Baroma
4 Ha ho le joalo, re tla re’ng ka Abrahama moholo-holo+ oa rōna ho ea ka nama? 2 Ka mohlala, haeba ho ne ho boletsoe hore Abrahama o lokile ka lebaka la mesebetsi,+ o ne a tla ba le lebaka la ho ithorisa; empa eseng ho Molimo. 3 Etsoe lengolo le re’ng? “Abrahama o ile a bontša tumelo ho Jehova, ’me a ho balloa e le ho loka.”+ 4 Joale motho ea sebetsang+ ha a balloe moputso e le mosa o sa tšoanelang,+ empa o o balloa e le molato.+ 5 Ka lehlakoreng le leng, motho ea sa sebetseng empa a beha tumelo+ ho ea bolelang hore ea se nang bomolimo o lokile, tumelo ea hae e baloa e le ho loka.+ 6 Feela joalokaha Davida le eena a bua ka thabo ea motho eo Molimo a mo ballang ho loka kantle le mesebetsi: 7 “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng+ le bao libe tsa bona li koahetsoeng;+ 8 ho thaba motho eo ho hang Jehova a ke keng a ela sebe sa hae hloko.”+
9 Joale, na thabo ee e tlela batho ba bolotseng kapa le bona batho ba sa bollang?+ Etsoe re re: “Abrahama o ile a balloa tumelo ea hae e le ho loka.”+ 10 Joale, ke tlas’a maemo afe e ileng ea baloa? Ha a ne a le lebollong kapa ho se bolleng?+ Eseng lebollong, empa ho se bolleng. 11 O ile a amohela pontšo,+ e leng, lebollo, e le tiiso ea ho loka ka tumelo eo a neng a e-na le eona ha a ntse a le boemong ba hae ba ho se bolle, e le hore e ka ba ntat’a+ bohle ba nang le tumelo+ ha ba ntse ba le ho se bolleng, e le hore ba balloe ho loka; 12 le ntat’a bana ba bolotseng, eseng feela ba khomarelang lebollo, empa le ba tsamaeang ka ho laolehileng mehatong ea tumelo eo ha ba ntse ba le boemong ba ho se bolle eo ntat’a+ rōna Abrahama a neng a e-na le eona.
13 Etsoe e ne e se ka molao Abrahama kapa peō ea hae a ileng a ba le tšepiso+ ea hore e ne e tla ba mojalefa oa lefatše, empa e ne e le ka ho loka ka tumelo.+ 14 Etsoe haeba ba khomarelang molao e le majalefa, tumelo e entsoe e se nang thuso ’me tšepiso e felisitsoe ka ho feletseng.+ 15 Ha e le hantle Molao o hlahisa khalefo,+ empa moo ho se nang molao, ha ho na tlōlo leha e le efe.+
16 Ka lebaka lena e ne e le ka lebaka la tumelo, hore e ka ba ho ea ka mosa o sa tšoanelang,+ e le hore tšepiso+ e tiee peōng+ eohle ea hae, eseng feela ho e khomarelang Molao, empa le ho e khomarelang tumelo ea Abrahama. (Ke ntat’a+ rōna bohle, 17 feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke u behile hore u be ntat’a lichaba tse ngata.”)+ Sena se ne se le pontšeng ea Eo a neng a e-na le tumelo ho eena, e leng ea Molimo, ea phelisang+ bafu le ea bitsang lintho tse sieo joalokaha eka li teng.+ 18 Le hoja ho ne ho se na tšepo, empa leha ho le joalo motheong oa tšepo o ile a ba le tumelo,+ e le hore e ka ba ntat’a lichaba+ tse ngata tumellanong le se neng se boletsoe: “Peō ea hao e tla ba joalo.”+ 19 Le hoja a sa ka a fokola tumelong, o ile a nahana ka ’mele oa hae, oo joale o neng o se o shoele,+ kaha o ne a ka ba lilemo li lekholo,+ le ka ho shoa ha pōpelo ea Sara.+ 20 Empa ka lebaka la tšepiso+ ea Molimo ha aa ka a thekesela ka ho hloka tumelo,+ empa a ba matla ka tumelo ea hae,+ a tlotlisa Molimo 21 ’me o ne a kholisehile ka botlalo hore seo a neng a se tšepisitse o ne a boetse a khona ho se etsa.+ 22 Kahoo “o ile a ho balloa e le ho loka.”+
23 Leha ho le joalo, hore “o ile a ho balloa”+ ha hoa ka ha ngoloa ka lebaka la hae feela,+ 24 empa le ka lebaka la rōna ba reretsoeng ho ho balloa, hobane re lumela ho ea ileng a tsosa Jesu Morena oa rōna bafung.+ 25 Ha nehelanoa ka eena ka lebaka la litšito+ tsa rōna ’me a tsosoa ka lebaka la hore ho boleloe hore re lokile.+