Johanne
Ho Ea ka Johanne
1 Tšimolohong+ Lentsoe+ o ne a le teng, ’me Lentsoe o ne a e-na le Molimo,+ ’me Lentsoe e ne e le molimo.+ 2 Enoa o ne a e-na le Molimo+ tšimolohong.+ 3 Lintho tsohle li bile teng ka eena,+ ’me kantle ho eena ha ho ntho leha e le ’ngoe e bileng teng.
Se bileng teng 4 ka eena e ne e le bophelo,+ ’me bophelo e ne e le leseli+ la batho. 5 Leseli le khanya lefifing,+ empa lefifi ha lea le hlōla ka matla.
6 Ho ile ha hlaha motho ea neng a rometsoe e le moemeli oa Molimo:+ lebitso la hae e ne e le Johanne.+ 7 Motho enoa o ile a tla hore a fane ka bopaki,+ e le hore a pake mabapi le leseli,+ e le hore batho ba mefuta eohle ba ka lumela ka eena.+ 8 E ne e se leseli+ leo, empa o ne a reretsoe ho paka+ mabapi le leseli leo.
9 Leseli+ la ’nete le fanang ka leseli+ ho motho+ oa mofuta o mong le o mong le ne le le mothating oa ho tla lefatšeng. 10 O ne a le lefatšeng,+ ’me lefatše le bile teng ka eena,+ empa lefatše ha lea ka la mo tseba. 11 O ile a tla ha habo, empa batho ba habo ha baa ka ba mo amohela.+ 12 Leha ho le joalo, ba bangata ba ileng ba mo amohela,+ o ile a ba fa matla a ho ba bana+ ba Molimo, hobane ba ne ba bontša tumelo lebitsong+ la hae; 13 ’me ha baa ka ba tsoaloa, ka mali kapa ka thato ea nama kapa ka thato ea motho, empa ba tsoetsoe ke Molimo.+
14 Kahoo Lentsoe o ile a fetoha nama+ ’me a lula har’a rōna, ’me ra bona khanya ea hae, khanya e joaloka ea mora+ ea tsoetsoeng a ’notši ea tsoang ho ntate; ’me o ne a tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete.+ 15 (Johanne o ile a paka ka eena, e, a hla a hoeletsa—enoa ke eena ea ileng a ho bolela—a re: “Ea tlang ka mor’a ka o tlile ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.”)+ 16 Etsoe kaofela re ile ra amohela mosa o sa tšoanelang holim ’a mosa+ o sa tšoanelang ho tsoa botlalong+ ba hae. 17 Hobane Molao o ile oa fanoa ka Moshe,+ mosa+ o sa tšoanelang le ’nete+ ea e-ba teng ka Jesu Kreste. 18 Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako+ leha e le efe; molimo+ ea tsoetsoeng a ’notši ea sefubeng+ sa Ntate ke eena ea mo hlalositseng.+
19 Joale bona ke bopaki ba Johanne ha Bajuda ba romela baprista le Balevi ho eena ho tsoa Jerusalema ho mo botsa: “U mang?”+ 20 A bolela ’me a se ke a latola, empa a bolela: “Ha ke Kreste.”+ 21 Eaba baa mo botsa: “Joale, u mang? Na u Elia?”+ ’Me a re: “Ha ke eena.” “Na u Moprofeta?”+ Eaba oa araba: “Che!” 22 Ka hona ba re ho eena: “U mang? e le hore re ka fana ka karabo ho ba re romileng. U re’ng ka uena?”+ 23 A re: “’Na ke lentsoe la e mong ea hoeletsang lefeelleng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”+ 24 Joale ba romiloeng ba ne ba tsoa ho Bafarisi. 25 Kahoo ba mo botsa ’me ba re ho eena: “Joale, ke hobane’ng ha u kolobetsa+ haeba u se Kreste kapa Elia kapa Moprofeta?” 26 Johanne a ba araba, a re: “Ke kolobetsa ka metsi. Har’a+ lōna ho eme e mong eo le sa mo tsebeng,+ 27 ea tlang ka mor’a ka, empa eo leqhoele la moqathatso oa hae ke sa tšoaneleheng ho le tlamolla.”+ 28 Lintho tsena li ile tsa etsahala Bethani ka mose ho Jordane, moo Johanne a neng a kolobetsa+ teng.
