2 Bakorinthe
4 Kaha re na le bosebeletsi+ bona ho ea ka mohau oo re ileng ra o bontšoa,+ ke ka lebaka leo, re sa teleng; 2 empa re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong+ ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo,+ empa ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.+ 3 Joale, haeba litaba tse molemo tseo re li bolelang ha e le hantle li koahetsoe ka lesira, li koahetsoe ka lesira har’a ba timelang,+ 4 bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho+ a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang,+ e le hore khanya+ ea litaba tse molemo tse khanyang+ tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo+ sa Molimo, e se ke ea khanya.+ 5 Etsoe ha re bolele rōna, empa re bolela Kreste Jesu e le Morena,+ ’me rōna re le makhoba+ a lōna ka lebaka la Jesu. 6 Etsoe Molimo ke eena ea ileng a re: “Leseli le ke le khanye lefifing,”+ ’me o khantšelitse lipelo tsa rōna ho etsa hore li khanye+ ka tsebo+ e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste.+
7 Leha ho le joalo, re na le letlotlo+ lena lijaneng+ tsa letsopa,+ e le hore matla+ a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo+ eseng a tsoang ho rōna.+ 8 Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe,+ empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa;+ 9 rea hlorisoa, empa ha rea tloheloa kherehloa;+ re akheloa fatše,+ empa ha re timetsoe.+ 10 Kamehla re mamella hohle ’meleng ea rōna tšoaro e bolaeang e ileng ea nehoa Jesu,+ e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatsoa ’meleng+ ea rōna. 11 Etsoe rōna ba phelang kamehla re ntse re etsoa hore re talimane le lefu+ ka lebaka la Jesu, e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatsoa nameng e shoang+ ea rōna. 12 Ka lebaka leo lefu lea sebetsa ho rōna, empa bophelo bo sebetsa ho lōna.+
13 Joale kahobane re na le moea o tšoanang oa tumelo o kang oo ho ngoliloeng ka oona: “Ke ile ka bontša tumelo, ka hona ke ile ka bua,”+ le rōna re bontša tumelo ’me ka hona rea bua, 14 re tseba hore ea ileng a tsosa Jesu le rōna o tla re tsosa hammoho le Jesu ’me o tla re hlahisa hammoho le lōna.+ 15 Etsoe lintho tsohle li molemong oa lōna,+ e le hore mosa o sa tšoanelang o ileng oa atisoa o ka ata ka lebaka la liteboho tsa ba bangata haholo thorisong ea Molimo.+
16 Ka hona ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare+ o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi. 17 Kaha le hoja matšoenyeho e le a motsotsoana+ ’me a le bobebe, a re hlahisetsa khanya ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng;+ 18 ha re ntse re behile mahlo a rōna linthong tse sa bonoeng, eseng linthong tse bonoang.+ Etsoe lintho tse bonoang ke tsa nakoana,+ empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.+