Liketso
22 “Banna, barab’eso+ le bo-ntate, joale utloang boitšireletso+ ba ka ho lōna.” 2 (Joale, ha ba utloa hore o ne a bua le bona ka puo ea Seheberu,+ ba lula ba khutsitse haholoanyane, eaba o re:) 3 “Ke Mojuda,+ ea tsoaletsoeng Tarsase ea Silisia,+ empa ea rutetsoeng motseng ona maotong a Gamaliele,+ ea rupetsoeng ho ea ka ho tiea+ ha Molao oa baholo-holo, ke chesehela+ Molimo feela joalokaha kaofela ha lōna le mo chesehela letsatsing lena. 4 Ke ile ka hlorisa Tsela ena ho fihlela lefung,+ ke tlama ke bile ke nehelana ka banna hammoho le basali lichankaneng,+ 5 joalokaha moprista ea phahameng hammoho le sehlopha sohle sa banna ba baholo+ ba ka mpakela. Ho bona ke ile ka boela ka fumana mangolo+ a eang ho barab’abo rōna Damaseka, ’me ke ne ke le tseleng ho tlisa le bona ba neng ba le moo ba tlamiloe Jerusalema hore ba fuoe kotlo.
6 “Empa ha ke ntse ke tsamaea ’me ke atamela Damaseka, hoo e ka bang har’a motšehare, ka tšohanyetso leseli le leholo la halima ho tsoa leholimong ho mpotoloha ka hohle,+ 7 ’me ka oela fatše eaba ke utloa lentsoe le re ho ’na, ‘Saule, Saule, u ntlhorisetsa’ng?’+ 8 Ka araba, ‘U mang, Morena?’ Eaba o re ho ’na, ‘Ke ’na Jesu Monazaretha, eo u mo hlorisang.’+ 9 Joale banna ba neng ba e-na le ’na+ ba bona leseli leo empa ba se ke ba utloa lentsoe la ea buang le ’na.+ 10 Eaba ke re, ‘Ke etse’ng,+ Morena?’ Morena a re ho ’na, ‘Ema, u tsamaee u kene Damaseka, ’me moo u tla bolelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e behetsoeng hore u e etse.’+ 11 Empa kaha ke ne ke sa bone letho ka lebaka la khanya ea leseli leo, ka fihla Damaseka, ke ntse ke tataisoa ke tšoeroe ka letsoho ke ba neng ba e-na le ’na.+
12 “Joale Ananiase, monna ea itseng ea nang le tlhompho ea borapeli ho ea ka Molao, ea buuoang hantle+ ke Bajuda bohle ba lulang moo, 13 a tla ho ’na ’me, a eme haufi le ’na, a re ho ’na, ‘Saule, mor’eso, boela u bone!’+ Eaba kea mo talima ka eona hora eo. 14 A re, ‘Molimo oa baholo-holo+ ba rōna o u khethetse+ hore u tsebe thato ea hae le ho bona+ Ea lokileng+ le ho utloa lentsoe la molomo+ oa hae, 15 hobane u tla ba paki ea hae ho batho bohle ea lintho tseo u li boneng le ho li utloa.+ 16 Joale ke hobane’ng ha u lieha? Ema, u kolobetsoe+ ’me u hlatsoe+ libe tsa hao ka hore u ipiletse lebitsong la hae.’+
17 “Empa ha ke khutletse Jerusalema+ ’me ke ntse ke rapela ka tempeleng, ka haptjoa kelellong+ 18 eaba ke mo bona a re ho ’na, ‘Potlaka ’me u tsoe Jerusalema kapele, hobane ba ke ke ba lumellana+ le bopaki ba hao malebana le ’na.’ 19 Eaba ke re, ‘Morena, ba tseba hantle hore ke ne ke kenya ba lumelang ho uena chankaneng+ le ho ba shapa synagogeng e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe;+ 20 ’me ha mali a Setefane+ paki ea hao a ntse a tšolloa, le ’na ke ne ke eme haufi ’me ke lumellana le seo+ ke bile ke lebetse liaparo tsa ka ntle tsa ba mo bolaeang.’ 21 Leha ho le joalo a re ho ’na, ‘Tsamaea, hobane ke tla u romela lichabeng tse hōle.’”+
22 Joale ba ’na ba mo mamela ho fihlela lentsoeng lena, eaba ba phahamisa mantsoe, ba re: “Tlosang motho ea joalo lefatšeng, kaha o ne a sa lokela ho phela!”+ 23 Kahobane ba ne ba hoeletsa ’me ba akhelaka liaparo tsa bona tsa ka ntle ’me ba thuntšetsa lerōle moeeng,+ 24 molaoli oa sesole a laela hore a tlisoe bolulong ba masole eaba o re o lokela ho hlahlojoa ka ho shapuoa, e le hore a ka tseba ka botlalo hore na ke ka lebaka la’ng ha ba ne ba hooa+ khahlanong le eena ka tsela ena. 25 Empa ha ba mo rapalalitse hore a shapuoe ka sephali, Pauluse a re ho molaoli oa lebotho ea neng a eme moo: “Na ho lumelloa ke molao hore le shape motho eo e leng Moroma+ a bile a sa ahloloa?” 26 Joale, ha molaoli oa lebotho a utloa sena, a ea ho molaoli oa sesole ’me a tlaleha, a re: “U rerile ho etsa’ng? Ka sebele, motho enoa ke Moroma.” 27 Kahoo molaoli oa sesole a atamela eaba o re ho eena: “Mpolelle, Na u Moroma?”+ A re: “E.” 28 Molaoli oa sesole a arabela: “Ke rekile litokelo tsena ke le moahi ka chelete e ngata haholo.” Pauluse a re: “Empa ’na ke bile ke tsoaletsoe ho tsona.”+
29 Ka hona, kapele-pele banna ba neng ba le haufi le ho mo hlahloba ka ho mo hlokofatsa ba tloha ho eena; ’me molaoli oa sesole a tšoha ha a fumana hantle hore ke Moroma+ le hore o ne a mo tlamile.
30 Kahoo, letsatsing le hlahlamang, kaha a ne a lakatsa ho tseba ka ’nete hore na hantle-ntle ke hobane’ng ha a ne a qosoa ke Bajuda, a mo lokolla eaba o laela baprista ba ka sehloohong le Sanhedrine eohle ho bokana. Eaba o theola Pauluse ’me o mo emisa har’a bona.+