Liketso
23 A talimile Sanhedrine ka hloko Pauluse a re: “Banna, barab’eso, ke itšoere ka letsoalo+ le hloekileng ka ho phethahetseng ka pel’a Molimo ho fihlela letsatsing lena.” 2 Eaba moprista ea phahameng Ananiase o laela ba emeng haufi le eena hore ba mo otle+ molomo. 3 Joale Pauluse a re ho eena: “Molimo o tla u otla, uena lerako le soeufalitsoeng.+ Na ka nako e le ’ngoe u lutse bakeng sa ho nkahlola tumellanong le Molao+ ’me, ka ho tlōla Molao,+ u laela hore ke otloe?” 4 Ba emeng haufi ba re: “Na u hlapaola moprista ea phahameng oa Molimo?” 5 Pauluse a re: “Barab’eso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ea phahameng. Etsoe ho ngoliloe, ‘U se ke ua bua hampe ka ’musi oa batho ba heno.’”+
6 Joale ha Pauluse a ela hloko hore karolo e ’ngoe e ne e le ea Basaduse+ empa e ’ngoe e le ea Bafarisi, a qala ho hoeletsa ka har’a Sanhedrine: “Banna, barab’eso, ke Mofarisi,+ mora oa Bafarisi. Ke ntse ke ahloloa+ mabapi le tšepo ea tsoho ea bafu.”+ 7 Kahobane a ile a bua sena, ha tsoha ho hloka kutloano+ pakeng tsa Bafarisi le Basaduse, ’me letšoele la arohana. 8 Etsoe Basaduse+ ba re ha ho na tsoho+ kapa lengeloi kapa moea, empa Bafarisi ba li bolela kaofela phatlalatsa. 9 Kahoo ha tsoha ho tleroha+ ho hoholo, ’me ba bang ba bangoli ba sehlopha sa Bafarisi ba ema ’me ba qala ho pheha khang ka bohale bo tšosang, ba re: “Ha re fumane letho le fosahetseng ho motho enoa;+ empa haeba moea kapa lengeloi le buile le eena,+—.” 10 Joale ha ho hloka kutloano ho hōla, molaoli oa sesole a tšoha hore ba ne ba tla tsekolla Pauluse likoto, eaba o laela lebotho la masole+ hore le theohe ’me le mo hloibile har’a bona ’me le mo tlise bolulong ba masole.+
11 Empa bosiung bo latelang Morena a ema haufi le eena+ a re: “E-ba sebete!+ Etsoe joalokaha u ’nile ua fana ka bopaki+ bo phethahetseng linthong tse mabapi le ’na Jerusalema, kahoo u tla boela u pake Roma.”+
12 Joale ha e e-ba motšehare, Bajuda ba etsa morero oa bolotsana+ ’me ba itlama ka bomalimabe,+ ba re ba ne ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba bolaile Pauluse.+ 13 Ho ne ho e-na le banna ba fetang mashome a mane ba neng ba entse morero ona oa bolotsana o tlamiloeng ka kano; 14 eaba ba ea ho baprista ba ka sehloohong+ le banna ba baholo ’me ba re: “Re itlamile ka tieo ka bomalimabe hore re se ke ra ja lijo ho fihlela re bolaile Pauluse. 15 Ka hona, joale lōna hammoho le Sanhedrine hlakisetsang molaoli oa sesole hore na ke hobane’ng ha a lokela ho mo theolela ho lōna joalokaha eka le rerile ho fumana hantle ka mokhoa o nepahetseng haholoanyane litaba tse mo amang.+ Empa pele a atamela re tla be re loketse ho mo bolaea.”+
