Baroma
9 Ke bolela ’nete+ mabapi le Kreste; ha ke bue leshano,+ kaha letsoalo la ka lea mpakela ka moea o halalelang, 2 hore ke na le mesarelo e meholo le bohloko bo sa khaotseng ka pelong ea ka.+ 3 Etsoe ke ne nka lakatsa hore ebe ke ile ka khethoa ke le ea rohakiloeng ho Kreste molemong oa barab’eso,+ beng ka ’na ho ea ka nama,+ 4 bao, e leng Baiseraele,+ bao ho nkeloa ka lapeng e le bara+ le khanya+ le lilekane+ le ho fanoa ha Molao+ le tšebeletso e halalelang+ le litšepiso+ e leng tsa bona; 5 bao baholo-holo+ e leng ba bona le bao Kreste a ileng a hlaha ho bona ho ea ka nama:+ Molimo,+ ea holim ’a tsohle, a bokoe ka ho sa feleng. Amen.
6 Leha ho le joalo, ha ho joalokaha eka lentsoe la Molimo le ne le hlōlehile.+ Etsoe hase bohle ba hlahang ho Iseraele bao ka sebele e leng “Baiseraele.”+ 7 Kapa hore kahobane e le peō ea Abrahama kaofela ke bana,+ empa: “Se tla bitsoa ‘peō ea hao’ se tla ba teng ka Isaka.”+ 8 Ke hore, bana nameng+ ha e hlile hase bana ba Molimo,+ empa bana ka tšepiso+ ba baloa e le peō. 9 Etsoe lentsoe la tšepiso le ile la e-ba ka tsela e latelang: “Ke tla tla ka nako ena ’me Sara o tla ba le mora.”+ 10 Empa leha ho le joalo eseng taba eo feela, empa le ha Rebeka a emola mafahla+ ka monna a le mong, moholo-holo oa rōna Isaka: 11 etsoe ha ba ne ba e-s’o tsoaloe leha e le ho tloaela ho etsa ntho leha e le efe e molemo kapa e mpe,+ e le hore morero oa Molimo mabapi le ho khetha o ka tsoela pele o itšetlehile ka Ea bitsang, eseng ka mesebetsi,+ 12 ho itsoe ho eena: “E moholo e tla ba lekhoba la e monyenyane.”+ 13 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Ke ratile Jakobo, empa ke hloile Esau.”+
14 Joale, re tla re’ng? Na ho hloka toka ho teng ho Molimo?+ Le ka mohla hoo ho se ke ha e-ba joalo! 15 Etsoe o re ho Moshe: “Ke tla hauhela mang kapa mang eo ke mo hauhelang, ’me ke tla bontša qenehelo ho mang kapa mang eo ke bontšang qenehelo ho eena.”+ 16 Kahoo, joale, ha hoa itšetleha ka ea lakatsang kapa ea mathang, empa ho itšetlehile ka Molimo,+ ea nang le mohau.+ 17 Etsoe Lengolo le re ho Faro: “Ke u tloheletse hore u ’ne u be teng ka lebaka lona lena, e le hore mabapi le uena nka bontša matla a ka, le hore lebitso la ka le ka boleloa lefatšeng lohle.”+ 18 Kahoo, joale, eo a lakatsang ho mo hauhela oa mo hauhela,+ empa eo a lakatsang ho mo tlohela o mo tlohela hore a be manganga.+
19 Ka hona u tla re ho ’na: “Ke hobane’ng ha a sa ntse a fumana molato? Etsoe ke mang ea emeng khahlanong le thato+ e boletsoeng ka ho hlakileng ea hae?” 20 Joale, uena motho,+ ha e le hantle u mang hore ebe u arabisa Molimo?+ Na ka sebele ntho e bōpiloeng e tla re ho ea e bōpileng, “Ke hobane’ng ha u ile ua nketsa ka tsela+ ee?” 21 Eng? Na sebōpi+ ha se na matla holim ’a letsopa ho etsa ka khoabi e tšoanang sejana se seng bakeng sa tšebeliso e hlomphehang, se seng bakeng sa tšebeliso e sa hlompheheng?+ 22 Joale, haeba Molimo, le hoja a e-na le takatso ea ho bontša khalefo ea hae le ho tsebahatsa matla a hae, a mameletse ka tiisetso e khōlō lijana tsa khalefo tse entsoeng hore li lokele timetso,+ 23 e le hore a ka tsebahatsa maruo+ a khanya ea hae lijaneng+ tsa mohau, tseo a ileng a li lokisa esale pele bakeng sa khanya,+ 24 e leng, rōna, bao a ileng a ba bitsa eseng feela har’a Bajuda empa le har’a lichaba,+ joale phoso e hokae? 25 Ho joalokaha a boetse a re ho Hosea: “Bao e seng sechaba+ sa ka ke tla ba bitsa ‘sechaba sa ka,’ ’me mosali ea neng a sa ratoe, ke tla mo bitsa ‘ea ratoang’;+ 26 ’me sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’ moo ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo ea phelang.’”+
27 Ho feta moo, Esaia oa hoeletsa malebana le Iseraele: “Le hoja palo ea bara ba Iseraele e ka ba kaalo ka lehlabathe la leoatle,+ ke masala a tla pholosoa.+ 28 Kaha Jehova o tla ahlola litaba lefatšeng, a li phethe ’me a li khutsufatse.”+ 29 Hape, feela joalokaha Esaia a ne a boletse nakong e fetileng: “Hoja Jehova oa mabotho+ a ne a sa siea peō ho rōna, re ka be re bile feela joaloka Sodoma, ’me re ka be re entsoe feela joaloka Gomora.”+
30 Joale, re tla re’ng? Hore batho ba lichaba, le hoja ba sa phehelle ho loka, ba ile ba fumana ho loka,+ ho loka ho hlahisoang ke tumelo;+ 31 empa Baiseraele, le hoja ba phehella molao oa ho loka, ha baa ka ba fihlela molao.+ 32 Ka lebaka lefe? Hobane ha baa ka ba o phehella ka tumelo, empa joalokaha eka ke ka mesebetsi.+ Ba ile ba khoptjoa ke “lejoe le khopang”;+ 33 joalokaha ho ngoliloe: “Bonang! Ke beha lejoe+ le khopang le lefika la tšitiso+ Sione, empa ea behang tumelo ea hae ho lona a ke ke a soetseha.”+