Luka
6 Joale ka sabatha o ne a feta har’a masimo a lijo-thollo, ’me barutuoa ba hae ba ne ba kha+ ’me ba ja lihloohoana tsa lijo-thollo, ba li hohla ka matsoho.+ 2 Eaba Bafarisi ba bang ba re: “Ke hobane’ng ha le etsa ho sa lumelloeng ke molao+ ka sabatha?”+ 3 Empa ha Jesu a ba araba a re: “Na ha le e-s’o ka le bala ntho eo Davida+ a ileng a e etsa ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 4 Kamoo a ileng a kena ka tlung ea Molimo ’me a amohela mahobe a nyehelo+ eaba oa ja ’me o fa banna ba neng ba e-na le eena a mang, ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a je haese baprista feela?”+ 5 Eaba o tsoela pele ho re ho bona: “Mor’a motho ke Morena oa sabatha.”+
6 Ka sabatha+ e ’ngoe a kena ka synagogeng eaba o qala ho ruta. ’Me ho ne ho e-na le monna e mong ea neng a omeletse letsoho le letona.+ 7 Joale bangoli le Bafarisi ba ne ba mo shebile+ ka hloko ho bona hore na o ne a tla phekola ka sabatha, e le hore ba fumane tsela ea ho mo qosa.+ 8 Leha ho le joalo, o ne a tseba menahano+ ea bona, empa leha ho le joalo a re ho monna eo ea omeletseng letsoho: “Phahama ’me u eme bohareng.” Eaba oa phahama ’me oa ema.+ 9 Joale Jesu a re ho bona: “Kea le botsa, Na ho lumelloa ke molao ho etsa se molemo+ kapa ho etsa se kotsi ka sabatha, ho pholosa kapa ho timetsa moea?”+ 10 Ka mor’a ho ba qamaka kaofela, a re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A etsa joalo, ’me letsoho la hae la tsosolosoa.+ 11 Empa ba tlala khalefo, ’me ba qala ho buisana ka seo ba ka se etsang Jesu.+
12 Ha matsatsi ana a ntse a tsoela pele a tsoela ntle thabeng ho ea rapela,+ ’me a hlola bosiu bohle a rapela Molimo.+ 13 Empa ha e e-ba motšehare a bitsetsa barutuoa ba hae ho eena ’me a khetha har’a bona ba leshome le metso e ’meli, bao hape a ileng a ba bitsa “baapostola”:+ 14 Simone, eo hape a ileng a mo bitsa Petrose,+ le Andrease mor’abo, le Jakobo le Johanne,+ le Filipi+ le Bartholome, 15 le Matheu le Thomase,+ le Jakobo mora oa Alfiase, le Simone ea bitsoang “ea chesehang,”+ 16 le Judase mora oa Jakobo, le Judase Iskariota, ea ileng a fetoha lehlabaphio.+
17 Eaba o theoha le bona ’me o ema sebakeng se motsitsa, ’me ho ne ho e-na le bongata bo boholo ba barutuoa ba hae, le letšoele le leholo la batho+ ba tsoang hohle Judea le Jerusalema le naheng e lebōpong la leoatle ea Tyre le Sidone, ba ileng ba tla ho tla mo utloa le ho folisoa maloetse+ a bona. 18 Esita le ba khathatsoang ke meea e sa hloekang ba ne ba phekoloa. 19 Bongata boo kaofela bo ne bo batla ho mo ama,+ hobane matla+ a ne a tsoa ho eena ’me a ba folisa kaofela.
20 Eaba o phahamisetsa mahlo a hae ho barutuoa ba hae ’me o qala ho re:+
“Ho thaba lōna mafutsana,+ hobane ’muso oa Molimo ke oa lōna.
21 “Ho thaba lōna ba lapileng+ hona joale, hobane le tla khorisoa.+
“Ho thaba lōna ba llang hona joale, hobane le tla tšeha.+
22 “Ho thaba lōna neng kapa neng ha batho ba le hloea,+ le neng kapa neng ha ba le khetholla ’me ba le nyelisa ’me ba lahla+ mabitso a lōna e le a khopo ka lebaka la Mor’a motho. 23 Thabang letsatsing leo ’me le tlōle, etsoe, bonang! moputso oa lōna o moholo leholimong, kaha ke tsona lintho tseo baholo-holo ba bona ba neng ba li etsa baprofeta.+
24 “Empa ho malimabe lōna barui,+ hobane le se le e-na le matšeliso a lōna ka botlalo.+
25 “Ho malimabe lōna ba khotšeng hona joale, hobane le tla lapa.+
“Ho malimabe, lōna ba tšehang hona joale, hobane le tla siama ’me le lle.+
26 “Ho malimabe lōna, neng kapa neng ha batho bohle ba le bua hantle, kaha lintho tse kang tsena ke tsona tseo baholo-holo ba bona ba ileng ba li etsa baprofeta ba bohata.+
27 “Empa ke re ho lōna ba mametseng, Tsoelang pele ho rata lira+ tsa lōna, ho etsetsa ba le hloileng se molemo,+ 28 ho hlohonolofatsa ba le bitsetsang bomalimabe, ho rapella ba le rohakang.+ 29 Ea u otlang lerameng+ le leng, u mo nehe le leng hape; ’me ea u amohang seaparo sa hao sa ka ntle,+ u se ke ua mo hanela esita le ka seaparo sa ka tlaase. 30 Fa e mong le e mong ea u kōpang,+ ’me ho ea u amohang lintho tsa hao u se ke ua li kōpa hape.
