Deuteronoma
34 Joale Moshe a nyoloha lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe a ea Thabeng ea Nebo,+ tlhōrōng ea Pisga,+ e shebaneng le Jeriko.+ Jehova a qala ho mo bontša naha eohle, Gileade ho ea fihla Dane,+ 2 le Nefthali eohle le naha ea Efraime le Manase le naha eohle ea Juda ho ea fihla leoatleng le ka bophirimela,+ 3 le Negebe+ le Setereke,+ thota ea Jeriko, motse oa lifate tsa lipalema,+ ho ea fihla Zooare.+
4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Ena ke naha eo ke hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka eona, ka re, ‘Ke tla e fa peō ea hao.’+ Ke entse hore u e bone ka mahlo, kaha u ke ke ua tšelela teng.”+
5 Ka mor’a moo Moshe mohlanka oa Jehova+ a shoella moo naheng ea Moabe ka taelo ea Jehova.+ 6 A mo pata phuleng naheng ea Moabe ka pel’a Bethe-peore,+ ’me ha ho le ea mong ea tsebang lebitla la hae ho fihlela letsatsing lena.+ 7 Moshe o ne a le lilemo li lekholo le mashome a mabeli ha a shoa.+ Mahlo a hae a ne a sa fifala,+ le mafolofolo a hae a ne a sa fela.+ 8 Bara ba Iseraele ba llela Moshe lithoteng tsa lehoatata tsa Moabe ka matsatsi a mashome a mararo.+ Qetellong matsatsi a ho lla a nako ea ho siamela Moshe a fela.
9 Joshua mora oa Nune o ne a tletse moea oa bohlale,+ etsoe Moshe o ne a behile letsoho la hae holim ’a hae;+ bara ba Iseraele ba qala ho mo mamela eaba ba etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 10 Empa ha ho e-s’o ka ho hlaha moprofeta ea kang Moshe+ Iseraele, eo Jehova a neng a mo tseba lifahleho li talimane,+ 11 mabapi le lipontšo tsohle le mehlolo eo Jehova a ileng a mo romela hore a e etse naheng ea Egepeta ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae le ho naha eohle ea hae,+ 12 le mabapi le letsoho lohle le matla le ho susumetsa tšabo hohle ho hoholo hoo Moshe a ileng a ho sebelisa ka pel’a mahlo a Baiseraele bohle.+