Baroma
15 Leha ho le joalo, rōna ba matla re tšoanela ho jara mefokolo ea ba seng matla,+ ’me re se ke ra ikhahlisa.+ 2 E mong le e mong oa rōna a khahlise moahelani oa hae ho se leng molemo bakeng sa ho mo haha.+ 3 Etsoe le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa;+ empa feela joalokaha ho ngoliloe: “Linyeliso tsa ba neng ba u nyelisa li nkoetse holimo.”+ 4 Etsoe lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa+ ho re laea,+ e le hore ka mamello+ ea rōna le ka matšeliso+ a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.+ 5 Joale e se eka Molimo ea fanang ka mamello le matšeliso a ka etsa hore har’a lōna le be le boikutlo ba kelello+ bo tšoanang le boo Kreste Jesu a neng a e-na le bona, 6 e le hore ka tumellano+ le ka tlotlisa Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste ka molomo o le mong.
7 Ka hona amohelanang,+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a re amohela,+ ka tebello ea khanya ho Molimo. 8 Etsoe ke bolela hore ha e le hantle Kreste e bile mosebeletsi+ oa ba bolotseng+ bakeng sa ’nete+ ea Molimo, e le ho netefatsa litšepiso+ tseo A ileng a li etsetsa baholo-holo ba bona, 9 le hore lichaba+ li ka tlotlisa Molimo bakeng sa mohau+ oa hae. Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke ka lebaka leo ke tla bolela pepenene hore ke u ela hloko har’a lichaba ’me ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.”+ 10 O boetse o re: “Thabang, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.”+ 11 O boetse o re: “Rorisang Jehova, lōna lichaba tsohle, ’me lichaba li ke li mo rorise.”+ 12 Esaia o boetse o re: “Ho tla ba le motso oa Jese,+ ’me ho tla ba le ea emang ho busa lichaba;+ lichaba li tla beha tšepo ea tsona ho eena.”+ 13 E se eka Molimo ea fanang ka tšepo a ka le tlatsa thabo eohle le khotso ka ho lumela ha lōna, e le hore le ka ateloa ke tšepo ka matla a moea o halalelang.+
14 Joale le ’na ke kholisehile mabapi le lōna, barab’eso, hore le boetse le tletse molemo, kaha le tlatsitsoe tsebo+ eohle, le hore le ka boetse la eletsana.+ 15 Leha ho le joalo, ke le ngolla ka ho toba haholo lintlheng tse ling tse itseng, joalokaha eka ke le hopotsa+ hape, ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oo ke o filoeng ke Molimo+ 16 hore ke be mohlanka oa sechaba oa Kreste Jesu lichabeng,+ ea tšoarehileng mosebetsing o halalelang oa litaba tse molemo+ tsa Molimo, e le hore nyehelo,+ e leng, lichaba tsena, e ka amoheleha,+ kaha e halalelitsoe ka moea o halalelang.+
17 Ka hona ke na le lebaka la ho thaba ho Kreste Jesu+ ha ho tluoa linthong tse amanang le Molimo.+ 18 Etsoe nke ke ka ba sebete ho bolela ntho e le ’ngoe haeba e se e ’ngoe ea lintho tseo Kreste a ileng a li sebetsa ka ’na+ hore lichaba li mamele,+ ka lentsoe+ le ketso ea ka, 19 ka matla a lipontšo le limakatso,+ ka matla a moea o halalelang; hoo ho tloha Jerusalema le ka ho potoloha+ ho ea fihla Ilyrikame ke boletseng ka ho phethahetseng litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.+ 20 Ka sebele, ka tsela ena, sepheo sa ka e bile hore ke se ke ka bolela litaba tse molemo moo Kreste a neng a se a boletsoe, e le hore mohlomong ke se ke ka haha holim ’a motheo oa motho e mong;+ 21 empa, feela joalokaha ho ngoliloe: “Bao ho sa etsoang tsebiso ea letho ho bona mabapi le eena ba tla bona, ’me ba sa utloang ba tla utloisisa.”+
22 Ka hona hape ke ile ka sitisoa ka makhetlo a mangata ho fihla ho lōna.+ 23 Empa kaha joale ha ke sa na sebaka se sa sebetsoang libakeng tsena, ’me ka lilemo tse itseng ke ’nile ka ba le tlholohelo ea ho fihla ho lōna+ 24 neng kapa neng ha ke le tseleng ho ea Spain,+ ka holim ’a tsohle, ha ke le leetong ho ea moo, ke tšepa ho le bona le ho felehetsoa+ ke lōna sebaka se itseng ho ea moo ka mor’a hore pele ke khotsofale ke ho ba le lōna ka tekanyo e itseng. 25 Empa joale ke mothating oa ho ea Jerusalema ho ea sebeletsa bahalaleli.+ 26 Etsoe ba Macedonia le Akaia+ ba khahliloe ho arolela mafutsana a bahalaleli ba Jerusalema lintho tsa bona ka monehelo.+ 27 Ke ’nete, ba khahliloe ho etsa joalo, ’me leha ho le joalo ba ne ba e-na le molato ho bona; etsoe haeba lichaba li bile le karolo linthong tsa bona tsa moea,+ le tsona li na le sekoloto sa ho sebeletsa bana phatlalatsa ka lintho tsa ’mele oa nama.+ 28 Kahoo ka mor’a hore ke qete ka sena ’me ke fihlise litholoana+ tsena li sireletsehile ho bona, ke tla tloha ka tsela e potang ho lōna ho ea Spain.+ 29 Ho feta moo, kea tseba hore ha ke fela ke tla ho lōna ke tla tla ka tekanyo e tletseng ea tlhohonolofatso e tsoang ho Kreste.+
30 Joale kea le eletsa, barab’eso, ka Morena oa rōna Jesu Kreste le ka lerato la moea,+ hore le ikitlaetse le ’na lithapelong ho Molimo bakeng sa ka,+ 31 e le hore nka lopolloa+ ho ba sa lumelang ba Judea le hore bosebeletsi ba ka bo molemong oa Jerusalema+ e ka ba bo amohelehang ho bahalaleli,+ 32 e le hore ha ke fihla ho lōna ka thabo ka thato ea Molimo ke tle ke khatholloe+ hammoho le lōna. 33 E se eka Molimo ea fanang ka khotso a ka ba le lōna bohle.+ Amen.