Mareka
2 Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a itseng a boela a kena Kapernauma ’me ha tlalehoa hore o teng lapeng.+ 2 Ka lebaka leo ba bangata ba bokana, hoo ho neng ho se ho se na sebaka, esita le pel’a monyako, ’me a qala ho ba bolella lentsoe.+ 3 Eaba banna baa tla ba mo tlisetsa motho ea shoeleng litho a kakasitsoe ke batho ba bane.+ 4 Empa ha ba sa khone ho mo tlisa ho Jesu ka lebaka la bongata, ba tlosa marulelo ka holim ’a moo a neng a le teng, ’me ha ba phuntse lesoba ba theola lempara leo motho ea shoeleng litho a neng a robetse+ ho lona. 5 Ha Jesu a bona tumelo+ ea bona a re ho motho ea shoeleng litho: “Ngoana, u tšoaretsoe libe.”+ 6 Joale ho ne ho e-na le ba bang ba bangoli moo, ba lutse ’me ba nahana ka lipelong+ tsa bona: 7 “Ke hobane’ng ha monna enoa a bua ka mokhoa oo? Oa nyefola. Ke mang ea ka tšoarelang libe haese a le mong, Molimo?”+ 8 Empa Jesu, ha a lemohile kapele-pele ka moea oa hae hore ba ne ba nahana ka tsela eo ka ho bona, a re ho bona: “Ke hobane’ng ha le nahana lintho tsee ka lipelong+ tsa lōna? 9 Ke hofe ho bonolo, ho re ho motho ea shoeleng litho, ‘U tšoaretsoe libe,’ kapa ho re, ‘Ema ’me u nke lempara la hao u tsamaee’?+ 10 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho+ o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng,”+—a re ho motho ea shoeleng litho: 11 “Ke re ho uena, Ema, u nke lempara la hao, ’me u ee lapeng+ la hao.” 12 Eaba oa ema, ’me kapele-pele o nka lempara la hae o tsoa ka pel’a bona kaofela,+ hoo kaofela ba ileng hlolloa, ’me ba tlotlisa Molimo, ba re: “Le ka mohla ha re e-s’o bone ho kang hona.”+
13 A boela a tsoa a ea ka thōko ho leoatle; bongata kaofela ba ’na ba tla ho eena, ’me a qala ho bo ruta. 14 Empa eare ha a fetela pele, a re heli! ’me a bona Levi+ mora oa Alfiase a lutse ofising ea lekhetho, ’me a re ho eena: “E-ba molateli oa ka.” Ha a ema a mo latela.+ 15 Hamorao o ne a otlile ka lehlakore tafoleng ka tlung ea hae, ’me babokelli+ ba lekhetho le baetsalibe ba bangata ba ne ba otlile ka lehlakore le Jesu le barutuoa ba hae, kaha ba ne ba le bangata ’me ba qala ho mo latela.+ 16 Empa bangoli ba Bafarisi, ha ba bona hore o ne a ja le baetsalibe le babokelli ba lekhetho, ba qala ho re ho barutuoa ba hae: “Na o ja le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 17 Ha Jesu a utloa sena a re ho bona: “Ba matla ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka. Ke tlil’o bitsa baetsalibe, eseng batho ba lokileng.”+
18 Joale barutuoa ba Johanne le Bafarisi ba ne ba tloaetse ho itima lijo. Kahoo ba tla ’me ba re ho eena: “Ke hobane’ng ha barutuoa ba Johanne le barutuoa ba Bafarisi ba tloaetse ho itima lijo, empa barutuoa ba hao ba sa tloaela ho itima lijo?”+ 19 Eaba Jesu o re ho bona: “Metsoalle ea monyali e ke ke ea itima lijo+ ha monyali a ntse a e-na le eona, na ha ho joalo? Hafeela e e-na le monyali har’a eona e ke ke ea itima lijo.+ 20 Empa matsatsi a tla tla ha monyali a tla tlosoa ho eona, ’me joale e tla itima lijo letsatsing leo.+ 21 Ha ho ea rōkellang setsiba sa lesela le sa honyelang seaparong sa ka ntle sa khale; haeba a etsa joalo, matla a sona a feletseng a rutla ho sona, se secha ho sa khale, ’me ho taboha hoo ho ba hobe haholo.+ 22 Hape, ha ho ea tšelang veine e ncha ka makukeng a veine a khale; haeba a etsa joalo, veine e phatlola makuka, ’me veine hammoho le makuka lia senyeha.+ Empa batho ba tšela veine e ncha ka makukeng a veine a macha.”+
23 Joale o ne a feta har’a masimo a lijo-thollo ka sabatha, ’me barutuoa ba hae ba qala ho tsamaea ba kha+ lihloohoana tsa lijo-thollo.+ 24 Kahoo Bafarisi ba qala ho re ho eena: “Bona! Ke hobane’ng ha ba etsa ho sa lumelloeng ke molao ka sabatha?”+ 25 Empa a re ho bona: “Na ha ho mohla le kileng la bala seo Davida+ a ileng a se etsa ha a hloka e ba oa lapa, eena le banna ba neng ba e-na le eena?+ 26 Kamoo a ileng a kena ka tlung ea Molimo, tlalehong e mabapi le moprista ea ka sehloohong Abiathare,+ ’me a ja mahobe a nyehelo,+ ao ho sa lumelloeng ke molao+ hore motho leha e le mang a a je haese baprista, ’me a fa le banna ba neng ba e-na le eena a mang?”+ 27 Kahoo a tsoela pele ho re ho bona: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho,+ eseng hore motho o bile teng ka lebaka la sabatha;+ 28 kahoo Mor’a motho ke Morena esita le oa sabatha.”+