Luka
19 Eaba o kena Jeriko+ ’me oa feta. 2 Joale mona ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Zakiase; e ne e le ’mokelli oa lekhetho ea ka sehloohong, ’me o ne a ruile. 3 Joale, o ne a batla ho bona+ hore na Jesu enoa ke mang, empa ka lebaka la bongata o ne a sitoa, hobane o ne a le mokhutšoanyane ka seemo. 4 Kahoo a mathela sebakeng se pele ’me a hloella sefateng sa feiga-monokotšoai e le hore a mo bone, hobane o ne a le haufi le ho feta ka tsela eo. 5 Joale ha Jesu a fihla sebakeng seo, a lelala eaba o re ho eena: “Zakiase, potlaka ’me u theohe, etsoe kajeno ke tla lula ka tlung ea hao.” 6 Eaba oa potlaka oa theoha ’me o mo amohela ka thabo e le moeti. 7 Empa ha ba bona seo, kaofela ba honotha,+ ba re: “O kene ho ea lula le monna oa moetsalibe.” 8 Empa Zakiase a ema eaba o re ho Morena: “Bona! Morena, halofo ea lintho tsa ka, ke e fa mafutsana, ’me eng kapa eng eo ke ileng ka e nka ho mang kapa mang ka ho hanyapetsa ka qoso+ ea bohata ke e busetsa hane.”+ 9 Eaba Jesu o re ho eena: “Letsatsing lena poloko e tlile ntlong ena, hobane le eena ke mora oa Abrahama.+ 10 Etsoe Mor’a motho o tletse ho batla le ho pholosa se neng se lahlehile.”+
11 Ha ba ntse ba mametse lintho tsena a eketsa ka ho bolela papiso e ’ngoe, hobane o ne a le haufi le Jerusalema ’me ba ne ba nahana hore ’muso oa Molimo o ne o tla iponahatsa hang-hang.+ 12 Ka hona a re: “Monna ea itseng oa tsoalo ea borena o ile a etela naheng e hōle ho ea iphumanela matla a borena ’me a khutle.+ 13 Ha a bitsa makhoba a hae a leshome a a fa limina tse leshome eaba oa a bolella, ‘Hoebang ho fihlela ke tla.’+ 14 Empa baahi ba ha habo ba ne ba mo hloile+ eaba ba roma sehlopha sa manģosa ka mor’a hae, ho re, ‘Ha re batle hore monna enoa e be morena oa rōna.’+
15 “Qetellong ha a khutla ka mor’a ho iphumanela matla a borena, a laela hore ho bitsetsoe makhoba ana ho eena ao a neng a a file chelete ea silevera, e le hore a fumane hantle hore na a ne a fumane phaello efe khoebong.+ 16 Joale la pele la itlhahisa, le re, ‘Morena, mina ea hao e fumane phaello ea limina+ tse leshome.’ 17 Kahoo a re ho eena, ‘U entse hantle, lekhoba le molemo! Ka lebaka la hore u tšepahetse tabeng e nyenyane haholo, e-ba le bolaoli metseng+ e leshome.’ 18 Joale la bobeli la tla, le re, ‘Morena, mina ea hao e entse limina+ tse hlano.’ 19 Le ho lona a re, ‘Le uena, laola metse+ e mehlano.’ 20 Empa le leng la tla, le re, ‘Morena, mina ea hao ke ena, eo ke ileng ka e boloka ka har’a lesela. 21 Ke ne ke u tšaba, hobane u motho ea sa utloeleng bohloko; u nka seo u sa kang ua se boloka ’me u kotula seo u sa kang ua se jala.’+ 22 A re ho lona, ‘Ke u ahlola ka se tsoang molomong+ oa hao, lekhoba le khopo. U tsebile hore ke motho ea sa utloeleng bohloko, ea nkang seo ke sa kang ka se boloka le ea kotulang seo ke sa kang ka se jala, na ha ho joalo?+ 23 Kahoo ke hobane’ng ha u sa ka ua kenya chelete ea ka ea silevera bankeng? Joale ha ke fihla nka be ke e nkile le phaello.’+
