Deuteronoma
25 “Haeba ho tsoha tsekisano pakeng tsa batho,+ ’me ba itlhahisa bakeng sa kahlolo,+ ba tla ba ahlola ’me ba phatlalatse hore ea lokileng o lokile ’me ba phatlalatse hore ea khopo o khopo.+ 2 Haeba ea khopo a tšoanela hore a otloe,+ moahloli o tla mo paqamisa ’me a mo shape ka lichapo+ tsa palo e lekanang le ketso ea hae e khopo. 3 A ka mo shapa ka lichapo tse mashome a mane. Ha aa lokela ho eketsa le e le ’ngoe, esere a tsoela pele ho mo shapa ka lichapo tse ngata ho phaella ho tsena+ ’me mor’eno a nyeliseha mahlong a hao.
4 “U se ke ua tlama poho molomo ha e ntse e pola.+
5 “Haeba bara ba motho ba lula hammoho ’me e mong oa bona a shoa a se na mora, mosali oa ea shoeleng ha aa lokela ho ba oa osele ka ntle. Mor’abo monna oa hae o lokela ho ea ho eena, ’me a mo nke hore e be mosali oa hae ’me a mo kenele.+ 6 Ngoana oa letsibolo eo a tla mo beleha e lokela ho ba mohlahlami lebitsong la mor’abo ea shoeleng,+ hore lebitso la hae le se ke la hlakoloa Iseraele.+
7 “Joale haeba monna a sa khahloe ke ho nka mohlolohali oa mor’abo, joale mohlolohali oa mor’abo a nyolohele hekeng ho banna ba baholo+ ’me a re, ‘Mor’abo monna oa ka o hanne ho boloka lebitso la mor’abo Iseraele. Ha aa lumela ho nkenela.’ 8 Banna ba baholo ba motse oa habo ba tla mo bitsa ba bue le eena, ’me a eme a re, ‘Ha ke khahloe ke ho mo nka.’+ 9 Mohlolohali oa mor’abo a mo atamele ka pel’a mahlo a banna ba baholo ’me a mo rōlise moqathatso+ ’me a mo tšoele ka mathe sefahlehong+ ’me a arabe a re, ‘Ke tsela eo ho lokelang hore ho etsoe ka eona ho monna ea sa haheng ntlo ea mor’abo.’+ 10 O tla rehoa ‘Ntlo ea ea rōlisitsoeng moqathatso’ Iseraele.
11 “Haeba banna ba loana, ’me mosali oa e mong a atamela ho lopolla monna oa hae letsohong la ea mo otlang, ’me a ntša letsoho eaba o mo tšoara ka litho tsa hae tse sephiring,+ 12 u mo khaole letsoho. Leihlo la hao le se ke la mo qenehela.+
13 “U se ke ua ba le litekanyo+ tsa mefuta e ’meli ka mokotleng oa hao, e khōlō le e nyenyane. 14 U se ke ua ba le liefa+ tsa mefuta e ’meli ka tlung ea hao, e khōlō le e nyenyane. 15 U lokela ho tsoela pele u e-na le boima bo nepahetseng le bo hlokang leeme. U lokela ho tsoela pele u e-na le efa e nepahetseng le e hlokang leeme, e le hore matsatsi a hao a lelefale naheng eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona.+ 16 Etsoe e mong le e mong ea etsang lintho tsena, moetsi e mong le e mong oa ho hloka toka, ke ntho e manyala ho Jehova Molimo oa hao.+
17 “Ho lokela hore ho hopoloe seo Amaleke a le entseng sona tseleng ha le ne le tsoa Egepeta,+ 18 kamoo a ileng a le khahlanyetsa kateng tseleng ’me a hlasela ka mor’a lōna bohle ba neng ba hlahlathela ka mor’a lōna, ha le ne le khathetse ’me le tepeletse; ’me ha aa ka a tšaba Molimo.+ 19 Etlare ha Jehova Molimo oa hao a u file phomolo lireng tsohle tsa hao ho potoloha naha eo Jehova Molimo oa hao a u fang eona e le lefa hore u e rue,+ u lokela ho hlakola ho boleloa ha Amaleke tlas’a maholimo.+ U se ke ua lebala.