Luka
13 Ka eona nako eo ho ne ho le teng ba bang ba ileng ba mo tlalehela ka Bagalilea+ bao Pilato a neng a tsoakile mali a bona le mahlabelo a bona. 2 Kahoo ha a araba a re ho bona: “Na le nahana hore Bagalilea baa ba ile ba pakoa e le baetsalibe+ ba babe ho feta Bagalilea ba bang kaofela ka lebaka la hore ba utloisitsoe bohloko ke lintho tsee? 3 Che, ka sebele, kea le bolella; empa, ntle le hore le bake, kaofela le tla timetsoa ka ho tšoanang.+ 4 Kapa ba leshome le metso e robeli bao tora ea Siloame e ileng ea ba oela holimo, ea ba bolaea, na le nahana hore ba ile ba pakoa e le ba nang le molato ho feta batho ba bang kaofela ba ahileng Jerusalema? 5 Che, ka sebele, kea le bolella; empa, ntle le hore le bake, kaofela le tla timetsoa ka tsela e tšoanang.”+
6 Joale a tsoela pele ho bolela papiso ena: “Monna ea itseng o ne a e-na le sefate sa feiga se lenngoeng serapeng sa hae sa morara,+ eaba oa tla o batla litholoana ho sona,+ empa a se ke a fumana letho.+ 7 Joale a re ho molemi oa morara, ‘Bona ke lilemo+ tse tharo ke ntse ke tla ke batla litholoana sefateng sena sa feiga, empa ha kea fumana letho. Se reme!+ Ha e le hantle ke hobane’ng ha se ka boloka mobu oo o se na thuso?’ 8 Ha a araba a re ho eena, ‘Monghali, se tlohele+ le selemong sena, ho fihlela ke cheka ho se potoloha ’me ke tšela monontša; 9 ’me haeba joale se hlahisa litholoana ka moso, e tla ba hantle; empa haeba se sa li hlahise, u tla se rema.’”+
10 Joale o ne a ruta ho e ’ngoe ea lisynagoge ka sabatha. 11 Bonang! Mosali e mong ea bileng le moea+ o mo fokolisitseng ka lilemo tse leshome le metso e robeli, ’me o ne a finahane haholo ’me ho hang a sa khone ho inamoloha. 12 Ha Jesu a mo bona, a bua le eena ’me a re ho eena: “Mosali, u lokolotsoe+ bofokoling ba hao.” 13 Eaba o beha matsoho holim ’a hae; hang-hang a otloloha,+ ’me a qala ho tlotlisa Molimo. 14 Empa ha molaoli ea okamelang oa synagoge a arabela, a halefile kahobane Jesu a phekotse ka sabatha, a qala ho re ho bongata: “Ho na le matsatsi a tšeletseng ao ka ’ona mosebetsi o tšoanelang ho etsoa;+ ka hona, tloong ka ’ona ’me le phekoloe, eseng ka letsatsi la sabatha.”+ 15 Leha ho le joalo, Morena a mo araba a re: “Baikaketsi,+ na ka sabatha e mong le e mong oa lōna ha a tlamolle poho ea hae kapa esele ea hae setaleng le ho e tsamaisa ho ea e noesa?+ 16 Joale, na ho ne ho sa lokela hore mosali enoa eo e leng morali oa Abrahama,+ le eo Satane a ileng a mo boloka a tlamiloe, bonang! ka lilemo tse leshome le metso e robeli, a lokolloe litlamong tsee ka letsatsi la sabatha?” 17 Joale, ha a bua lintho tsena, bahanyetsi ba hae kaofela ba qala ho ikutloa ba hlabiloe ke lihlong;+ empa bongata kaofela ba qala ho thabela lintho tsohle tse khanyang tseo a neng a li etsa.+
18 Ka hona a tsoela pele ho re: “’Muso oa Molimo o joaloka eng, ’me ke tla o bapisa le eng?+ 19 O joaloka thollo ea mosetareta eo motho a ileng a e nka ’me a e kenya serapeng sa hae, ea hōla ’me ea fetoha sefate, ’me linonyana tsa leholimo+ tsa lula makaleng+ a sona.”
20 A boela a re: “Ke tla bapisa ’muso oa Molimo le eng? 21 O joaloka tomoso, eo mosali a ileng a e nka ’me a e pata ka har’a litekanyo tse tharo tse khōlō tsa phofo ho fihlela hlama kaofela e betse.”+
22 Eaba o pholletsa ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a ruta ’me a tsoela pele leetong la hae ho ea Jerusalema.+ 23 Joale monna ea itseng a re ho eena: “Morena, na ba ntseng ba pholosoa ke ba seng bakae?”+ A re ho bona: 24 “Ikitlaetseng+ ka matla ho kena ka monyako+ o moqotetsane, hobane kea le bolella, ba bangata, ba tla batla ho kena empa ba ke ke ba khona,+ 25 hang ha mong’a ntlo a eme ’me a notletse monyako, ’me le qala ho ema ka ntle le ho kokota monyako, le re, ‘Mohlomphehi, re bulele.’+ Empa ha a araba o tla re ho lōna, ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa hokae.’+ 26 Joale le tla qala ho re, ‘Re ile ra ja ’me ra noa ka pel’a hao, ’me u ile ua ruta litseleng tsa rōna tse sephara.’+ 27 Empa o tla bua ’me a re ho lōna, ‘Ha ke tsebe hore na le tsoa hokae. Tlohang ho ’na, lōna kaofela basebetsi ba ho se loke!’+ 28 Ke moo ho lla ha lōna le ho tsikitlanya meno+ ho tla ba teng, ha le bona Abrahama le Isaka le Jakobo le baprofeta bohle ’musong oa Molimo,+ empa lōna le lahletsoe ka ntle. 29 Ho feta moo, batho ba tla tla ba tsoa likarolong tse ka bochabela le tse ka bophirimela, le leboea le boroa,+ ’me ba tla otla ka lehlakore tafoleng ’musong oa Molimo.+ 30 Bonang! Ho na le ba ho qetela bao e tla ba ba pele, ’me ho na le ba pele bao e tla ba ba ho qetela.”+
31 Ka eona hora eo Bafarisi ba itseng ba tla, ba re ho eena: “Tsoa ’me u tlohe mona, hobane Heroda o batla ho u bolaea.” 32 Eaba o re ho bona: “E-eang ’me le bolelle phokojoe eo,+ ‘Bona! Ke ntša bademona ’me ke phetha pholiso kajeno le hosasane, ’me ka letsatsi la boraro ke tla be ke qetile.’+ 33 Leha ho le joalo, ke tla tsamaea kajeno le hosasane le letsatsing le latelang, hobane ha ho lumellehe hore moprofeta a timetsoe ka ntle ho Jerusalema.+ 34 Jerusalema, Jerusalema, ’molai+ oa baprofeta le ea tlepetsang ka majoe+ ba rometsoeng ho eena—ke batlile hangata hakaakang ho bokella bana ba hao ka mokhoa oo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo+ a eona, empa le ne le sa batle!+ 35 Bonang! Ntlo+ ea lōna e tlohetsoe ho lōna. Kea le bolella, Ho hang le ke ke la mpona ho fihlela le re, ‘Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova!’”+