31 “Hape, kamoo le batlang hore batho ba le etse kateng, le ba etse ka tsela e tšoanang.+
32 “Haeba le rata ba le ratang, ho na le molemo ofe ho lōna? Etsoe esita le baetsalibe ba rata ba ba ratang.+ 33 Haeba le etsa se molemo ho ba le etsetsang se molemo, ka sebele ho na le molemo ofe ho lōna? Esita le baetsalibe ba etsa se tšoanang.+ 34 Hape, haeba le alima ntle le phaello+ bao le tšepileng ho amohela ho bona, ho na le molemo ofe ho lōna? Esita le baetsalibe ba alima baetsalibe ntle le phaello e le hore ba ka fumana ho lekanang.+ 35 Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho rata lira tsa lōna le ho etsa se molemo le ho alimana+ ntle le phaello, le sa tšepe ho boelloa ke letho; moputso oa lōna o tla ba moholo, ’me le tla ba bara ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ hobane o mosa+ ho ba se nang teboho le ba khopo. 36 Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.+
37 “Ho feta moo, le khaotse ho ahlola, ’me ho hang le ke ke la ahloloa;+ hape khaotsang ho nyatsa, ’me ho hang le ke ke la nyatsuoa. Le ’ne le lokolle, ’me le tla lokolloa.+ 38 Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.+ Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”+
39 Joale a boela a ba bolella papiso: “Sefofu se ke ke sa tataisa sefofu se seng, na ha ho joalo? Ka bobeli li tla khothomelletseha ka sekoting, na ha ho joalo?+ 40 Morutuoa ha a ka holimo ho mosuoe oa hae, empa e mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe+ oa hae. 41 Joale, ke hobane’ng ha u sheba lehlokoa le ka leihlong la mor’eno, empa u sa lemohe leballo le ka leihlong la hao?+ 42 Ke joang u ka reng ho mor’eno, ‘Mor’eso, ntumelle ke ntše lehlokoa le ka leihlong la hao,’ ha u sa shebe leballo le ka leihlong la hao?+ Moikaketsi! Ntša leballo le ka leihlong la hao pele,+ joale u tla bona ka ho hlaka kamoo u ka ntšang lehlokoa le ka leihlong la mor’eno.+
43 “Etsoe ha ho sefate se setle se hlahisang litholoana tse bolileng; hape ha ho sefate se bolileng se hlahisang litholoana tse ntle.+ 44 Etsoe sefate ka seng se tsejoa ka litholoana+ tsa sona. Ka mohlala, batho ha ba bokelle lifeiga meutloeng, leha e le hore ba kha morara sehlahleng se meutloa.+ 45 Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong+ le molemo la pelo ea hae, empa motho ea khopo o hlahisa se khopo letlotlong la hae le khopo; etsoe molomo oa hae o bua+ se tletseng ka pelong.
46 “Joale, ke hobane’ng ha le mpitsa ‘Morena! Morena!’ empa le sa etse lintho tseo ke li buang?+ 47 E mong le e mong ea tlang ho ’na ’me a utloa mantsoe a ka ’me a a phetha, ke tla le bontša hore na o joaloka mang:+ 48 O joaloka monna ea hahang ntlo, ea ileng a cheka ’me a ea tlaase botebong eaba o beha motheo holim ’a lefika. Ka lebaka leo, ha moroallo+ o hlaha, nōka ea khahlela ntlong eo, empa e ne e se matla ka ho lekaneng ho e sisinya, kahobane e hahiloe hantle.+ 49 Ka lehlakoreng le leng, ea utloang ’me a sa phethe,+ o joaloka motho ea ileng a haha ntlo mobung e se na motheo. Nōka ea khahlela ho eona, ’me kapele-pele ea oa, ’me tšenyeho+ ea ntlo eo ea e-ba khōlō.”+