Bagalata
5 Kreste o ile a re lokolla bakeng sa tokoloho+ e joalo. Ka hona emang le tiile,+ ’me le se ke la itlohella hore le tlangoe hape jokong ea bokhoba.+
2 Bonang! ’na, Pauluse, ke le bolella hore haeba le e-ba ba bolotseng,+ Kreste a ke ke a ba le molemo oa letho ho lōna. 3 Ho feta moo, ke boetse ke pakela monna e mong le e mong ea bollang hore o tlamehile ho phetha Molao+ kaofela. 4 Le arohile ho Kreste, ho sa tsotellehe hore na le bo-mang lōna ba lekang hore ho boleloe hore le lokile ka molao;+ le suthetse hōle le mosa oa hae o sa tšoanelang.+ 5 Ka moea re letetse ka tabatabelo ho loka ho tšepiloeng ka lebaka la tumelo.+ 6 Etsoe mabapi le Kreste Jesu ho bolla kapa ho se bolle+ hase tsa bohlokoa leha e le bofe, empa tumelo+ e sebetsang ka lerato+ ke ea bohlokoa.
7 Le ne le matha hantle.+ Ke mang ea le sitisitseng hore le ’ne le mamele ’nete?+ 8 Tšusumetso ea mofuta ona ha e tsoe ho Ea le bitsang.+ 9 Tomoso e nyenyane e belisa hlama+ kaofela. 10 Ke na le kholiseho+ ho lōna ba leng bonngoeng+ le Morena hore le ke ke la nahana ka hosele; empa ea le bakelang khathatso+ o tla jara kahlolo ea hae,+ ho sa tsotellehe hore na e ka ba mang. 11 Ha e le ’na, barab’eso, haeba ke sa ntse ke bolela lebollo, ke hobane’ng ha ke sa ntse ke hlorisoa? Joale, ka sebele, khopiso+ ea thupa ea tlhokofatso+ e felisitsoe ka ho feletseng.+ 12 Ke lakatsa eka batho ba lekang ho le ferekanya+ ba ne ba ka iphaola.+
13 Ka ho hlakileng, le ile la bitsetsoa tokoloho,+ barab’eso; feela le se ke la sebelisa tokoloho ena e le tlhohlelletso bakeng sa nama,+ empa ka lerato le sebeletsane joaloka makhoba.+ 14 Etsoe Molao oohle o ema o phethahetse+ polelong e le ’ngoe, e reng: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.”+ 15 Leha ho le joalo, haeba le ntse le lomana le ho harolana,+ le hlokomele hore le se ke la felisana.+
16 Empa ke re, Le ’ne le tsamaee ka moea+ ’me ho hang le ke ke la phetha takatso ea nama.+ 17 Etsoe nama e khahlanong le moea+ takatsong ea eona, ’me moea o khahlanong le nama; kaha tsena lia hanyetsana, hoo lintho tseo le lakatsang ho li etsa le sa li etseng.+ 18 Ho feta moo, haeba le ntse le tataisoa ke moea,+ ha le tlas’a molao.+
19 Joale mesebetsi ea nama ea bonahala,+ ’me ke bohlola,+ ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng,+ 20 borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea,+ bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, 21 mohono, ho inehella botahoa,+ mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena. Ha e le ka lintho tsena ke le lemosa esale pele, ka tsela e tšoanang le eo ke ileng ka fela ka le lemosa ka eona esale pele, hore ba tloaetseng ho etsa+ lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.+
22 Ka lehlakoreng le leng, litholoana+ tsa moea ke lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo,+ tumelo, 23 bonolo, boitšoaro.+ Ha ho molao+ o khahlanong le lintho tse joalo. 24 Ho feta moo, ba Kreste Jesu ba ile ba khokhothela nama thupeng hammoho le litšusumetso le litakatso tsa eona.+
25 Haeba re phela ka moea, a re tsoeleng pele re tsamaea ka mokhoa o laolehileng le ka moea.+ 26 A re se keng ra fetoha ba ipolelisang, ba hlohlelletsang tlhōlisano,+ ba honohelanang.+