2 Bakorinthe
3 Na re boetse re qala ho ipuella?+ Kapa na, mohlomong, joaloka batho ba bang, re hloka mangolo+ a puello a eang ho lōna kapa a tsoang ho lōna? 2 Ke lōna lengolo+ la rōna, le ngotsoeng lipelong tsa rōna le le tsejoang le le ntseng le baloa ke moloko oa batho kaofela.+ 3 Etsoe le bonahatsoa le le lengolo la Kreste le ngotsoeng ke rōna re le basebeletsi,+ le sa ngoloang ka enke empa le ngotsoeng ka moea+ oa Molimo ea phelang, eseng matlapeng a lejoe,+ empa matlapeng a nama, lipelong.+
4 Joale ka Kreste re na le kholiseho+ ea mofuta ona ho Molimo. 5 Eseng hore re tšoaneleha ka ho lekaneng ho lekanya hore ntho leha e le efe e tsoa ho rōna,+ empa ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo,+ 6 eo ka sebele a re entseng hore re tšoanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi ba selekane se secha,+ eseng ba molao o ngotsoeng,+ empa ba moea;+ etsoe molao o ngotsoeng o ahlolela+ lefu, empa moea oa phelisa.+
7 Ho feta moo, haeba molao o fanang ka lefu+ le o neng o ngotsoe ka ho fata litlhaku majoeng+ o ile oa ba teng ka khanya,+ hoo bara ba Iseraele ba neng ba ke ke ba talimisisa ka hloko sefahleho sa Moshe ka lebaka la khanya ea sefahleho+ sa hae, khanya e neng e tla felisoa, 8 ke hobane’ng ha ho fanoa ha moea+ ho ke ke ha e-ba ka khanya+ haholo ka ho eketsehileng? 9 Etsoe haeba molao o fanang ka kahlolo+ o ne o khanya,+ ho fanoa ha ho loka+ ho atetsoe ke khanya+ haholo ka ho eketsehileng. 10 Ha e le hantle, esita le hoo ho kileng ha etsoa ho khanyang ho hlobolisitsoe khanya tabeng+ ena, ka lebaka la khanya e ho fetang.+ 11 Etsoe haeba ho neng ho tla felisoa ho ile ha tlisoa ka khanya,+ ho salang ho ne ho tla ba ka khanya+ haholo ka ho eketsehileng.
12 Ka hona, kaha re na le tšepo+ e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo, 13 hape ha re etse joalokaha Moshe a ne a ikhurumetsa sefahleho ka lesira,+ e le hore bara ba Iseraele ba se ke ba talimisisa ka hloko bofelong+ ba se neng se tla felisoa. 14 Empa matla a bona a kelello a ile a thotofala.+ Etsoe ho fihlela letsatsing lena la kajeno lesira le tšoanang le sala le sa koaholloa ha ho baloa selekane sa khale,+ hobane le felisoa ka Kreste.+ 15 Ha e le hantle, ho fihlela kajeno neng kapa neng ha Moshe a baloa,+ lesira le lipelong+ tsa bona. 16 Empa ha ho retelehela ho Jehova ho le teng, lesira lea tlosoa.+ 17 Joale Jehova ke Moea;+ moo moea+ oa Jehova+ o leng teng, ho na le tokoloho.+ 18 Rōna kaofela,+ ha ka lifahleho tse koaholotsoeng lesira re ntse re bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone,+ re fetoleloa+ setšoantšong se tšoanang+ ho tloha khanyeng ho ea khanyeng,+ hantle feela joalokaha ho etsa Jehova+ Moea.