Liketso
19 Nakong ea liketsahalo tsena, ha Apolose+ a ntse a le Korinthe, Pauluse a pholletsa le likarolo tse ka hare ho naha ’me a theohela Efese,+ eaba o fumana barutuoa ba itseng; 2 a re ho bona: “Na le ile la amohela moea o halalelang+ ha le e-ba balumeli?” Ba re ho eena: “Ka sebele, le ka mohla ha re e-s’o utloe hore na ho na le moea o halalelang kapa che.”+ 3 Eaba o re: “Joale, le ile la kolobetsoa ka eng?” Ba re: “Ka kolobetso ea Johanne.”+ 4 Pauluse a re: “Johanne o ile a kolobetsa ka kolobetso tšoantšetsong ea pako,+ a bolella batho hore ba lumele ho ea tlang ka mor’a hae,+ ke hore, ho Jesu.” 5 Ha ba utloa sena, ba kolobetsoa ka lebitso la Morena Jesu.+ 6 Ha Pauluse a beha matsoho+ holim ’a bona, moea o halalelang oa theohela holim ’a bona, ’me ba qala ho bua maleme le ho profeta.+ 7 Kaofela, ho ne ho e-na le banna ba ka bang leshome le metso e ’meli.
8 Ha a kena ka synagogeng,+ a bua ka sebete ka likhoeli tse tharo, a fana ka lipuo ’me a sebelisa tšusumetso malebana le ’muso+ oa Molimo. 9 Empa ha ba bang ba tsoela pele ho ithatafatsa le ho se lumele,+ ba bua hampe ka Tsela Eo+ ka pel’a letšoele, a tloha ho bona+ ’me a arola barutuoa ho bona,+ letsatsi le leng le le leng a fana ka lipuo ka holong ea sekolo ea Tyranase. 10 Sena sa etsahala ka lilemo tse peli,+ hoo bohle ba ahileng seterekeng sa Asia+ ba ileng ba utloa lentsoe la Morena, Bajuda le Bagerike.
11 Molimo a ’na a etsa mesebetsi e matla e fetang e tloaelehileng ka matsoho a Pauluse,+ 12 hoo le masela le liforeskoto li neng li nkoa ’meleng oa hae ho isoa ho batho ba kulang,+ ’me mafu a ba tlohela, le meea e khopo e tsoa.+ 13 Empa ba bang ba Bajuda ba sollang ba neng ba tloaetse ho leleka bademona+ le bona ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu+ mabapi le ba nang le meea e khopo, ba re: “Ke le laela ka tieo+ ka Jesu eo Pauluse a mo bolelang.” 14 Joale ho ne ho e-na le bara ba supileng ba Skeva ea itseng, moprista ea ka sehloohong oa Mojuda, ba etsang sena. 15 Empa ha moea o khopo o araba oa re ho bona: “Ke tseba Jesu+ ’me ke tloaelane le Pauluse;+ empa lōna le bo-mang?” 16 Eaba motho eo moea o khopo o neng o le ho eena o tlōlela holim ’a bona,+ oa ba fekisa e mong ka mor’a e mong, ’me oa ba hlōla, hoo ba ileng ba baleha ba hlobotse ’me ba tsoile maqeba ho tsoa ntlong eo. 17 Sena sa tsejoa ke bohle, Bajuda le Bagerike ba neng ba lula Efese; ’me tšabo+ ea ba oela kaofela, ’me lebitso la Morena Jesu la tsoela pele ho tlotlisoa.+ 18 Ba bangata ba bao e neng e bile balumeli ba ne ba tla ebe ba bolela+ le ho tlaleha litloaelo tsa bona pepenene. 19 Ka sebele, ba bangata ba neng ba sebelisa tsebo ea boselamose+ ba bokella libuka tsa bona ’me ba li chesa ka pel’a bohle. Ba kopanya theko ea tsona ’me ba fumana li ka rekoa ka likotoana tsa silevera tse likete tse mashome a mahlano. 20 Kahoo ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na la hōla le ho hlōla.+
21 Joale ha lintho tsena li phethiloe, Pauluse a rera moeeng oa hae hore, ka mor’a ho pholletsa le Macedonia+ le Akaia, o ne a tla ea Jerusalema,+ a re: “Ka mor’a hore ke fihle moo ke lokela le ho bona Roma.”+ 22 Kahoo a roma Macedonia ba babeli ba ba neng ba mo sebeletsa, Timothea+ le Erastase,+ empa a lieha nako e itseng seterekeng sa Asia.
