Johanne
6 Ka mor’a lintho tsena Jesu a tšelela ka mose ho leoatle la Galilea, kapa Tiberiase.+ 2 Empa bongata bo boholo ba ’na ba mo latela, kahobane bo ne bo bona lipontšo tseo a neng a li etsetsa ba kulang.+ 3 Kahoo Jesu a nyolohela thabeng,+ ’me o ne a lutse le barutuoa ba hae moo. 4 Joale paseka,+ mokete oa Bajuda, e ne e le haufi. 5 Ka hona, ha Jesu a phahamisa mahlo ’me a hlokomela hore bongata bo boholo bo ne bo tla ho eena, a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore bongata bona bo boholo bo je?”+ 6 Leha ho le joalo, o ne a bua sena ho mo leka, etsoe o ne a tseba seo a neng a le haufi le ho se etsa. 7 Filipi a mo araba: “Mahobe a rekoang ka lidenari tse makholo a mabeli ha aa lekana bakeng sa bona, hoo e mong le e mong a ka fumanang ho honyenyane.”+ 8 E mong oa barutuoa ba hae, Andrease mor’abo Simone Petrose, a re ho eena: 9 “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe+ a mahlano a harese le litlhapi tse nyenyane tse peli. Empa ana ke eng har’a batho ba bangata hakaale?”+
10 Jesu a re: “E-reng batho ba otle ka lehlakore joaloka lijong.”+ Joale ho ne ho e-na le joang bo bongata sebakeng seo. Ka hona batho ba otla ka lehlakore, ba ka bang likete tse hlano ka palo.+ 11 Kahoo Jesu a nka mahobe ’me, ka mor’a ho leboha, a a abela ba otlileng ka lehlakore, ka ho tšoanang a ba abela le litlhapi tse nyenyane tse ngata ho ea kamoo ba batlang+ kateng. 12 Empa ha ba khotše+ a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lingoathoana tse setseng, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senngoang.” 13 Ka hona ba li bokella, ’me ba tlatsa libaskete tse leshome le metso e ’meli ka lingoathoana tsa mahobe a mahlano a harese, tse neng li siiloe ke ba jeleng.+
14 Kahoo ha batho ba bona lipontšo tseo a ileng a li etsa, ba qala ho re: “Kannete-nete enoa ke moprofeta+ ea neng a tla tla lefatšeng.” 15 Ka hona Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tšoara hore ba mo etse morena, a boela a tloha+ a ea thabeng a le mong feela.
16 Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba hae ba theohela leoatleng,+ 17 ’me, ha ba palama sekepe, ba tšelela ka mose ho leoatle ho ea Kapernauma. Joale, ka nako ena ho ne ho se ho le lefifi ’me Jesu o ne a e-s’o tle ho bona. 18 Hape, leoatle la qala ho loebehlana kahobane moea o matla o ne o foka.+ 19 Leha ho le joalo, ha ba sokile hoo e ka bang lik’hilomithara tse hlano kapa tse tšeletseng, ba bona Jesu a tsamaea holim ’a leoatle ’me a fihla haufi le sekepe; ’me ba tšoha.+ 20 Empa a re ho bona: “Ke ’na; le se ke la tšaba!”+ 21 Ka hona ba ne ba rata ho mo kenya ka sekepeng, ’me kapele sekepe se ne se le moo ho omileng moo ba neng ba leka ho ea+ teng.
22 Ka letsatsi le hlahlamang bongata bo neng bo eme ka lehlakoreng le leng la leoatle ba bona hore ho ne ho se sekepe moo haese se senyenyane, le hore Jesu o ne a sa kena ka sekepeng le barutuoa ba hae empa hore ke barutuoa ba hae feela ba neng ba tlohile; 23 empa likepe tse tsoang Tiberiase tsa fihla haufi le sebaka seo ba ileng ba jela bohobe ho sona ka mor’a hore Morena a lebohe. 24 Ka hona ha bongata bo bona hore Jesu kapa barutuoa ba hae ba ne ba le sieo moo, ba palama liketsoana tsa bona ’me ba tla Kapernauma ho tla batla+ Jesu.
25 Kahoo ha bo mo fumana ka mose ho leoatle ba re ho eena: “Rabi,+ u fihlile neng moo?” 26 Jesu a bo araba a re: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ha le mpatle kahobane le bone lipontšo, empa le mpatla kahobane le jele mahobe ’me la khora.+ 27 Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang,+ empa le sebeletse lijo tse lulang ho isa bophelong bo sa feleng,+ tseo Mor’a motho a tla le fa tsona; kaha Ntate, eena Molimo, o behile tiiso ea hae ea kamohelo holim ’a hae.”+
28 Ka hona ba re ho eena: “Re tla etsa joang hore re sebetse mesebetsi ea Molimo?” 29 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Ona ke mosebetsi oa Molimo, hore le bontše tumelo+ ho eo A mo romileng.”+ 30 Ka hona ba re ho eena: “Joale, ke eng eo u e etsang e le pontšo,+ e le hore re e bone ’me re u lumele? U etsa mosebetsi ofe? 31 Baholo-holo ba rōna ba ile ba ja manna+ lefeelleng, feela joalokaha ho ngoliloe, ‘O ile a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba bo je.’”+ 32 Kahoo Jesu a re ho bona: “Kannete-nete ke re ho lōna, Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong, empa Ntate o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong.+ 33 Etsoe bohobe ba Molimo ke ea theohang leholimong ’me a fa lefatše bophelo.” 34 Ka hona ba re ho eena: “Morena, u re fe bohobe+ bona kamehla.”