24 “Eaba o re ho ba emeng haufi, ‘Mo amoheng mina ’me le e fe ea nang le limina+ tse leshome.’ 25 Empa ba re ho eena, ‘Morena, o na le limina tse leshome!’— 26 ‘Ke re ho lōna, E mong le e mong ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng; empa ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nang le sona.+ 27 Ho feta moo, lira tsena tsa ka tse neng li sa batle hore ke be morena oa tsona li tliseng mona ’me le li bolaee ka pel’a ka.’”+
28 Kahoo, ka mor’a hore a bue lintho tsena, a qala ho fetela pele, a nyolohela Jerusalema.+ 29 Ha a atamela Bethefage le Bethani thabeng e bitsoang Thaba ea Mehloaare,+ a romela barutuoa ba babeli,+ 30 a re: “Kenang motsaneng oane oo le o bonang, ’me ka mor’a hore le kene ho oona le tla fumana petsana e tlamiloeng ea esele, eo ho seng le ea mong oa moloko oa batho ea kileng a e palama. E lokolleng ’me le e tlise.+ 31 Empa haeba leha e le mang a le botsa, ‘Ke hobane’ng ha le e lokolla?’ le bue ka tsela ena, ‘Morena oa e hloka.’”+ 32 Kahoo ba ileng ba romeloa ba tloha ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ba boleletse.+ 33 Empa ha ba ntse ba lokolla petsana eo ea esele beng ba eona ba re ho bona: “Ke hobane’ng ha le lokolla petsana eo ea esele?”+ 34 Ba re: “Morena oa e hloka.”+ 35 Eaba ba e isa ho Jesu, ’me ba lahlela liaparo tsa bona tsa ka ntle holim ’a petsana eo ea esele ’me ba palamisa Jesu holim ’a eona.+
36 Ha a ntse a e-ea pele+ ba ’na ba ala liaparo tsa bona tsa ka ntle tseleng.+ 37 Hang ha a atamela tsela e theohang Thabeng ea Mehloaare letšoele lohle la barutuoa la qala ho thaba le ho rorisa Molimo ka lentsoe le phahameng malebana le mesebetsi eohle e matla eo le e boneng,+ 38 la re: “Ho hlohonolofetse Ea tlang e le Morena ka lebitso+ la Jehova! Khotso leholimong, le khanya libakeng+ tse phahameng ka ho fetisisa!” 39 Leha ho le joalo, ba bang ba Bafarisi bongateng boo ba re ho eena: “Mosuoe, khalemela barutuoa+ ba hao ka matla.” 40 Empa ha a araba a re: “Kea le bolella, Haeba bana ba ne ba ka khutsa, majoe+ a ne a tla hoeletsa.”
41 Ha a atamela, a talima motse oo ’me a o llela,+ 42 a re: “Hoja u lemohile+ lintho tse amanang le khotso letsatsing lena—empa joale li patetsoe mahlo a hao.+ 43 Hobane matsatsi a tla u tlela ha lira tsa hao li tla haha thibello+ e nang le lithupa+ tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota+ li u bakele mahlomola+ ka mahlakoreng ’ohle, 44 ’me li tla u tabanya fatše+ le bana ba hao ba ka hare ho uena, ’me li ke ke tsa tlohela lejoe holim ’a lejoe+ ho uena, hobane ha ua ka ua lemoha nako ea ho hlahlojoa+ ha hao.”
45 A kena ka tempeleng ’me a qala ho phahla ba neng ba rekisa,+ 46 a re ho bona: “Ho ngoliloe, ‘Ntlo ea ka e tla ba ntlo ea thapelo,’+ empa le e entse lehaha la masholu.”+
47 Ho feta moo, a qala ho ruta letsatsi le leng le le leng ka tempeleng. Empa baprista ba ka sehloohong le bangoli le ba ka sehloohong ba sechaba ba ne ba batla ho mo timetsa;+ 48 leha ho le joalo ha baa ka ba fumana letho le atlehang leo ba ka le etsang, kaha batho kaofela ba ile ba ’na ba mo khomarela hore ba mo utloe.+