Luka
7 Ha a qetile lipolelo tsohle tsa hae moo batho ba ntseng ba utloa, a kena Kapernauma.+ 2 Joale lekhoba la molaoli ea itseng oa lebotho, leo e neng e le la bohlokoa ho eena, le ne le kula ’me le le makhatheng a ho shoa.+ 3 Ha a utloa ka Jesu, a romela banna ba baholo ba Bajuda ho eena ho mo kōpa hore a tle ’me a folise lekhoba la hae. 4 Joale ba ileng ba tla ho Jesu ba qala ho mo kōpa ka tieo, ba re: “O tšoaneloa ke hore u mo nehe sena, 5 kaha o rata sechaba+ sa rōna ’me o re hahetse synagoge.” 6 Kahoo Jesu a qala ho tloha le bona. Empa ha a le haufi le ntlo, molaoli oa lebotho o ne a se a rometse metsoalle hore e re ho eena: “Mohlomphehi, u se ke ua tšoenyeha, kaha ha ke tšoanelehe hore u kene tlas’a marulelo+ a ka. 7 Ka lebaka leo ha kea ka ka inka ke tšoaneleha ho tla ho uena. Empa bua lentsoe, ’me mohlanka oa ka a ke a fole. 8 Etsoe le ’na ke motho ea behiloeng tlas’a bolaoli, ea nang le masole a ka tlas’a ka, ’me ke re ho lena, ‘Tsamaea!’ ’me lea tsamaea, ’me ke re ho le leng, ‘Tloo!’ ’me lea tla, le ho lekhoba la ka ke re, ‘Etsa hona!’ ’me lea ho etsa.”+ 9 Joale, ha Jesu a utloa lintho tsena a mo tsota, eaba o retelehela ho bongata bo mo latelang ’me o re: “Kea le bolella, Esita le Iseraele ha kea fumana tumelo+ e khōlō hakaalo.” 10 Ba neng ba rometsoe, ha ba khutlela ntlong, ba fumana lekhoba leo le phela hantle.+
11 Hang ka mor’a sena a etela motseng o bitsoang Naine, ’me barutuoa ba hae le bongata bo boholo ba ne ba tsamaea le eena. 12 Ha a atamela heke ea motse, bonang! ho ne ho e-na le motho+ ea shoeleng ea jeroeng a ntšetsoa ka ntle, mora ea tsoetsoeng a ’notši+ oa ’m ’ae. Ntle ho moo, ’m ’ae e ne e le mohlolohali. Bongata bo boholo bo tsoang motseng le bona bo ne bo e-na le eena. 13 Ha Morena a re heli! ’me a mo bona, a mo hauhela,+ eaba o re ho eena: “Khaotsa ho lla.”+ 14 Eaba oa atamela o ama mojaro oa mofu, ’me bajari ba ema, eaba o re: “Mohlankana, ke re ho uena, Tsoha!”+ 15 Motho eo ea shoeleng a lula ’me a qala ho bua, eaba o mo fa ’m ’ae.+ 16 Joale kaofela ba tšoaroa ke tšabo,+ ’me ba qala ho tlotlisa Molimo, ba re: “Moprofeta+ e moholo o hlahisitsoe har’a rōna,” ’me, “Molimo o lebisitse tlhokomelo ea hae ho batho+ ba hae.” 17 Litaba tsena tse malebana le eena tsa hasana ho kena Judea eohle le naheng eohle e potolohileng.
18 Joale barutuoa ba Johanne ba mo tlalehela lintho+ tsena tsohle. 19 Kahoo Johanne a bitsa barutuoa ba hae ba itseng ba babeli ’me a ba romela ho Morena hore ba re: “Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella ea fapaneng?”+ 20 Ha banna bao ba tla ho eena ba re: “Johanne Mokolobetsi o re rometse ho uena hore re re, ‘Na u Ea Tlang kapa re lokela ho lebella e mong?’” 21 Ka hora eo a phekola ba bangata maloetse+ le mafu a bohloko le meea e khopo, ’me a fa batho ba bangata ba foufetseng mohau oa ho bona. 22 Kahoo ha a araba a re ho bao ba babeli: “Tsamaeang,+ le tlalehele Johanne seo le se boneng le seo le se utloileng: ba foufetseng+ baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa, mafutsana a ntse a bolelloa+ litaba tse molemo.+ 23 Ho thaba ea sa khoptjoang ka lebaka la ka.”+
24 Ha manģosa a Johanne a tlohile, Jesu a qala ho re ho bongata malebana le Johanne: “Le ile la tsoela lefeelleng ho ea bona’ng? Lehlaka le ntseng le akhotsoa ke moea?+ 25 Joale, le ile la tsoa ho ea bona’ng? Monna ea apereng liaparo tse bonolo tsa ka ntle?+ Ka sebele, ba apereng liaparo tse botle bo khanyang le ba phelang mononong ba matlong a borena.+ 26 Joale, ha e le hantle le ile la tsoa ho ea bona’ng? Moprofeta?+ E, kea le bolella, le ho fetang moprofeta hōle.+ 27 Enoa ke eena eo ho ngoliloeng malebana le eena, ‘Bona! Ke romela lenģosa la ka ka pel’a sefahleho+ sa hao, le tla lokisa tsela ea hao ka pel’a hao.’+ 28 Kea le bolella, Har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho le ea mong e moholo+ ho Johanne; empa motho e monyenyane ’musong oa Molimo o moholo ho eena.”+ 29 (Batho le babokelli ba lekhetho kaofela, ha ba utloa sena, ba bolela hore Molimo o lokile,+ kaha ba ne ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne.+ 30 Empa Bafarisi le ba rutehileng Molaong ba ile ba hlokomoloha keletso+ eo Molimo a ba nehang eona, kaha ba ne ba sa kolobetsoa ke eena.)