35 Jesu a re ho bona: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang, ’me ea bontšang tumelo ho ’na ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla.+ 36 Empa ke itse ho lōna, Le bile le mpone ’me leha ho le joalo ha le lumele.+ 37 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Ntate a mphang eona e tla tla ho ’na, ’me ea tlang ho ’na nke ke ka mo leleka+ ho hang; 38 kahobane ha kea theoha leholimong+ ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.+ 39 Ena ke thato ea ea nthomileng, hore ke se ke ka lahleheloa ke letho ho tsohle tseo a mphileng tsona empa hore ke ho tsose+ ka letsatsi la ho qetela. 40 Etsoe ena ke thato ea Ntate, hore e mong le e mong ea bonang Mora le ea bontšang tumelo ho eena a be le bophelo bo sa feleng,+ ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi+ la ho qetela.”
41 Ka hona Bajuda ba qala ho mo korotlela kahobane a itse: “Ke ’na bohobe bo theohileng leholimong”;+ 42 ’me ba qala ho re:+ “Na enoa hase Jesu mora oa Josefa,+ eo ntat’ae le ’m ’ae re ba tsebang? Ho tla joang hore ebe joale o re, ‘Ke theohile leholimong’?” 43 Ha Jesu a araba a re ho bona: “Khaotsang ho korotla har’a lōna. 44 Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa+ ke Ntate ea nthomileng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.+ 45 Ho ngoliloe Baprofeteng, ‘’Me kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’+ E mong le e mong ea utloileng ho Ntate le ea ithutileng o tla ho ’na.+ 46 Eseng hore motho leha e le ofe o bone Ntate,+ haese ea tsoang ho Molimo; enoa o bone Ntate.+ 47 Kannete-nete ke re ho lōna, Ea lumelang o na le bophelo+ bo sa feleng.
48 “Ke ’na bohobe+ ba bophelo. 49 Baholo-holo ba lōna ba ile ba ja manna+ lefeelleng ’me leha ho le joalo ba shoa. 50 Bona ke bohobe bo theohang leholimong, e le hore leha e le mang a ka bo ja ’me a se ke a shoa. 51 Ke ’na bohobe bo phelang bo theohileng leholimong; haeba leha e le mang a ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng; ’me, kannete, bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama+ ea ka bakeng sa bophelo ba lefatše.”+
52 Ka hona Bajuda ba qala ho phehisana, ba re: “Ke joang monna enoa a ka re fang nama ea hae hore re e je?” 53 Ka lebaka leo Jesu a re ho bona: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ntle le hore le je nama+ ea Mor’a motho le ho noa mali+ a hae, ha le na bophelo+ ka ho lōna. 54 Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o na le bophelo bo sa feleng, ’me ke tla mo tsosa+ ka letsatsi la ho qetela; 55 etsoe nama ea ka ke lijo tsa ’nete, le mali a ka ke seno sa ’nete. 56 Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o lula bonngoeng le ’na, le ’na ke bonngoeng le eena.+ 57 Feela joalokaha Ntate ea phelang+ a nthomile ’me ke phela ka lebaka la Ntate, le ea ntjang, o tla phela ka lebaka la ka.+ 58 Bona ke bohobe bo theohileng leholimong. Ha ho joalokaha baholo-holo ba lōna ba ile ba ja ’me leha ho le joalo ba shoa. Ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+ 59 O buile lintho tsena ha a ntse a ruta sebokeng sa phatlalatsa Kapernauma.
60 Ka hona ba bangata ho barutuoa ba hae, ha ba utloa sena, ba re: “Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?”+ 61 Empa Jesu, ka ho tseba ka ho eena hore barutuoa ba hae ba ne ba korotla ka sena, a re ho bona: “Na see sea le khopisa?+ 62 Ka hona, ho thoe’ng haeba le ka bona Mor’a motho a nyolohela moo a neng a le teng pele?+ 63 Ke moea o fanang ka bophelo;+ nama ha e na thuso ho hang. Lipolelo tseo ke le boleletseng tsona ke moea+ ’me ke bophelo.+ 64 Empa ho na le ba bang ba lōna ba sa lumeleng.” Etsoe ho tloha tšimolohong Jesu o ne a tseba hore na ke bo-mang ba sa lumeleng le hore na ke mang ea neng a tla mo eka.+ 65 Kahoo a tsoela pele ho re: “Ke ka lebaka lena ke itseng ho lōna, Ha ho ea ka tlang ho ’na ntle leha a ho nehoa ke Ntate.”+
66 Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao+ ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.+ 67 Ka hona Jesu a re ho ba leshome le metso e ’meli: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” 68 Simone Petrose+ a mo araba: “Morena, re tla tloha re ee ho mang?+ Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo+ bo sa feleng; 69 ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.”+ 70 Jesu a ba araba: “Ke khethile lōna ba leshome le metso e ’meli,+ na ha ho joalo? Empa leha ho le joalo e mong oa lōna ke moetselletsi.”+ 71 Ha e le hantle, o ne a bua ka Judase mora oa Simone Iskariota; etsoe o ne a tla mo eka,+ le hoja e ne e le e mong oa ba leshome le metso e ’meli.