Deuteronoma
14 “Le bara ba Jehova Molimo oa lōna.+ Le se ke la itšeha+ kapa la ipeola+ liphatla bakeng sa ea shoeleng. 2 Etsoe le sechaba se halalelang+ ho Jehova Molimo oa lōna, ’me Jehova o le khethile hore le be sechaba sa hae, thepa e khethehileng,+ har’a lichaba tsohle tse holim ’a lefatše.
3 “Le se ke la ja ntho e manyala ea mofuta leha e le ofe.+ 4 Ona ke mofuta oa phoofolo eo le ka e jang:+ poho, nku le pōli, 5 khama e tona le tšephe le letsa+ le pōli e hlaha le hloaele le nku e hlaha le phuthi; 6 le phoofolo e ’ngoe le e ’ngoe e nang le khōla e arohaneng le e nang le lepetso likhōleng tse peli, e busolosang har’a liphoofolo.+ Eona le ka e ja. 7 Feela le se ke la ja mofuta ona har’a tse busolosang kapa tse nang le khōla e arohaneng, e nang le lepetso: kamele+ le ’mutla+ le pela,+ hobane lia busolosa empa ha li na khōla e arohaneng. Ha lia hloeka bakeng sa lōna. 8 Le kolobe,+ hobane e na le khōla e arohaneng empa ha e busolose. Ha ea hloeka bakeng sa lōna. Le se ke la ja nama leha e le efe ea tsona, ’me le se ke la ama litopo tsa tsona.+
9 “Le ka ja mofuta ona oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e metsing: Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nang le mapheoana a ho sesa le makhakhapha le ka e ja.+ 10 Le se ke la ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se nang mapheoana a ho sesa le makhakhapha.+ Ha ea hloeka bakeng sa lōna.
11 “Le ka ja nonyana leha e le efe e hloekileng. 12 Empa tsena ke tseo le ke keng la li ja: ntsu le phakoe e jang litlhapi le lenong le letšo,+ 13 le ’mankholi e mofubelu le ’mankholi e motšo+ le seitlhoaeleli ho ea ka mofuta oa sona; 14 le lekhoaba+ le leng le le leng ho ea ka mofuta oa lona; 15 le mpshe+ le sephooko le letata le jang nama le phakoe ho ea ka mofuta oa eona; 16 sephooko se senyenyane le makhohlo+ le khantši, 17 le letata le jang litlhapi+ le lenong le seinoli, 18 le mokotatsie le kokolofitoe ho ea ka mofuta oa eona, le popopo le ’mankhane.+ 19 Sebōpuoa se seng le se seng se nyekenyehang se nang le mapheo ha sea hloeka bakeng sa lōna.+ Ha lia lokela ho jeoa. 20 Le ka ja sebōpuoa leha e le sefe se hloekileng se fofang.
21 “Le se ke la ja ntho leha e le efe e seng e shoele.+ Le ka e fa mojaki ea ka har’a liheke tsa lōna, ’me a e je; kapa e ka rekisetsoa osele, hobane le sechaba se halalelang ho Jehova Molimo oa lōna.
“Le se ke la pheha potsanyane ka lebese la ’m ’a eona.+
22 “Ruri le lokela ho fana ka karolo ea leshome ea lihlahisoa tsohle tsa peō ea lōna, tse tsoang masimong selemo le selemo.+ 23 Ka pel’a Jehova Molimo oa lōna, sebakeng seo a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona, le jelle karolo ea leshome ea lijo-thollo tsa lōna,+ veine ea lōna e ncha le oli ea lōna le matsibolo a mohlape oa lōna oa liphoofolo tse khōlō le a mohlape oa lōna oa likhutšoane;+ e le hore le ithute ho tšaba Jehova Molimo oa lōna kamehla.+
24 “Joale haeba leeto le le lelelele haholo bakeng sa lōna,+ kahobane le sa khone ho le phetha, kaha sebaka seo Jehova Molimo oa lōna a tla khetha ho beha lebitso+ la hae ho sona se tla ba hōle haholo bakeng sa lōna, (hobane Jehova Molimo oa lōna o tla le hlohonolofatsa,)+ 25 joale le li fetole chelete, ’me le fupare chelete eo matsohong ’me le ee sebakeng seo Jehova Molimo oa lōna a tla se khetha. 26 Le fane ka chelete bakeng sa eng kapa eng eo moea oa lōna o e lakatsang+ e leng likhomo le linku le lipōli le veine le joala bo tahang+ le ntho leha e le efe eo meea ea lōna e ka e batlang ho lōna; ’me le li jelle moo ka pel’a Jehova Molimo oa lōna ’me le thabe,+ lōna le malapa a lōna. 27 Molevi ea ka har’a liheke tsa lōna, le se ke la mo tlohela,+ etsoe ha a na kabelo kapa lefa hammoho le lōna.+
28 “Bofelong ba lilemo tse tharo le tla tlisa karolo eohle ea leshome ea lihlahisoa tsa lōna selemong seo,+ ’me le e behe ka har’a liheke tsa lōna. 29 Molevi,+ kahobane a se na kabelo kapa lefa hammoho le lōna, le mojaki+ le moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali,+ ba ka har’a liheke tsa lōna, ba tle, ’me ba je ba ikhotsofatse; e le hore Jehova Molimo oa lōna a ka le hlohonolofatsa+ mosebetsing+ o mong le o mong oo matsoho a lōna a tla o etsa.