Luka
5 Ka lekhetlo le leng ha bongata bo ne bo mo petelitse ’me bo mametse lentsoe la Molimo, o ne a eme ka thōko ho letša la Genesarete.+ 2 Eaba o bona likepe tse peli li eme lebōpong la letša, empa batšoasi ba litlhapi ba ne ba tsoetse ka ntle ho tsona ’me ba ne ba hlatsoa matlooa+ a bona. 3 Ha a palama se seng sa likepe tseo, seo e neng e le sa Simone, a mo kōpa hore a se hulele hōjana le moo ho omileng. Joale a lula fatše, ’me a qala ho ruta bongata a le ka sekepeng.+ 4 Ha a khaotsa ho bua, a re ho Simone: “Se hulele moo ho tebileng, ’me le theolele matlooa+ a lōna tlaase hore le tšoase.” 5 Empa Simone ha a araba a re: “Morupeli, re sehlile bosiu bohle ’me ra se ke ra tšoasa letho,+ empa ka taelo ea hao ke tla theola matlooa.” 6 Joale, ha ba etsa sena, ba tšoasa litlhapi tse ngata haholo. Ha e le hantle, matlooa a bona a qala ho taboha. 7 Kahoo ba hoehla balekane ba bona ka sekepeng se seng hore ba tl’o ba thusa;+ ’me ba fela ba tla, eaba ba tlatsa likepe tseo ka bobeli, hoo li ileng tsa qala ho teba. 8 Ha Simone Petrose+ a bona sena, a itihela fatše mangoleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna ea nang le sebe.”+ 9 Etsoe eena le bohle ba neng ba e-na le eena ba ile ba makala haholo ka lebaka la litlhapi tseo ba ileng ba li tšoasa, 10 ka ho tšoanang le Jakobo hammoho le Johanne, bara+ ba Zebedea, bao e neng e le balekane ba Simone. Empa Jesu a re ho Simone: “Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.”+ 11 Kahoo ba khutlisetsa likepe tseo moo ho omileng, ’me ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.+
12 Ka lekhetlo le leng hape ha a ntse a le motseng o mong, bonang! monna e mong ea tletseng lepera! Ha a re heli! ’me a bona Jesu a itihela fatše ka sefahleho ’me a mo kōpa, a re: “Morena, haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.”+ 13 Kahoo, ha a otlolla letsoho, a mo ama, a re: “Kea batla. Hloeka.” Kapele-pele lepera la nyamela ho eena.+ 14 Eaba o fa monna eo litaelo tsa hore a se ke a bolella motho:+ “Empa tloha ’me u iponahatse ho moprista,+ ’me u etse nyehelo+ mabapi le ho hloekisoa ha hao, feela joalokaha Moshe a ile a laela, hore e be bopaki ho bona.”+ 15 Empa lentsoe le mabapi le eena le ne le nama haholo, ’me bongata bo boholo bo ne bo phutheha ho tla mamela le ho phekoloa maloetse a bona.+ 16 Leha ho le joalo, a tsoela pele ho lula boinotšing mahoatateng le ho rapela.+
17 Ka letsatsi le leng o ne a ruta, ’me Bafarisi le mesuoe ea molao ba neng ba tsoile motsaneng o mong le o mong oa Galilea le Judea le Jerusalema ba ne ba lutse moo; ’me o ne a e-na le matla a tsoang ho Jehova bakeng sa hore a folise.+ 18 Bonang! Banna ba jereng betheng monna ea neng a shoele litho, ’me ba ne ba batla tsela ea ho mo kenya le ho mo beha ka pel’a hae.+ 19 Kahoo, ha ba sa fumane tsela ea ho mo kenya ka lebaka la bongata, ba hloella marulelong, ’me ba phunyelletsa marulelo a lithaele ba mo theolela tlaase ka bethe e nyenyane har’a ba neng ba le ka pel’a Jesu.+ 20 Ha a bona tumelo ea bona a re: “Monn ’a heso, u tšoaretsoe libe.”+ 21 Kapele ka mor’a moo bangoli le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Ke mang enoa ea buang linyefolo?+ Ke mang ea ka tšoarelang libe haese Molimo feela?”+ 22 Empa Jesu, ha a lemoha menahano ea bona, a re ha a ba araba: “Ke eng seo le se nahanang ka lipelong tsa lōna?+ 23 Ke hofe ho bonolo, ho re, ‘U tšoaretsoe libe,’ kapa ho re, ‘Ema ’me u tsamaee’?+ 24 Empa e le hore le tsebe hore Mor’a motho o na le matla a ho tšoarela libe lefatšeng—” a re ho monna ea shoeleng litho: “Ke re ho uena, Ema ’me u nke bethe ea hao e nyenyane u ee lapeng.”+ 25 Hang-hang a ema ka pel’a bona, a nka seo a neng a robala ho sona ’me a ea lapeng la hae, a ntse a tlotlisa Molimo.+ 26 Joale bohle ba hlolloa haholo,+ eaba ba qala ho tlotlisa Molimo, ’me ba tlala tšabo, ba re: “Re bone lintho tse sa tloaelehang kajeno!”+
27 Joale ka mor’a lintho tsena a tsoa eaba o bona ’mokelli oa lekhetho ea bitsoang Levi a lutse ofising ea lekhetho, ’me a re ho eena: “E-ba molateli oa ka.”+ 28 A siea ntho e ’ngoe le e ’ngoe+ a ema eaba o qala ho mo latela. 29 Hape, Levi a mo lokisetsa mokete o moholo oa kamohelo ka tlung ea hae; ’me ho ne ho e-na le bongata bo boholo ba babokelli ba lekhetho le ba bang ba neng ba e-na le bona ba otlile ka lehlakore lijong.+ 30 Eaba Bafarisi le bangoli ba bona ba qala ho korotla ho barutuoa ba hae, ba re: “Ke hobane’ng ha le ja ’me le noa le babokelli ba lekhetho le baetsalibe?”+ 31 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Ba phelang hantle ha ba hloke ngaka,+ empa ba kulang baa e hloka.+ 32 Ke tlil’o bitsetsa baetsalibe pakong, eseng batho ba lokileng.”+
33 Ba re ho eena: “Barutuoa ba Johanne ba itima lijo khafetsa ’me ba etsa lithapeli, le ba Bafarisi ba etsa joalo, empa ba hao baa ja ’me baa noa.”+ 34 Jesu a re ho bona: “Le ke ke la etsa hore metsoalle ea monyali e itime lijo ha monyali a ntse a e-na le eona, na ha ho joalo?+ 35 Empa leha ho le joalo matsatsi a tla tla ha ka sebele monyali+ a tla tlosoa ho eona;+ joale e tla itima lijo matsatsing ao.”+
36 Ho ekelletsa moo, a tsoela pele ho ba fa papiso: “Ha ho ea sehang setsiba seaparong sa ka ntle se secha ebe o se rōkella seaparong sa ka ntle sa khale; empa haeba a etsa joalo, setsiba se secha se taboha ho sona le setsiba se tsoang seaparong se secha ha se lumellane le sa khale.+ 37 Ho feta moo, ha ho ea tšelang veine e ncha ka makukeng a veine a khale; empa haeba a etsa joalo, veine e ncha e tla phatlola makuka+ ao a veine, ’me e tla qhalana ’me makuka ao a veine a tla senyeha.+ 38 Empa veine e ncha e tšeloa ka makukeng a veine a macha. 39 Ha ho ea noeleng veine ea khale ea batlang e ncha; kaha o re, ‘Ea khale+ e monate.’”