23 Ka nako eo ha tsoha pherekano+ e khōlō malebana le Tsela Eo.+ 24 Etsoe monna ea itseng ea bitsoang Demetriase, setei sa silevera, o ne a ruisa+ litsebi tsa mesebetsi ea matsoho haholo ka ho etsa litempelana tsa silevera tsa Artemise; 25 eaba o bokella bona le ba neng ba sebetsa linthong tse joalo+ o re: “Banna, le tseba hantle hore katleho+ ea rōna e tsoa khoebong ena. 26 Hape, lea bona ’me lea utloa kamoo eseng Efese+ feela empa hoo e batlang e le seterekeng sa Asia kaofela moo Pauluse enoa a susumelitseng bongata bo boholo eaba o ba retelletsa maikutlong a mang, a re melimo e entsoeng ka matsoho+ hase melimo. 27 Ho feta moo, kotsi e teng eseng feela ea hore mosebetsi ona oa rōna o tla nyeliseha empa le ea hore tempele ea molimotsana e moholo Artemise+ e tla nkoa e se letho esita le botle ba hae bo hlollang boo setereke sa Asia sohle le lefatše leo ho ahiloeng ho lona li bo rapelang bo haufi le ho etsoa lefeela.” 28 Ha ba utloa sena ’me ba tlala bohale, banna bao ba qala ho hoeletsa, ba re: “O moholo Artemise oa Baefese!”
29 Kahoo motse oa tlala pherekano, ’me ka tumellano ba potlakela ka lebaleng la liketsahalo, ba nka Gaiase le Aristakase,+ ba Macedonia, ka likhoka ba tsamaea le bona, e leng metsoalle ea Pauluse eo a neng a tsamaea le eona. 30 Pauluse o ne a rata ho kena ka hare ho ea ho batho, empa barutuoa ba ne ba sa mo lumelle. 31 Esita le ba bang ba balaoli ba mekete le lipapali, ba neng ba e-na le botsoalle ho eena, ba romeletsa ho eena ’me ba qala ho mo kōpa ka tieo hore a se ke a ipeha kotsing ka lebaleng la liketsahalo. 32 ’Nete ke hore, ba bang ba ne ba hoeletsa ntho e ’ngoe ’me ba bang e ’ngoe;+ kaha seboka seo se ne se le moferefere, ’me bongata ba bona bo ne bo sa tsebe lebaka leo ka lona bo neng bo phuthehile. 33 Kahoo ba le hammoho ba ntša Alexandere ho bongata, Bajuda ba mo sutumelletsa ka pele; eaba Alexandere o etsa pontšo ka letsoho ’me o ne a batla ho itšireletsa ho batho. 34 Empa ha ba hlokomela hore ke Mojuda, mohoo o le mong oa tsoha ho bona kaofela ha ba ntse ba hooa hoo e ka bang ka lihora tse peli: “O moholo+ Artemise oa Baefese!”
35 Qetellong, ha motlalehi oa motse a khutsisitse+ bongata, a re: “Banna ba Efese, ke mang ka sebele molokong oa batho ea sa tsebeng hore motse oa Baefese ke mohlokomeli oa tempele ea Artemise e moholo le oa setšoantšo se oeleng leholimong? 36 Ka hona kaha lintho tsena li ke ke tsa hanyetsoa, hoa tšoaneleha hore le lule le khutsitse ’me le se ke la etsa ka lepotlapotla.+ 37 Etsoe le tlisitse banna bana bao e seng batlatlapi ba litempele kapa banyefoli ba molimotsana oa rōna. 38 Ka hona haeba Demetriase+ le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho tse nang le eena ba fela ba e-na le nyeoe khahlanong le e mong, ho ba le matsatsi a lekhotla+ ’me ho na le batsamaisi ba liprofinse;+ ba ke ba tlise liqoso tseo ba qosanang ka tsona. 39 Leha ho le joalo, haeba le batla ntho leha e le efe e ka nģ’ane ho eo, e tla etsetsoa qeto sebokeng se tloaelehileng. 40 Etsoe ka sebele re kotsing ea ho qosoa ka bofetoheli mabapi le taba ea kajeno, ho se sesosa le se seng se teng se tla re lumella ho fana ka lebaka bakeng sa mokhopi ona o sa laoleheng.” 41 Ha a buile lintho+ tsena, a qhala seboka.+