1 Bakorinthe
5 Ha e le hantle bohlola+ bo tlalehoa har’a lōna, ’me bohlola bo joalo e se bo teng leha e le har’a lichaba, hore monna ea itseng o na le mosali oa ntat’ae.+ 2 Na le ikhohomositse,+ ’me na ho e-na le hoo ha lea ka la siama,+ e le hore motho ea entseng ketso ena a ka tlosoa har’a lōna?+ 3 Ka mohlala, le hoja ke le sieo ka ’mele empa ke le teng ka moea, ka sebele ke se ke ahlotse+ motho ea sebelitseng ka tsela e joaloka ena, joalokaha eka ke ne ke le teng, 4 hore ka lebitso la Morena oa rōna Jesu, ha le bokane, le moea oa ka o le teng ka matla a Morena oa rōna Jesu,+ 5 le nehelane ka motho ea joalo ho Satane+ hore ho timetsoe nama, e le hore moea+ o ka pholoha ka letsatsi la Morena.+
6 Lebaka la lōna la ho ithorisa+ ha le letle. Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa+ hlama+ kaofela? 7 Tlosang tomoso ea khale, e le hore le ka ba hlama e ncha,+ ho ea kamoo le lokolohileng tomosong. Etsoe, ka sebele, Kreste+ paseka+ ea rōna o entsoe sehlabelo.+ 8 Ka lebaka leo a re bolokeng mokete+ ona, eseng ka tomoso ea khale,+ kapa ka tomoso+ ea bobe le bokhopo,+ empa ka mahobe a sa lomosoang a botšepehi le ’nete.+
9 Lengolong la ka ke ile ka le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho le lihlola, 10 ke sa bolele ka ho feletseng lihlola+ tsa lefatše+ lena kapa batho ba meharo le bahanyapetsi kapa barapeli ba litšoantšo. Ho seng joalo, le ne le tla lokela ho tsoa lefatšeng.+ 11 Empa joale ke le ngolla hore le khaotse ho itsoakanya hammoho+ le mang kapa mang ea bitsoang mor’abo rōna eo e leng sehlola kapa motho ea meharo+ kapa morapeli oa litšoantšo kapa ea litlhapa kapa letahoa+ kapa mohanyapetsi, esita le ho ja le se ke la ja le motho ea joalo. 12 Etsoe ke na le taba efe le ho ahlola ba ka ntle?+ Na ha le ahlole ba ka hare,+ 13 ha Molimo a ahlola ba ka ntle?+ “Tlosang motho eo ea khopo har’a lōna.”+