Luka
14 Ka lekhetlo le leng ha a kena ka tlung ea e mong oa babusi ba Bafarisi ka sabatha ho ja lijo,+ ba ne ba mo shebile ka hloko.+ 2 Bonang! Ka pel’a hae ho ne ho e-na le monna ea itseng ea neng a khotše seema. 3 Kahoo ha Jesu a arabela a bua le ba rutehileng Molaong le Bafarisi, a re: “Na ho lumelloa ke molao ho phekola ka sabatha kapa che?”+ 4 Empa ba khutsa. Eaba o tšoara monna eo, oa mo folisa ’me o re a tsamaee. 5 Eaba o re ho bona: “Ke mang ho lōna eo, haeba mora oa hae kapa poho e oela ka selibeng,+ a ke keng a e nyollela ka ntle kapele-pele ka letsatsi la sabatha?”+ 6 Ha baa ka ba khona ho araba linthong tsena.+
7 Joale a tsoela pele ho bolella batho ba memiloeng papiso, ha a lemoha kamoo ba neng ba ikhethela libaka tse hlaheletseng ka ho fetisisa, a re ho bona:+ 8 “Ha u memiloe ke e mong moketeng oa lenyalo, u se ke ua sekama sebakeng se hlaheletseng ka ho fetisisa.+ Mohlomong ka nako eo e mong ea hlaheletseng ho u feta e ka ’na eaba o memiloe ke eena, 9 ’me ea memileng uena le eena o tla tla ’me a re ho uena, ‘E-re motho enoa a fumane sebaka sena.’ Joale u tla qala ho tloha ka lihlong ho ea lula sebakeng se tlaase-tlaase.+ 10 Empa ha u memiloe, u ee ’me u otle ka lehlakore sebakeng+ se tlaase-tlaase, e le hore ha motho ea u memileng a tla a tle a re ho uena, ‘Motsoalle, nyolohela holingoana.’ Joale u tla hlompheha ka pel’a baeti-’moho le uena kaofela.+ 11 Etsoe e mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”+
12 Ka mor’a moo a tsoela pele ho re le ho motho ea mo memileng: “Ha u lokisetsa lijo tsa motšehare kapa lijo tsa shoalane, u se ke ua bitsa metsoalle ea hao kapa barab’eno kapa beng ka uena kapa baahelani ba ruileng. Mohlomong ka nako e ’ngoe le bona ka ho tšoanang ba ka ’na ba u mema ’me e ne e tla ba puseletso ho uena. 13 Empa ha u lokisetsa mokete, u meme mafutsana, ba hlotsang, ba holofetseng, ba foufetseng;+ 14 ’me u tla thaba, hobane ha ba na letho leo ba ka u buseletsang ka lona. Etsoe u tla buseletsoa tsohong+ ea ba lokileng.”
15 Ha e mong oa baeti-’moho a utloa lintho tsena a re ho eena: “Ho thaba ea jang bohobe ’musong oa Molimo.”+
16 Jesu a re ho eena: “Motho ea itseng o ne a lokisetsa lijo tse khōlō tsa shoalane, eaba o mema ba bangata.+ 17 Eaba o roma lekhoba la hae ka hora ea lijo tseo tsa shoalane hore le re ho ba memiloeng, ‘Tloong,+ hobane joale lintho li lokile.’ 18 Empa kaofela ba qala ho ikhula ka ho tšoanang.+ Oa pele a re ho eena, ‘Ke rekile tšimo ’me ho hlokahala hore ke tsoe ’me ke e bone; kea u kōpa, E-re ke lokolohe.’+ 19 E mong a re, ‘Ke rekile lijoko tse hlano tsa likhomo ’me ke il’o li hlahloba; kea u kōpa, E-re ke lokolohe.’+ 20 E mong hape a re, ‘Ke sa tsoa nyala+ mosali ’me ka lebaka lena nke ke ka tla.’ 21 Kahoo lekhoba leo la tla ’me la tlalehela mong’a lona lintho tsena. Joale mong’a ntlo a halefa eaba o re ho lekhoba la hae, ‘Tsoela litseleng tse sephara le litselaneng tsa motse kapele, ’me u tlise mafutsana le ba hlotsang le ba foufetseng le ba holofetseng.’+ 22 Ka mor’a nako lekhoba leo la re, ‘Monghali, seo u se laetseng se entsoe, ’me leha ho le joalo ho sa na le sebaka.’ 23 Eaba monghali eo o re ho lekhoba, ‘Tsoela litseleng+ le libakeng tse etselitsoeng metero, ’me u ba susumelletse ho kena, e le hore ntlo ea ka e ka tlala.+ 24 Etsoe ke re ho lōna, Ha ho le ea mong oa banna bao ba neng ba memiloe ea tla latsoa lijo tsa ka tsa shoalane.’”+
25 Joale bongata bo boholo bo ne bo tsamaea le eena, eaba oa reteleha ’me o re ho bona: 26 “Haeba leha e le mang a tla ho ’na ’me a sa hloee ntat’ae le ’m ’ae le mosali le bana ba hae le barab’abo le baralib’abo, e, esita le moea+ oa hae, e ke ke ea e-ba morutuoa+ oa ka. 27 Mang kapa mang ea sa jareng thupa ea hae ea tlhokofatso le ho ntšala morao e ke ke ea e-ba morutuoa+ oa ka. 28 Ka mohlala, ke mang ho lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo,+ ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha? 29 Ho seng joalo, a ka ’na a beha motheo oa eona empa a se ke a khona ho e qeta, ’me bashebelli bohle ba ka qala ho mo soma, 30 ba re, ‘Motho enoa o qalile ho haha empa a se ke a khona ho qeta.’ 31 Kapa ke morena ofe, ea il’o kopana le morena e mong ntoeng, ea sa luleng fatše pele ’me a tšoare therisano ho bona hore na o tla khona ka masole a likete tse leshome ho thulana ka katleho le ea mo futuhelang ka a likete tse mashome a mabeli?+ 32 Ka sebele, haeba a ke ke a etsa joalo, joale ha eo a sa ntse a le hōle o roma sehlopha sa manģosa ’me o kōpa khotso.+ 33 Kahoo, le ka kholiseha hore ha ho le ea mong oa lōna ea sa reng lintho tsohle tsa hae+ li sale hantle eo e ka bang morutuoa oa ka.
34 “Ka sebele, letsoai le letle. Empa haeba esita le letsoai le lahleheloa ke matla a lona, le tla nōkoa ka eng?+ 35 Ha le tšoanelehe bakeng sa mobu kapa bakeng sa monontša. Batho ba le lahlela ka ntle. Ea nang le litsebe ho mamela, a ke a mamele.”+