16 Leha ho le joalo, mora oa khaitseli ea Pauluse a utloa ka ho lalla+ ha bona, eaba oa tla ’me o kena bolulong ba masole ’me o tlalehela Pauluse. 17 Kahoo Pauluse a bitsetsa e mong oa balaoli ba mabotho ho eena eaba o re: “Isa mohlankana enoa ho molaoli oa sesole, kaha o na le ho hong hoo a tla mo tlalehela hona.” 18 Ka hona monna enoa a mo nka eaba o mo isa ho molaoli oa sesole ’me o re: “Motšoaruoa Pauluse o ile a mpitsetsa ho eena eaba o nkōpa hore ke tlise mohlankana enoa ho uena, kaha o na le ho hong hoo a tla u bolella hona.” 19 Molaoli oa sesole a mo tšoara+ ka letsoho eaba oa tloha ’me o qala ho botsisisa boinotšing: “Ke eng eo u tlileng ho ntlalehela eona?” 20 A re: “Bajuda ba lumellane ho u kōpa hore u theolele Pauluse Sanhedrine hosasane joalokaha eka ba rerile ho tseba ho hong ho nepahetseng haholoanyane ka eena.+ 21 Ka holim ’a lintho tsohle, u se ke ua ba lumella hore ba u susumetse, kaha banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse,+ ’me ba itlamile ka bomalimabe hore ba se ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile;+ ’me joale ba itokisitse, ba letetse tšepiso e tsoang ho uena.” 22 Ka hona molaoli oa sesole a tlohela mohlankana eo hore a tsamaee ka mor’a hore a mo laele: “U se ke ua senolela leha e le mang hore u ntlhakiselitse lintho tsena.”
23 Eaba o bitsa ba bang ba babeli ba balaoli ba mabotho ’me o re: “Lokisang masole a makholo a mabeli hore a tsamaee ho ea fihla Cesarea, le banna ba lipere ba mashome a supileng le banna ba marumo ba makholo a mabeli, ka hora ea boraro ea bosiu. 24 Hape, le lokisetse hore ho be le lipelesa e le hore ba ka palamisa Pauluse ’me ba mo isa a sireletsehile ho ’musisi Felixe.” 25 ’Me a ngola lengolo la mofuta ona:
26 “Claudiase Lysiase ho mohlomphehi ea khabane, ’Musisi Felixe:+ Lumela! 27 Monna enoa o ile a tšoaroa ke Bajuda ’me ba ne ba le haufi le ho mo bolaea, empa ka tšohanyetso ka tla ka lebotho la masole eaba kea mo pholosa,+ hobane ke ile ka tseba hore ke Moroma.+ 28 Ka ho lakatsa ho fumana hantle lebaka leo ba neng ba mo qosa ka lona, ke ile ka mo theolela ka har’a Sanhedrine+ ea bona. 29 Ka fumana a qosoa ka litsekisano tsa Molao+ oa bona, empa a sa qosoe ka ntho leha e le ’ngoe e tšoaneloang ke lefu kapa litlamo.+ 30 Empa ka lebaka la hore ke senoletsoe morero o mobe+ o tla etsoa khahlanong le monna enoa, ke mo romela ho uena hang-hang, ’me ke laela baqosi hore ba bue khahlanong le eena ka pel’a hao.”+
31 Ka hona masole+ ana a nka Pauluse ho ea ka litaelo tsa ’ona ’me a mo tlisa Antipatrise bosiu. 32 Letsatsing le hlahlamang a lumella banna ba lipere hore ba ee pele le eena, eaba a khutlela bolulong ba masole. 33 Banna bao ba lipere ba kena Cesarea+ ’me ba nehelana ka lengolo leo ho ’musisi ’me hape ba hlahisa Pauluse ho eena. 34 Kahoo a le bala ’me a botsisisa hore na o ne a tsoa profinseng efe, eaba o fumana hantle+ hore o ne a tsoa Silisia.+ 35 A re: “Ke tla u mamela ka ho phethahetseng, ha baqosi ba hao le bona ba fihla.”+ A laela hore a bolokoe a lebetsoe ka tlung ea ’muso ea moemphera ea Heroda.