Filemone
Ho Filemone
1 Pauluse, motšoaruoa+ ka lebaka la Kreste Jesu, le Timothea,+ mor’abo rōna, ho Filemone, moratuoa oa rōna le mosebetsi-’moho,+ 2 le ho Apfia, morali’abo rōna, le ho Arkipase,+ lesole-’moho le rōna,+ le ho phutheho e ka tlung ea hao:+
3 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
4 Kamehla ke leboha Molimo oa ka ha ke u bolela lithapelong+ tsa ka, 5 ha ke ntse ke utloa ka lerato le tumelo ea hao eo u nang le eona ho Morena Jesu le ho bahalaleli bohle;+ 6 e le hore ho arolelana tumelo+ ea hao ho ka kena tšebetsong ka ho lumela ha hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo har’a rōna kamoo e amanang le Kreste. 7 Etsoe ke ile ka fumana thabo le matšeliso a maholo ka lerato la hao,+ hobane lerato le mofuthu la bahalaleli le tsosolositsoe+ ka uena, mor’eso.
8 Ka lebaka lena, le hoja ke bua ka bolokolohi bo boholo mabapi le Kreste ho u laela+ hore u etse se tšoanetseng, 9 ho e-na le hoo ke u eletsa motheong oa lerato,+ kaha ’na Pauluse monna ea hōlileng, e, joale ke bile ke le motšoaruoa+ ka lebaka la Kreste Jesu; 10 ke u eletsa malebana le ngoana+ oa ka Onesimase,+ eo ke ileng ka ba ntat’ae+ ha ke ntse ke le litlamong tsa ka tsa chankana, 11 eo pele a neng a se na thuso ho uena empa joale a e-na le thuso ho uena le ho ’na.+ 12 Ke mo khutlisetsa ho uena, e, eena, ke hore, lerato la ka le mofuthu.+
13 Ke ne ke tla rata ho ipolokela eena e le hore sebakeng sa hao+ a ka tsoela pele ho ntšebeletsa litlamong+ tsa chankana tseo ke li mameletseng ka lebaka la litaba tse molemo. 14 Empa ha ke batle ho etsa letho kantle ho tumello ea hao, e le hore ketso e molemo ea hao e se ke ea e-ba joalokaha eka ke ka ho qobelloa, empa e be ea boithatelo+ ba hao. 15 Mohlomong ka lebaka lena o ile a tloha ka hora e le ’ngoe, e le hore u ka boela ua ba le eena ka ho sa feleng, 16 e se e se lekhoba+ empa e le ea fetang lekhoba,+ e le mor’abo rōna ea ratoang,+ ho le joalo haholo-holo ho ’na, empa leha ho le joalo ho le joalo hakaakang ho uena kamanong ea nama hammoho le Moreneng. 17 Ka hona, haeba u nka hore ke ea nang le karolo,+ u mo amohele+ ka mosa ka tsela eo u neng u tla nkamohela ka eona. 18 Ho feta moo, haeba o ile a u etsetsa phoso leha e le efe kapa o u kolota ntho leha e le efe, u boloke sena se balelloa molatong oa ka. 19 ’Na Pauluse ke ngola ka letsoho la ka:+ Ke tla se lefa—ke sa re letho ho uena ka hore, ntle ho moo, u nkolota esita le uena ka bouena. 20 E, mor’eso, e se eka nka rua molemo ho uena mabapi le Morena: tsosolosa lerato la ka le mofuthu+ mabapi le Kreste.
21 Ke u ngolla ke tšepile hore u tla lumellana le sena, ke tseba hore u tla be u etse ho fetang lintho tseo ke li bolelang.+ 22 Empa hammoho le seo, hape u ntokisetse bolulo,+ kaha ke tšepa hore ka lithapelo+ tsa lōna ke tla lokolloa+ bakeng sa lōna.
23 Ea u romelang litumeliso ke Epafrase+ moholehuoa-’moho le ’na bonngoeng le Kreste Jesu, 24 le Mareka, Aristakase,+ Demase,+ Luka, basebetsi-’moho le ’na.
25 Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.+