Bafilipi
Ho Bafilipi
1 Pauluse le Timothea, makhoba+ a Kreste Jesu, ho bahalaleli bohle ba bonngoeng le Kreste Jesu ba leng Filipi,+ hammoho le balebeli le bahlanka ba sebeletsang:+
2 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
3 Ke leboha Molimo oa ka kamehla ho le hopoleng ho hong le ho hong+ 4 thapeling e ’ngoe le e ’ngoe ea ka bakeng sa lōna kaofela,+ ha ke ntse ke nehelana ka thapeli ea ka ka thabo, 5 ka lebaka la tlatsetso+ eo le e entseng litabeng tse molemo ho tloha letsatsing la pele ho fihlela motsotsong ona. 6 Etsoe ke kholisehile ka ntho ena, hore ea ileng a qala mosebetsi o molemo ho lōna o tla o etsa ho isa qetellong+ ho fihlela letsatsing+ la Jesu Kreste. 7 Ho lokile ka ho feletseng ho ’na ho nahana sena mabapi le lōna kaofela, ka lebaka la hore ke na le lōna ka pelong+ ea ka, kaofela ha lōna le e-na le karolo+ le ’na moseng o sa tšoanelang, litlamong tsa ka tsa chankana+ le ho sireletseng+ le ho theheng ka molao+ litaba tse molemo.
8 Etsoe Molimo ke paki ea ka ea kamoo ke le hlolohetsoeng kaofela ka lerato le mofuthu+ le kang leo Kreste Jesu a nang le lona. 9 Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata+ ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng+ le temoho+ e feletseng; 10 e le hore le ka nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo,+ e le hore le hloke sekoli+ le hore le se ke la khopisa+ ba bang ho fihlela letsatsing la Kreste, 11 le hore le ka tlala litholoana+ tse lokileng, tse teng ka Jesu Kreste, khanyeng le thorisong ea Molimo.+
12 Joale ke lakatsa hore le tsebe, barab’eso, hore litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo+ li tsoele pele ho e-na le ka ho hong hosele, 13 hoo litlamo+ tsa ka li fetohileng tse tsebahalang phatlalatsa+ kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela;+ 14 ’me boholo ba barab’abo rōna Moreneng, ba ikutloa ba kholisehile ka lebaka la litlamo tsa ka tsa chankana, ba bontša sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.+
15 Ke ’nete, ba bang ba bolela Kreste ka mohono le tlhōlisano,+ empa ba bang hape ka ho khahloa.+ 16 Bana ba morao ba phatlalatsa Kreste ka lebaka la lerato, kaha baa tseba hore ke behiloe mona bakeng sa ho sireletsa+ litaba tse molemo; 17 empa bana ba pele ba ho etsa ka lebaka la ho rata likhang,+ eseng ka boikutlo bo hloekileng, kaha ba nahana ho hlohlelletsa matšoenyeho+ bakeng sa ka litlamong tsa ka tsa chankana. 18 Joale ho thoe’ng? Letho, haese hore ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke ka boikaketsi+ kapa ka ’nete, Kreste o ntse a phatlalatsoa,+ ’me ke thabela sena. Ha e le hantle, hape ke tla ’ne ke thabe, 19 kaha kea tseba hore sena se tla fella ka poloko ea ka ka thapeli+ ea lōna le phepelo ea moea oa Jesu Kreste,+ 20 tumellanong le tebello ea ka e nang le tabatabelo+ le tšepo+ ea ka hore nke ke ka ba lihlong+ tabeng leha e le efe, empa hore ka ho bua ka bolokolohi bohle+ Kreste, joaloka kamehla pele, ka ho tšoanang hona joale o tla tlotlisoa ka ’mele+ oa ka, ebang ke ka bophelo kapa ka lefu.+
21 Etsoe tabeng ea ka ho phela ke Kreste,+ ’me ho shoa,+ ke leruo. 22 Joale haeba e le ho tsoela pele ke phela nameng, sena ke litholoana tsa mosebetsi+ oa ka—leha ho le joalo ha ke ho tsebahatse hore na ke ntho efe eo ke lokelang ho e khetha. 23 Ke tlas’a khatello ka lebaka la lintho tsena tse peli;+ empa seo ke hlileng ke se lakatsang ke ho lokolloa le ho ba le Kreste,+ kaha ka sebele, sena se molemo haholo.+ 24 Leha ho le joalo, ho ’na ho lula nameng ho hlokahala haholo ka lebaka+ la lōna. 25 Kahoo, ke kholisehile ka sena, kea tseba hore ke tla lula+ le hore ke tla hlola le lōna kaofela bakeng sa tsoelo-pele+ ea lōna le thabo ea tumelo ea lōna, 26 e le hore thabo ea lōna e khaphatsehang e ka khaphatseha ho Kreste Jesu ka lebaka la ka ka ho ba teng ha ka ho lōna hape.
27 Le mpe le itšoare ka mokhoa o tšoanelang+ litaba tse molemo tse mabapi le Kreste, e le hore, ebang kea tla ’me kea le bona kapa ke ba sieo, nka utloa ka lintho tse le amang, hore le eme le tiile boikutlong bo le bong, ka moea+ o le mong le loana le bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo, 28 ’me ho hang le sa tšosoe ke bahanyetsi ba lōna.+ Ntho ena ke bopaki ba timetso bakeng sa bona, empa ke bopaki ba poloko+ bakeng sa lōna; ’me pontšo ena e tsoa ho Molimo, 29 hobane le ile la fuoa tokelo ka lebaka la Kreste, eseng feela hore le behe tumelo+ ea lōna ho eena, empa hape le ho utloa bohloko+ ka lebaka la hae. 30 Etsoe le na le ntoa e tšoanang le eo le ileng la e bona tabeng+ ea ka le eo joale le utloang ka eona tabeng ea ka.+