Baheberu
12 Kahoo, joale, kahobane re e-na le leru le leholo hakaalo la lipaki+ le re pota-potileng, le rōna a re hloboleng boima+ bo bong le bo bong le sebe se re tšoasang+ habonolo, ’me a re matheng ka mamello+ peisong+ e behiloeng ka pel’a rōna,+ 2 ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong+ le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna,+ Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella+ thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.+ 3 Ka sebele, le nahane ka hloko ka ea mameletseng puo+ e joalo e hanyetsang ea baetsalibe khahlanong le lithahasello tsa bona, e le hore le se ke la khathala eaba le felloa ke matla meeeng ea lōna.+
4 Ha le tsoela pele ka ntoa ea lōna khahlanong le sebe seo, le ka mohla ha le e-s’o hanyetse ho fihlela maling,+ 5 empa le lebetse ka ho feletseng keletso e buang le lōna le le bara:+ “Mora oa ka, u se ke ua nyenyefatsa taeo e tsoang ho Jehova, kapa ua felloa ke matla ha u khalemeloa ke eena;+ 6 kaha Jehova o laea eo a mo ratang; ha e le hantle, o shapa e mong le e mong eo a mo amohelang e le mora.”+
7 Ke ka lebaka la taeo+ le mamellang. Molimo o sebetsana le lōna joalokaha a sebetsana le bara.+ Etsoe ke mora ofe eo ntat’ae a sa mo laeeng?+ 8 Empa haeba le se na taeo eo bohle ba bileng le kabelo ho eona, ka sebele le bana+ ba matšeo, eseng bara. 9 Ho feta moo, re ne re e-na le bo-ntate bao e neng e le ba nama joaloka rōna ho re laea,+ ’me re ne re ba fa tlhompho. Na haholo ka ho eketsehileng re ke ke ra ipeha tlas’a Ntate oa bophelo ba rōna ba moea ’me re phele?+ 10 Etsoe ka matsatsi a se makae ba ne ba re laea ho ea ka se neng se bonahala se le molemo ho bona,+ empa o etsa joalo molemong oa rōna e le hore re ka ba le kabelo khalalelong+ ea hae. 11 Ke ’nete, ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo;+ leha ho le joalo ka mor’a moo ho ba koetlisitsoeng ke eona e beha litholoana+ tsa khotso, e leng, ho loka.+
12 Kahoo otlollang matsoho a lepeletseng+ le mangole+ a tšeremang, 13 ’me le ’ne le otlolle litsela bakeng sa maoto+ a lōna, e le hore se holofetseng se se ke sa ntšoa lenonyellong, empa ho e-na le hoo e le hore se ka fola.+ 14 Phehellang khotso le batho+ bohle, le khalaletso+ eo kantle ho eona ho seng motho ea tla bona Morena,+ 15 le lebela ka hloko hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea ka hlokisoang mosa o sa tšoanelang oa Molimo;+ e le hore ho se ke ha e-ba le motso+ o chefo o ka hlahang eaba o baka khathatso le hore ba bangata ba se ke ba silafatsoa ke oona;+ 16 e le hore ho se ke ha e-ba le sehlola kapa leha e le mang ea sa ananeleng lintho tse halalelang, joaloka Esau,+ ea ileng a fana ka litokelo tsa hae joaloka letsibolo e le phapanyetsano bakeng sa sejo se le seng.+ 17 Etsoe lea tseba hore ka mor’a moo hape ha a batla ho rua tlhohonolofatso+ o ile a lahloa,+ kaha, le hoja ka tieo a ile a batla ho fetola maikutlo ka meokho,+ ha aa ka a fumana sebaka sa eona.+
18 Etsoe ha lea atamela se ka angoang+ le se hotelitsoeng ke mollo,+ le leru le letšo le lefifi le letšo-letšo le sefefo+ se matla, 19 le molumo o lerata oa terompeta+ le molumo oa mantsoe;+ e leng molumo oo ha batho ba o utloa ba ileng ba kōpa hore ho se ke ha e-ba le lentsoe leo ba le ekeletsoang.+ 20 Etsoe taelo ena e ne e sa mamellehe ho bona: “Haeba phoofolo e ama thaba, e tla tlepetsoa ka majoe.”+ 21 Hape, pontšo ena e ne e tšosa hoo Moshe a ileng a re: “Ke tšohile ’me kea thothomela.”+ 22 Empa le atametse Thaba ea Sione+ le motse+ oa Molimo ea phelang, Jerusalema+ ea leholimo, le limiriade tsa mangeloi,+ 23 sebokeng+ se akaretsang, le phutheho ea matsibolo+ a ngolisitsoeng+ maholimong, le Molimo Moahloli oa bohle,+ le bophelo+ ba moea ba ba lokileng ba entsoeng ba phethahetseng,+ 24 le Jesu mokena-lipakeng+ oa selekane+ se secha, le mali a ho fafatsa,+ a buang ka tsela e molemo ho feta mali+ a Abele.
25 Tiisang hore le se ke la ikhula ho ea buang.+ Etsoe haeba ba ileng ba ikhula ho ea neng a fana ka temoso ea bomolimo lefatšeng ba sa ka ba phonyoha,+ re ke ke ra phonyoha hakaakang haeba re furalla ea buang ho tsoa maholimong.+ 26 Ka nako eo lentsoe la hae le ile la sisinya lefatše,+ empa hona joale o tšepisitse, ha a re: “Hang hape ke sa ntse ke tla hlōkola eseng lefatše feela empa le leholimo.”+ 27 Joale polelo “Hang hape ke sa ntse” e bontša ho tlosoa ha lintho tse ntseng li sisinngoa e le lintho tse entsoeng,+ e le hore lintho tse ntseng li sa sisinngoe li ka sala.+ 28 Ka lebaka leo, kaha re tla amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa,+ a re tsoeleng pele ho ba le mosa o sa tšoanelang, oo ka oona ka ho amohelehang re ka etsetsang Molimo tšebeletso e halalelang ka tšabo ea bomolimo le tšabo e nang le tlhompho.+ 29 Etsoe Molimo oa rōna ke mollo o timetsang.+