Joshua
18 Joale phutheho eohle ea bara ba Iseraele e ne e phuthehile Shilo,+ ’me ea beha tente ea pokano moo,+ kaha joale naha e ne e hlōtsoe ka pel’a bona.+ 2 Empa har’a bara ba Iseraele ho ne ho ntse ho setse bao lefa la bona ba neng ba sa le arola, e leng, meloko e supileng. 3 Kahoo Joshua a re ho bara ba Iseraele: “Le tla lieha halelele hakae ho kena le ho rua naha+ eo Jehova Molimo oa baholo-holo ba lōna a le fileng eona?+ 4 Ikhetheleng banna ba bararo ba moloko o mong le o mong ’me ke ba rome, e le hore ba ka tloha ’me ba tsamaee naheng le ho e lekanya tumellanong le lefa la bona, ’me ba tle ho ’na.+ 5 Ba tla e arola har’a bona ka likarolo tse supileng.+ Juda o tla ’ne a eme sebakeng sa hae ho ea ka boroa,+ le ntlo ea Josefa e tla ’ne e eme sebakeng sa eona ho ea ka leboea.+ 6 Ha e le lōna, le tla lekanya naha ka likarolo tse supileng, ’me le tla li tlisa mona ho ’na, ’me ke tla lahla lotho+ mona bakeng sa lōna ka pel’a Jehova Molimo oa rōna. 7 Etsoe Balevi ha ba na kabelo har’a lōna,+ hobane boprista ba Jehova ke lefa la bona;+ Gade le Rubene+ le halofo ea moloko oa Manase+ ba nkile lefa la bona ka lehlakoreng la Jordane ka nģ’a bochabela, leo Moshe mohlanka oa Jehova a ba fileng lona.”+
8 Kahoo banna bao ba ema e le hore ba ka tsamaea, ’me Joshua a laela+ ba neng ba il’o lekanya naha, a re: “E-eang ’me le tsamaee naheng eo le e lekanye ebe le khutlela ho ’na, ’me mona ke moo ke tla lahla lotho+ bakeng sa lōna ka pel’a Jehova Shilo.”+ 9 Eaba banna bao baa tsamaea ’me ba feta har’a naha eo ba e lekanya+ ka metse ka likarolo tse supileng, bukeng. Ka mor’a moo ba tla ho Joshua liahelong Shilo, 10 ’me Joshua a qala ho lahla lotho bakeng sa bona Shilo ka pel’a Jehova.+ Kahoo Joshua a arolela bara ba Iseraele naha moo ka likarolo tsa bona.+
11 Joale lotho+ ea moloko oa bara ba Benjamine+ ka malapa a bona ea hlaha, ’me sebaka sa lotho ea bona sa tsoa pakeng tsa bara ba Juda+ le bara ba Josefa.+ 12 Moeli oa bona oa e-ba sekhutlong se ka leboea ho tloha Jordane, ’me moeli o ne o nyolohela letsoapong la Jeriko+ ka leboea ’me o nyolohela thabeng ka nģ’a bophirimela, eaba qetello ea oona e ba lefeelleng la Bethe-avene.+ 13 Moeli o ne o feta ho tloha moo ho ea Luze,+ letsoapong le ka boroa la Luze, ke ho re, Bethele;+ moeli o ne o theohela Atarothe-adare+ holim ’a thaba e ka leboea ho Bethe-horone e ka Tlaase.+ 14 Moeli oa tšoauoa eaba o potoloha ka lehlakoreng le ka bophirimela ho ea ka boroa ho tloha thabeng e shebileng Bethe-horone ho ea ka boroa; qetello ea oona ea e-ba Kiriathe-baale, ke ho re, Kiriathe-jearime,+ motse oa bara ba Juda. Lena ke lehlakore le ka bophirimela.
15 Lehlakore le ka boroa le ne le le ho tloha pheletsong ea Kiriathe-jearime, hape moeli o ne o tsoela ka nģ’a bophirimela ’me o tsoela selibeng sa metsi sa Neftooa.+ 16 Moeli o ne o theohela pheletsong ea thaba e shebileng phuleng ea bara ba Hinome,+ e leng khohlong ea Barefaime+ ho ea ka leboea, ’me o ne o theohela phuleng ea Hinome, ho ea letsoapong la Mojebuse+ ka boroa, hape o theohela Ene-rogele.+ 17 Oa tšoauoa ka nģ’a leboea hape o tsoela Ene-shemeshe ’me o tsoela Gelilothe, e leng ka pel’a moepa oa Adumime;+ o ne o theohela lejoeng+ la Bohane+ mora oa Rubene. 18 O ne o fetela letsoapong le ka leboea ka pel’a Araba ’me o theohela Araba. 19 Moeli o ne o fetela letsoapong le ka leboea la Bethe-hogla,+ ’me qetello ea oona (moeli) ea e-ba koung e ka leboea ea Leoatle la Letsoai+ pheletsong e ka boroa ea Jordane. Ona e ne e le moeli o ka boroa. 20 Jordane e ne e le moeli oa oona ka lehlakoreng le ka bochabela. Lena e ne e le lefa la bara ba Benjamine ka malapa a bona, ka meeli ea lona ho pota-pota ka hohle.
21 Metse ea moloko oa bara ba Benjamine ka malapa a bona ea e-ba Jeriko+ le Bethe-hogla le Emeke-kezize, 22 le Bethe-araba+ le Zemaraime le Bethele,+ 23 le Avime le Para le Ofra,+ 24 le Kefare-amoni le Ofni le Geba;+ metse e leshome le metso e ’meli le metsana ea eona.
25 Gibeone+ le Rama le Beerothe, 26 le Mizpe+ le Kefira+ le Moza, 27 le Rekeme le Irepiele le Tarala, 28 le Zela,+ Ha-elefe le Jebusi, ke ho re, Jerusalema,+ Gibea+ le Kiriathe; metse e leshome le metso e mene le metsana ea eona.
Lena e ne e le lefa la bara ba Benjamine ka malapa a bona.+