31 “Ka hona, ke tla bapisa batho ba moloko oo le mang, ’me ba joaloka mang?+ 32 Ba joaloka bana ba banyenyane ba lutseng ’marakeng le ba hoeletsanang, le ba reng, ‘Re ile ra le letsetsa lekolilo, empa ha lea ka la tjeka; re ile ra bokolla, empa ha lea ka la lla.’+ 33 Ka ho tšoanang, Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe a sa noe veine, empa le re, ‘O na le modemona.’+ 34 Mor’a motho o tlile a ja a noa, empa le re, ‘Bonang! Motho oa monyollo le ea ineheletseng ho noa veine, motsoalle oa babokelli ba lekhetho le baetsalibe!’+ 35 Leha ho le joalo, bohlale+ bo pakoa ke bana bohle ba bona hore bo lokile.”+
36 Joale e mong oa Bafarisi a ’na a mo kōpa hore a je le eena. Ka lebaka leo a kena ka tlung+ ea Mofarisi eo ’me a otla ka lehlakore tafoleng. 37 Bonang! Mosali e mong ea neng a tsebahala motseng oo e le moetsalibe o ile a tseba hore o ne a otlile ka lehlakore lijong ka tlung ea Mofarisi, eaba o tlisa pitsana ea alabastera+ ea oli e nkhang hamonate, 38 ’me, ha a ema ka morao maotong a hae, a lla eaba o qala ho kolobisa maoto a hae ka meokho ’me o e hlakola ka moriri oa hlooho ea hae. Hape, a aka maoto a hae ka lerato eaba o a tlotsa ka oli e nkhang hamonate.39 Ha Mofarisi ea mo memileng a bona seo a ipolella ho re: “Monna enoa, haeba e ne e le moprofeta,+ a ka be a tseba hore na mosali ea mo amang ke mang le hore na ke oa mofuta ofe, hore ke moetsalibe.”+ 40 Empa ha Jesu a araba a re ho eena: “Simone, ho na le hoo ke lokelang ho u bolella hona.” A re: “Mosuoe, ho bolele!”
41 “Banna ba babeli ba ne ba e-na le molato ho motho ea itseng ea alimanang; e mong o ne a e-na le molato oa lidenari+ tse makholo a mahlano, empa e mong oa tse mashome a mahlano. 42 Ha ba se na letho leo ba ka lefang ka lona, a ba tšoarela+ ka bobeli ka bolokolohi. Ka hona, ke ofe oa bona ea tla mo rata haholo?” 43 Ha Simone a araba a re: “Ke nahana hore ke eo a ileng a mo tšoarela ka bolokolohi haholo.” A re ho eena: “U ahlotse ka nepo.” 44 Eaba o retelehela ho mosali eo ’me o re ho Simone: “Na u bona mosali enoa? Ke kene ka tlung ea hao; ha ua ka ua mpha metsi+ bakeng sa maoto a ka. Empa mosali enoa o kolobisitse maoto a ka ka meokho ea hae ’me a e hlakola ka moriri oa hae. 45 Ha ua ka ua nkaka;+ empa mosali enoa, ho tloha horeng ea ha ke kena, ha aa ka a tlohela ho aka maoto a ka ka lerato. 46 Ha ua ka ua tlotsa hlooho ea ka ka oli;+ empa mosali enoa o ile a tlotsa maoto a ka ka oli e nkhang hamonate. 47 Ka lebaka la sena, kea u bolella, libe tsa hae, le hoja li le ngata, li tšoaretsoe,+ hobane o ile a rata haholo; empa ea tšoaretsoeng hanyenyane, o rata hanyenyane.” 48 Joale a re ho mosali eo: “U tšoaretsoe libe.”+ 49 Eaba ba neng ba otlile ka lehlakore le eena tafoleng ba qala ho re ka ho bona: “Monna enoa ea bileng a tšoarelang libe+ ke mang?” 50 Empa a re ho mosali eo: “Tumelo ea hao e u pholositse;+ tsamaea ka khotso.”+