29 Ka letsatsi le hlahlamang a bona Jesu a tla ho eena, ’me a re: “Bonang, Konyana+ ea Molimo e tlosang sebe+ sa lefatše!+ 30 Enoa ke eena eo ke itseng ka eena, Ka mor’a ka ho tla monna ea tlileng ka pel’a ka, hobane o bile teng pele ho ’na.+ 31 Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa lebaka leo ke tlileng ke kolobetsa ka metsi ka lona e ne e le hore a ka bonahatsoa ho Iseraele.”+ 32 Johanne a boela a paka, a re: “Ke bone moea o theoha joaloka leeba o tsoa leholimong, ’me o lula holim ’a hae.+ 33 Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa Ea nthometseng+ ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim ’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea+ o halalelang.’ 34 Ke ho bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mora oa Molimo.”+
35 Ka letsatsi le hlahlamang Johanne o ne a boetse a eme le barutuoa ba hae ba babeli, 36 ’me ha a ntse a shebile Jesu a tsamaea a re: “Bonang, Konyana+ ea Molimo!” 37 Barutuoa bao ba babeli ba mo utloa a bua, ’me ba latela Jesu. 38 Joale Jesu a reteleha ’me, ha a bona ba latela, a re ho bona: “Le batla’ng?” Ba re ho eena: “Rabi, (eo ha e fetoleloa, e bolelang, Mosuoe,) u lula hokae?” 39 A re ho bona: “Tloong, ’me le tla bona.”+ Tumellanong le hoo ba ea ’me ba bona moo a lulang teng, ’me ba lula le eena letsatsing leo; e ne e le hoo e ka bang ka hora ea leshome. 40 Andrease+ mor’abo Simone Petrose e ne e le e mong oa ba babeli ba ileng ba utloa seo Johanne a ileng a se bua eaba ba latela Jesu. 41 Pele enoa o ile a fumana mor’abo, Simone, ’me a re ho eena: “Re fumane Mesia”+ (eo ha e fetoleloa, e bolelang, Kreste).+ 42 A mo isa ho Jesu. Ha Jesu a mo sheba+ a re: “U Simone+ mora oa Johanne;+ u tla bitsoa Kefase” (e fetoleloang e le Petrose).+
43 Ka letsatsi le hlahlamang a lakatsa ho tloha ho ea Galilea. Kahoo Jesu a fumana Filipi+ ’me a re ho eena: “E-ba molateli+ oa ka.” 44 Joale Filipi o ne a tsoa Bethsaida,+ motseng oa habo Andrease le Petrose. 45 Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane eo Moshe, Molaong,+ le Baprofeta+ ba ileng ba ngola ka eena, Jesu, mora oa Josefa,+ ea tsoang Nazaretha.” 46 Empa Nathanaele a re ho eena: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?”+ Filipi a re ho eena: “Tloo ’me u bone.” 47 Jesu a bona Nathanaele a tla a mo lebile ’me a re ka eena: “Bonang, Moiseraele kannete-nete, eo ho seng thetso+ ho eena.” 48 Nathanaele a re ho eena: “Ho tla joang hore ebe ua ntseba?” Ha Jesu a araba a re ho eena: “Ke ile ka u bona pele Filipi a u bitsa, ha u ntse u le tlas’a sefate sa feiga.” 49 Nathanaele a mo araba: “Rabi, u Mora oa Molimo,+ u Morena+ oa Iseraele.” 50 Ha Jesu a araba a re ho eena: “Na u lumela kahobane ke u boleletse hore ke ile ka u bona tlas’a sefate sa feiga? U tla bona lintho tse khōlō ho feta tsena.” 51 A eketsa ka ho re ho eena: “Kannete-nete ke re ho lōna, Le tla bona leholimo le bulehile ’me mangeloi+ a Molimo a nyoloha le ho theohela ho Mor’a motho.”+