitsoe ke khauho, Jesu a ama mahlo+ a bona, ’me kapele-pele ba bona, ’me ba mo latela.+