2 Bakorinthe
13 Lena ke lekhetlo la boraro+ ke tla ho lōna. “Taba e ’ngoe le e ’ngoe e tla tiisoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa ea tse tharo.”+ 2 Ke boletse pele ’me, joalokaha eka ke teng ka lekhetlo la bobeli ’me leha ho le joalo ke le sieo hona joale, ke bolella esale pele ba entseng sebe pele ’me ke bolella le ba bang kaofela, hore haeba nka tla hape nke ke ka qenehela,+ 3 kaha le batla bopaki ba Kreste a bua ka ’na,+ Kreste ea sa fokoleng mabapi le lōna empa a le matla har’a lōna. 4 Ka sebele, ke ’nete hore o ile a khokhotheloa thupeng+ ka lebaka la bofokoli,+ empa oa phela ka lebaka la matla a Molimo.+ Hape, ke ’nete hore re fokola le eena, empa re tla phela hammoho le eena+ ka lebaka la matla a Molimo+ mabapi le lōna.
5 Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.+ Kapa na ha le hlokomele hore Jesu Kreste o bonngoeng le lōna?+ Ntle le haeba le sa amohelehe. 6 Kannete kea tšepa le tla tseba hore ha re ba sa amoheleheng.
7 Joale re rapela+ Molimo hore le se ke la etsa letho le fosahetseng, eseng hore rōna re ka bonahala re amoheleha, empa e le hore le ka ba ba etsang se setle, le hoja rōna re ka bonahala re sa amohelehe. 8 Etsoe re ke ke ra etsa letho khahlanong le ’nete, haese feela bakeng sa ’nete.+ 9 Ka sebele rea thaba neng kapa neng ha re fokola empa lōna le le matla;+ ’me re rapella sena,+ hore le khutlisetsoe tseleng. 10 Ke ka lebaka leo ke ngolang lintho tsena ha ke ntse ke le sieo, e le hore, ha ke le teng, ke se ke ka nka bohato ka tieo+ ho ea ka matla ao Morena a mphileng ’ona, ho haha+ eseng ho heletsa.
11 Qetellong, barab’eso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng, ho tšelisoa,+ ho nahana ka tumellano,+ ho phela ka khotso;+ ’me Molimo oa lerato le oa khotso+ o tla ba le lōna. 12 Lumelisanang ka kako+ e halalelang. 13 Bahalaleli bohle ba le romela litumeliso.
14 Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste le lerato la Molimo le ho ba le karolo moeeng o halalelang li be le lōna bohle.+